Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/15 leq. 10
  • Menyaka ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Menyaka ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/15 leq. 10

Menyaka ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang

MOAPOSTOLA Pauluse o boletse motheong o reng “ho rata ha ho le teng, motho o ee a natefeloe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.”—2 Ba-Kor. 8:12.

Motheo o ka sebelisoa bakeng sa nako eo baboleli ba Bakreste ba tsebang ho neelana ka eona mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho ruta. Ba bang, ba lumelloang ke maemo a bona, ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba neela lihora tse 140 ka khoeli tšebeletsong. Ba bang ba neelana ka lihora tse 90 ’me kahoo ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba tloaelehileng. ’Me bakeng sa ba se nang hona ho neelana ka lihora tse 90 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe tšebeletsong e halalelang joalo, empa ba na le hona ho etsa ho fetang ho ka etsoang ke bahoeletsi ba bang ba ’Muso, ho ile ha etsoa tokisetso bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang, e hlokang hore motho a neele lihora tse 60 ka khoeli tšebeletsong. Hona ke ho ntlafatsoa ha tšebeletso ea bopula-maliboho ba nakoana kapa ba phomolo, ’me e ananeloa haholo, joalokaha ho ka bonoa ka hore ba bangata haholo ba kopanela ho bona ’me ba fumana mahlohonolo.

Paki e ’ngoe e joalo ea Barbados ea ngola: “Ka 1976 ho ile ha etsoa tsebiso Kopanong ea Setereke ea ‘Tšebeletso e Halalelang’ hore mosebetsi oa ho bolela o nang le tšobotsi e ncha o teng—tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ka sepheo sa khoeli sa lihora tse 60. Ka tlaloa ke thabo hobane ke ne ke ikutloa hore nka finyella sepheo sena sa tšebeletso ea ’Muso. Mahlohonolo a mangata ao ke bileng le oona ka nako ena ea lilemo tsena tse thabisang ruri a fetile mathata a mangata ao ke thulaneng le oona.” Joale o tsoela pele ho bolela kamoo a ileng a fumana thuto ea lehae ea Bibele e thabisang ho ’mè le morali. Bana ba se ba qalisitse ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso.

Ngoanana oa Paki ea kenang sekolo ea lilemo li 15 o bolela kamoo a ileng a sebelisa libeke tse peli tsa hae tsa phomolo ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang, ’me o re: “Ruri ke bona phapang, ho ntlafala moqoqong. Liphello tsa ka li bile molemo haholo, ’me ka ba le hona ho bua le batho ba bangata haholo matlong.”

Paki e ’ngoe e-ea ngola: “Ke rata ho le hlalosetsa kananelo ea ka bakeng sa tokisetso ea bopula-maliboho bo thusang. Ke le mosali oa lelapa le ’mè, ke bile le hona ho thabela bopula-maliboho bo thusang ’me e bile ho hahang moeeng ho ’na le lelapa la ka.”

Joale ho na le pula-maliboho ea thusang ea lilemo li 81 oa Virginia. Ka likhoeli tse robeli tsa tšebeletso ena o tsebile ho tsamaisa limakasine tse fetang 4 200. Ka baka la ho hōla, baokameli ba mabenkele ba mo lumella ho lula setulong ka mabenkeleng a bona a fana ka limakasine.

Moena oa California o bolela ka ho lokisa mosebetsi oa hae oa boipheliso e le hore a ka qeta khoeli e le pula-maliboho ea thusang, ’me o re: “Nka ngola buka ka liphihlelo tse ngata tseo ke bileng le tsona: lihora tse 60 ka khoeli, limakasine tse 130, libuka tse 6, maeto a ho boela a 6, le thuto e le ’ngoe e ncha ea Bibele. Thoriso eohle e leba ho Ntate oa ka oa leholimo ka ho ’nea, ’na monna ea lilemo li 65, hore ke sebetse lihora tse 40 ka beke ’me ke etse lihora tse 60 ka khoeli tsa tšebeletso!”

Mora ea lilemo li robeli oa khaitseli ea sebeletsang e le pula-maliboho a fihlela qeto ea hore o batla ho finyella litlhokahalo tsa bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe. A neela lihora tse 61, a tsamaisa libuka tse 3, libukana tse 7 le limakasine tse 140, a fumana lipeeletso tse peli ’me a qalisa thuto ea lehae ea Bibele. Phuthehong e ’ngoe bahoeletsi ba banyenyane ba ’Muso ba so kolobetsoe ba khothalletsoa ho finyella sepheo sa lihora tsa bopula-maliboho bo thusang. Ba leshome le motso o le mong ba lumela ’me, ho bana, ba bahlano ba finyella pakane ea lihora tse 60, a le mong a haelloa ke lihora tse ’nè, ’me ba bang ba feta tšebetso eohle ea bona ea selemo se fetileng. Ba bacha ba bararo ba ikopanya le bona tšebeletsong e halalelang ’me ba tsoela pele ka tšebeletso eo. Sehlopha kaofela sa ba 14 sa tsamaisa libuka tse 121 le limakasine tse 264 ’me ba arolelana ka kakaretso lihora tse 41 ka mong ha ba bua ka ’muso oa Molimo le ba bang.

Pula-maliboho e mong ea thusang a ngola: “Hona joale ke sebetsa ho tloha ka 11 bosiu ho fihlela ka 7 hoseng. Hona ho bolela hore ke lokolohile letšehare lohle, ntle ho ho robala. Kahoo ka etsa qeto ea ho bula maliboho ke thusa ka makhetlo a seng makae. Ho finyella lihora tsa bopulamaliboho bo thusang kamor’a ho sebetsa ka lihora tse robeli ha ho bonolo, empa le teng ha ho boima hakaalo, ha feela motho a ithaopela ho itela. Bopula-maliboho bo thusang bo nkentse hore ke be le lerato le leholoanyane pelong ea ka bakeng sa moloko oa motho o shoang. Ke ithutile ho qoqa haholoanyane le ho tenyetseha le maemo ha ke bua le batho. Ke lumela hore lehlohonolo le leng leo ke le chesehelang haholo ke hore likhoeling tse supileng tseo ke sebelitseng ke le pula-maliboho ea thusang, Jehova o ntlhohonolofalitse ka lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 12.”

Ha ho potso, thabo e ngata ea ba lokisang litaba tsa bona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Haeba ha u tšebeletsong ea nako e tletseng—le hoja ba ’maloa ho ba sebeletsang mahaeng a Bethele ba bula-maliboho ka ho thusa nako le nako—na u ka thabela tokelo ena? Hopola, “ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.”—2 Ba-Kor. 9:6.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela