Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/15 maq. 19-23
  • Iketsetse Botumo bo Botle ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iketsetse Botumo bo Botle ho Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA LLANG BA FUMANA MOLEMO
  • POLELO E MAKATSANG KA HO FETISISA
  • NTHO E ’NGOE E NCHA
  • Karolo ea 1: Lithuto Tseo Bakreste ba li Lumelang
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Lebitso le Leholo ho ’Ohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Na u Tsamaea ka Lebitso la Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/15 maq. 19-23

Iketsetse Botumo bo Botle ho Molimo

“Botumo bo botle bo molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa.”—Moek. 7:1.

1. Mong le mong o iketsetsa eng, ’me ka linako tse ling ba e nea le ba bang?

E MONG le e mong o eketsa seo a se etsang, le eena ea sa etseng letho. Monna o etsa thepa e ntle ea ntlo, ’me, ho eketsa moo, o iketsetsa botumo e le sebetli se setle. Mosali o pheha lijo tse hlabosang, ’me kahoo o iketsetsa botumo e le seapehi. Motho oa boraro ha a etse letho, ’me o iketsetsa botumo ba sekhoba. E mong le e mong o iketsetsa botumo. ’Me ka nako e ’ngoe re nea ba bang botumo. Saule le metsoalle ea hae ka ketselletso ea bona ba tumisa Davida hampe. Davida ka lipesaleme tsa hae a tumisa Molimo hantle. Jehova a nolofaletsa Davida ho iketsetsa botumo bo botle. Ba bang ba ipolelang hore ba emela Molimo ba mo tumisa hampe ka mashano a bona a bolumeli le liketso tsa boitšoaro bo bobe. Barapeli ba ’nete ka lipolelo tsa bona le liketso tsa bona ba tumisa Molimo hantle, ’me ka ho etsa joalo ba iketsetsa botumo bo botle e le bona ho Jehova Molimo.—Pes. 64:1-6; 1 Likron. 17:8; Ezek. 36:20-23.

2. Ke polelo efe e bonahalang eka ea makatsa e boleloang ho Moeklesia, ’me e lateloa ke keletso efe?

2 Ho na le temana ea Bibele ea buka ea Moeklesia e ka ’nang ea bonahala e makatsa haholo ho babali ba bang: “Botumo bo botle bo molemo ho e-na le oli a nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa.” Hona ho ka etsahala joang? Lefu le ka ba molemo ho feta bophelo joang? Ha u ne u ikhethela, na u ne u ke ke ua ikhethela hore ebe u qala bophelo ba hao ho e-na le ho fihla pheletsong ea bona? Ha re baleng temana ena ha pe, hammoho le litemana tse e latelang:

“Botumo bo botle bo molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa. Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, ’me motho ea phelang o nahana teng. Masoabi a molemo ho litšeho; hobane leha motho a sosobane sefahleho, pelo ea hae e ka ’na ea e-ba tšoeu. Pelo ea ba hlalefileng e rata ho ba teng ka tlung ea bofifi, athe pelo ea maoatla e rata ka tlung ea thabo. Ho molemo hore motho a mamele khalemelo ea ea hlalefileng, ho e-na le hore a mamele pina ea maoatla; hobane joale ka ho qhoma ha meutloa e besoang tlas’a pitsa, ho joalo le litšeho tsa maoatla. Hoo le hona ke lefeela.”—Moek. 7:1-6.

3. (a) Ke tloaelo efe ea Iseraeleng ea boholo-holo eo ho buisanoang ka eona mona, ’me monahano o tšelisang haholo ka nako e joalo ke ofe? (b) Re tseba joang hore botumo bo boleloang mona ke bo botle?

3 Na hona ho hlakisa polelo e makatsang ea hore letsatsi la lefu la hao le molemo ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa ha hao? Ho joalo haeba u tseba nako le setšeetso sa mantsoe ao. A amana le tloaelo ea Iseraeleng oa boholo-holo. Ha lelapa le ne le lahleheloa ke moratuoa lefung, ntlo ea bona e ne e fetoha sebaka sa bofifi. E ne e le tloaelo ea metsoalle le bao ho ahiloeng le bona ho tla tla fana ka matšeliso. Mohopolo o tšelisang ka ho fetisisa e ne e le hore letsatsi la ho shoa la moratuoa enoa le tla ba molemo ho feta leo a tsoetsoeng ka lona—haeba a iketselitse botumo bo botle ho Molimo. Ke ’nete hore ka Seheberu sa pele, temana ea pele ea serapa sena e re feela “botumo” e seng “botumo bo botle.”a Leha ho le joalo, ho ka utloisisoa hore botumo ke bo botle. Taba e joalo ke Liproverbia 22:1: “Botumo bo fetisa maruo a maholo.” Liphetolelo tse ling li eketsa lentsoe le hlalosang “bo botle” ho bontša hore na ke botumo ba mofuta ofe bo boleloang.b Ka ho hlokahalang, botumo ke bo botle, ho maele le ho Moeklesia 7:1; ho seng joalo, ha ho le e ’ngoe lipolelong tsena e neng e tla ba molemo?

4. Re ka ba le eng lefung eo re se na eona mohlomong tsoalong, hona hobane’ng?

4 Hore na re phela joang, ke tsela eo re iketsetsang botumo ka eona—botumo bo botle kapa bo bobe. Ha re etsa ka bohlale mahlong a Molimo, re iketsetsa botumo bo botle ho Molimo. Empa ho nka nako. Mohla re tsoetsoeng ha rea phela halelele ho lekana ho iketsetsa botumo ba mofuta ofe kapa ofe ho hang. Ho feta moo, re tsoalloa tlas’a sebe sa Adama le thohako ea lefu. (Ba-Roma 5:12) Kahoo, haeba lilemo hamorao, mohla re shoang, re iketselitse botumo bo botle ho Molimo, re na le ntho e ’ngoe eo re neng re se na eona mohla re hlahang. Re na le botumo boo Molimo o tla re hopola ka bona ha o tsosetsa bafu bophelong tlas’a ’muso oa Kreste. “Ho hopoloa ha mofu ea lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.”—Liprov. 10:7.

BA LLANG BA FUMANA MOLEMO

5. Ea llang a ka nahana ka eng ha a lutse tlung ea bofifi?

5 Empa ha Moiseraele oa boholo-holo a ne a ea tlung ea bofifi ho ea tšelisa ba lahlehetsoeng, le eena o na a fumana molemo. Nahanisa sena ha re bala litemana tse ling hape. “Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, ’me motho ea phelang o nahana teng.” (Moek. 7:2) Hase feela hore o bontša kutloelo bohloko e mosa bakeng sa ba setseng, ho e-na le hore ka boithati a phehelle menyaka ea hae, empa hape o nahanisisa ka ’nete ea hore ntlong ena ho na le motho ea shoeleng, hore ke ntho e tloaelehileng, hore lefu le tlela motho e mong le e mong, le hore le eena le tla mo tlela. Ha le fela le tla, na letsatsi leo la lefu la hae le tla ba molemo ho letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona? Na o tla be a entse ka bohlale bophelong ba hae, e le hore mohla lefu la hae o tla be a iketselitse botumo bo botle ho Molimo? Ba phelang ba ho behe pelong, ha nako ea ho fetoha e sa le teng, hobane botumo bo botle bo ke ke ba etsoa ka metsotso e seng mekae pakong ea liphateng tsa lefu.

6. Ke hobane’ng ha ntlheng ena, masoabi a le molemo ho litšeho?

6 Tlaleho e tsoela pele, e re: “Masoabi a molemo ho litšeho; hobane leha motho a sosobane sefahleho, pelo ea hae e ka ’na ea e-ba tšoeu.” (Moek. 7:3) Ho e-na le ho senya nako menyakeng e se nang boikarabelo, ho molemo ho hlahloba bophelo ba hao, u tobane le liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng ’me u soabisoe ke liphoso tseo u li entseng. Ho tla ntlafatsa pelo ea hao le ho u susumelletsa ho fetola litsela tsa hao ’me u qale ho etsa ka bohlale, ho e-na le ho tšeha u qaboha tseleng ea haa ho theosa le bophelo joaloka leoatla le se nang kelello. “Pelo ea ba hlalefileng e rata ho ba teng ka tlung ea bofifi, athe pelo ea maoatla e rata ka tlung ea thabo.”—Moek. 7:4.

7. (a) Hona ho ka bea ea llang kelellong efe? (b) Ke hobane’ng ha litšeho tsa maoatla li tšoantšoa le molumo oa meutloa tlas’a pitsa?

7 Ho feta moo, “ho molemo hore motho a mamele khalemelo ea ea hlalefileng, ho e-na le hore a mamele pina ea maoatla.” (Moek. 7:5) Ho amana le lefu, joaloka lepatong, ke ntho e tšelang kelello ’me e lokela ho etsa motho hore a nahane hore na o nkile tsela efe bophelong. Hape ho ka mo bea kelellong ea hore a mamele keletso ea ba bohlale. Nyatso, leha e fanoa ka mosa, e mamelleha ka thata, empa e molemo ho feta ho mamela pina kapa “thothokiso ea maoatla.” (The New English Bible) Ho mamela le ho ela hloko likhalemelo tse bohlale tse fumanoang ka Bibeleng ho tla re nolofalletsa ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo. Ho senya nako ea rōna re mametse lipolelo tse se nang ’nete ke lefeela: “Hobane joale ka ho qhoma ha meutloa e besoang tlas’a pitsa, ho joalo le litšeho tsa maoatla. Hoo le hona ke lefeela.” (Moek. 7:6) Ho besa ka meutloa pitsa e belang ha ho finyelle letho. Lelakabe le tla tlōla le qhoma ka lerata, empa le phakise le time ha meutloa e fetoha molora. Meutloa ha e na matla a lekaneng hore mollo o tšoarelle ho fihlela nama e butsoa. Lerata la teng le itšoanela le litšeho tsa leoatla ka ho hloka thuso. Leha e le hona ho finyella ntho leha e le efe ea molemo o tšoarellang.

POLELO E MAKATSANG KA HO FETISISA

8. Ka kutloisiso e tebileng haholoanyane, joale re lemoha thuto efe?

8 Joale, ka kutloisiso ena e tebileng haholoanyane, re khutlela polelong ea hore ‘letsatsi la ho shoa le molemo ho letsatsi la ho tsoaloa.’ Rea bona hore ha e sa le e makatsang empa ke thuto e matla ea hore na re ka phela bophelo ba rōna joang e le hore re ka iketsetsa botumo bo botle ho Molimo. Joale letsatsi la ho shoa ha rōna le ka ba molemo ho la ho tsoaloa ha rōna. Ho joalo haeba, letsatsi la ho shoa ha rōna le tla ke le tle. ‘Ke eng eona eo?’ ba bang ba ka tsota. ‘Haeba letsatsi la ho shoa ha rōna le tla ke le tle? Le bolela hore ho ka ’na ha etsahala hore le se tle? Eo joale ke polelo e bileng e makatsang ka ho fetisisa ho feta ea hore lefu le molemo ho feta tsoalo!’

9. Mahlo a hao a bona maemo afe, ’me a hlile a lokela ho bona eng ka sebele?

9 Hape, ke taba ea kutloisiso ea hore na re phela linakong life. Na u na le mahlo a bonang, a hlileng a bonang? Ruri ua bona hore mehla e thata e bile e sita hore na ho sebetsanoa le eona joang, hoo batho ba bangata e leng baikhabi le baikhohomosi, hoo manyalo a oang ’me malapa a qhalanang, hoo ho qhekella le ho thetsa le tlōlo ea molao le toantšano li leng hohle, leha ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ipakang e le baikaketsi. Empa na mahlo a hao a bona hore na lintho tsee li bolela eng? Timothea oa Bobeli 3:1-5, 13 e re bolella hore na li bolelang eng:

“Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle. Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tsenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.”

10. Litsebe tsa hao li utloa eng, ’me li lemoha eng ho ea pele?

10 Na u na le litsebe tse utloang, tse hlileng li utloang? Ruri u utloile ka lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, le mafu a seoa a tlakileng lefatše ho tloha ka 1914. U tseba ka boitšoaro bo oeleng bo hlasetseng lefatše kaofela. ’Me u utloile ka ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’muso oa Kreste lefatšeng lohle ho etsoang ke Lipaki tsa Jehova, le ka leqhubu la mahloriso le ba pupelitseng ka baka la ho bolela ’muso ona oa lilemo tse sekete hore o haufi. Empa na litsebe tsa hao li utloa bohlokoa ba lintho tsee? Na li u hlakisetsa ’nete ea hore lintho tsee li hlile tsa boleloa ke Jesu e le pontšo ea bofelo, ha a ne a kōpuoa ke barutuoa ba hae, “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše.”—Matt. 24:3.

11. Basomi ba re’ng, ’me kahoo ba fana ka eng?

11 Na pelo ea hao e utloa sena sohle hore na se bolela eng, kapa na e na le khoo e e thatafalitseng e u etsang hore u re, “Lintho tsena tsohle li ’nile tsa etsahala le pele”? Ba somang ba fana ka karolo e ’ngoe ea pontšo ea hore re “mehleng ea qetello.” Boteng ba bona bo hlile ba boleloa ho 2 Petrose 3:3, 4: “Le ntse le tseba haholo-holo hobane, mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”

NTHO E ’NGOE E NCHA

12. Ke eng e ncha hona joale historing ea lefatše?

12 Leha ho le joalo, ruri pelo ea hao e falimehetse ’nete ea hore ha u nahana ka tšilafatso e etsoang lefatšeng lohle ea naletsana ea rōna rea hlokomela hore ‘tsohle HA LI sa le joale ka qalehong ea ha ho hloloa.’ Ha ho mohla batho ba ileng ba e-ba le matla a ho senya lefatše hore e se be sebaka seo ho ka luloang ho sona. Ba na le matla ao hona joale ’me hona joale ba a sebelisetsa ho etsa ntho eona eo! Banna ba bahlalefi ba neile batho ba mesebetsi e meholo ea khoebo tšebetso eo e neng e tla ba lehlohonolo ho setho ka kakaretso, empa lehlohonolo leo le fetohile thohako, kaha le silafatsa lefatše, ’me mafu a bolaeang a ikonka lefatšeng. Moea o phefumolohuoang o chefu, mobu o lemang lijo tsa rōna o kotsi, linōka tse ngata le matša tseo re fumanang metsi ao re a noang ho tsona lia shoa, ’me maoatle a fetoha moo ho qhalloang lithōle tsa machaba!

13. Ke tšobotsi efe ea pontšo eo basomi ba sitoang hore ka eona, ‘Ho ’nile ha etsahala le pele’?

13 Na pelo ea hao e hlokomela hore matla a lefatše a ho boloka bophelo a kotsing, hore hona ha ho mohla ho kileng ha etsahala, le hore basomi ba ke ke ba lahla hona ba re ke histori e iphetang? Ba ka ’na ba rata hore ho be joalo, hobane ho senngoa hona ha lefatše ho hlile ha boleloa le hona e le karolo ea pontšo ea ‘mehla ea qetello.’ Buka ea Bibele ea Tšenolo e hlile ea senola sena hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse makholo a 19, khaolong ea 11, temana ea 18: “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile, le nako ea ho ahlola bafu, le ea ho ntša moputso oa bahlanka ba hao . . . oa ba tšabang lebitso la hao, . . . le ea ho senya ba senyang lefatše.”

14. Ke hobane’ng ha ba bangata mehleng ea Jesu, ’me hona joale ba bangata mehleng ea rōna, ba sitoa ho hlokomela temoso?

14 Haeba mahlo a hao a hlile a bona kannete, ’me litsebe tsa hao li hlile li utloa, ’me pelo ea hao e sa thatafala, u tla utloisisa hore re phela “mehleng ea qetello” le hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho boa atamela. Empa batho ba bangata ha ba utloisise sena, joalokaha bongata ba mehleng ea Jesu bo sa ka ba utloisisa molaetsa oa hae o lemosang. Seo a se buileng ho bona ka nako eo, a qotsa boprofeteng ba Esaia, se sebetsa ho batho kajeno:

“Leha ba bona, ha ba bone; leha ba utloa, ha ba utloe, ’me ha ba utloisise. Ho phethahala ho bona ho profetiloeng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utloa, empa le ke ke la utloisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontšisa. Hobane pelo ea sechaba sena e nonne; litsebe tsa bona li utloa ka thata, ’me ba pompalitse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utloa ka litsebe, ba se ke ba utloisisa ka lipelo, ba se ke ba sokoloha, ’me ke se ke ka ba folisa.”—Matt. 13:13-15.

15. Ke bafe ba ka thabang joale, hona ho talimiloe tšepo efe?

15 Temaneng e latelang Jesu o phaella mantsoe ana bakeng sa balateli ba hae: “Empa mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa.” Bao kajeno ba nang le mahlo le litsebe le lipelo tse bonang, li utloang le ho utloisisa hore re phela “mehleng ea qetello” ba lehlohonolo ruri. “Ha tseo li qala ho hlaha,” ba bolelloa hore, “emisang lihloho, ’me le lelale holimo hobane topollo ea lōna e haufi.” (Luka 21:28) Ba bang ba phelang “mehleng ea qetello” ba ke ke ba talimana le letsatsi la bona la ho shoa. Jesu o bapisitse mehla ena le mehla ea Noe. Joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba bolokoa moroallong o ileng oa timetsa lefatše le khopo, kahoo kajeno ba etsang ka bohlale ’me ba iketsetsa botumo bo botle ho Molimo ba ke ke ba bona ho shoa ha Jehova Molimo a timetsa tsamaiso ena e khopo ea lintho ntoeng ea hae ea Harmagedone. Kahoo hase ho bolela ntho e ke keng ea etsahala hore ba bang ba ke ke ba bona letsatsi la bona la ho shoa. Ho e-na le hoo, ke ho bolela tšepo e tsoang ho Molimo.

16, 17. Batho ba monyebe ho talimana le eng, ’me ke eng e potlakileng ho rōna hona joale?

16 Iseraeleng ea boholo-holo, motho o ne a ka ’na a nahana hore bophelong bohle ba hae ba tlhaho o na le hona ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo. Motho a itebatsa ’nete ea hore a ka ’na a shoa hosesane. Ba bang o tseba hore ba tla shoa, empa e seng eena. Ba bang ba banyenyane ho eena ba tla shoa, empa e seng eena. Ka mehla o bona a sa saletsoe ke lilengoana tse seng kae a phela. Ho nahana ka tsela ee ke phoso ea botho, e kotsi le hona. Ho ne ho ka ba joalo le ka motho mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, empa ke phoso e kotsi haholo bakeng sa rōna kajeno. Ha re phele mehleng e tšoanelehang, ea ha re ka lebella ho phela nako e tšoanelehang ea lilemo tse mashome a supileng kapa a robeli. Re “mehleng ea qetello.” Bofelo ba tsamaiso ea lintho bo ntse bo atamela. Ho potlakile hore re ele hloko mantsoe a Ba-Efese 5:15-17: “Ha ho le joalo, iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe. Ka baka leo, le se ke la etsa ka booatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena.”

17 Ke nako hona joale, ha u sa phela, pele ho letsatsi la hao la ho shoa, hore u iketsetse botumo bo botle ho Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona New World Translation of the Holy Scriptures.

b Authorized Version, American Standard Version, The New English Bible, jj.; bona hape le botlaase ba leqephe ho New World Translation.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Letsatsi la ho shoa le molemo ho letsatsi la ho tsoaloa—ho joalo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Letsatsi la ho shoa le ka ba molemo ho feta see joang?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela