Lentsoe la Molimo Lea Phela
Na u ka Bona se sa Bonahaleng?
NA U kile ua ba khathatsong ea sebele? Ho bonahala eka ha ho tsela ea ho tsoa, ho se topollo e bonahalang? Ke kamoo mohlankana e mong a ileng a ikutloa mehleng ea moprofeta oa Molimo Elisha.
Ha re hetla morao nakong eo, re fumana Basyria ba loantša Baiseraele. Leha ho le joalo, ho bonohala kamehla morena oa Iseraele a tseba pele ho nako hore na Basyria ba tla hlasela le hokae. Joale morena oa Basyria o bitsa bahlanka ba hae, joalokaha u bona, ’me oa botsa: ‘Ke mang har’a rōna ea bolellang morena oa Iseraele bohato ba makhotla a rōna?’
‘Lea mong,’ ho arabela mohlanka. ‘Ke Elisha, moprofeta oa Iseraeleng. O tseba seo u se buang ka lekunutung la lelapa la hao, ’me o bolella morena oa Iseraele.’
‘Le mo fumane,’ kamoo ho laelang morena, ‘hore re ee ho mo tšoara.’ Hamorao, ho tlaleheloa morena: ‘Ke eane [motseng oa Dothane].’ Joale o rōmela lebotho le leholo moo ka mapere le makoloi a ntoa. Masole a fihla motseng bosiu ’me a o potapota.
Hoseng ka le hlahlamang mohlanka oa Elisha o tsoela ka ntle, ’me bona! hohle ho potile lebotho la Syria! Mohlankana ea tšohileng o re ho Elisha: “Jo! mong a ka, re tla etsa joang?”
“Se tšabe,” ke Elisha ea arabelang. Joale o bolella mohlanka oa hae ntho e ’ngoe e utloahalang e makatsa haholo. “Ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata.” Empa ho ka ba joalo joang?
Elisha oa rapela: “Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone.” ’Me hona hoo mahlo a hae a buleha hore a bone se sa bonahaleng ka tloaelo feela tjee. Mane leralleng ke mapere le makoloi a ntoa a potiloeng ke mollo hohle. E, Jehova a tutubolla mahlo a hae ka mohlolo hore a bone makhotla a hlōtseng a hae a leholimo!—2 Mar. 6:8-23.
Na hona ho bolela hore mangeloi a Molimo a loketse ho thusa bahlanka ba hae kajeno? E, ho joalo! A hlile a teng, le hoja re ke ke ra a bona. ’Me a tla re thusa, joalokaha a ile a sireletsa Elisha le mohlanka oa hae kotsing efe kapa efe. Na ua bona, ka mahlo a hao a kutloisiso, makhotla a Molimo a leholimo a sa bonahaleng?