Bakeng sa Tsebo ea Bohlokoa ea Bibele
Buka e litšoantšo li ntle Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e fana ka tsebo e joalo ka tsela e thabisang haholo le e utloisisoang habonolo. Ho se ho hatisitsoe tse fetang limillione tse 15 hoba e lokolloe ka 1978. Lengolo le latelang le eang ofising ea lekala ea Ghana (Afrika) ea Watch Tower Society le bontša kamoo e hlokoang kateng:
“Baratuoa ho Kreste,
“KOPO EA HO REKA ‘BUKA EA KA EA LIPALE TSA BIBELE’
“Ke balile ka khotsofalo e khōlō buka e bitsoang ‘Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,’ ke e kalimile ho motsoalle oa ka.
“Ke lumela kahohle hore ha ke e-na le buka ena e babatsehang e le ea ka, nke ke ka tseba feela ho fetisa Lentsoe la Molimo ho bana ba ka habonolo empa hape le bana ba ka ba ntlo ea Molimo, bakeng sa tsebo ea bona ea sehlooho ho Kreste.
“Nka thaba haholo ha le ka nthomella eona ke tla e lefella, ’me le ntsebise hore na e lefelloa bokae, kapa le ka ntaela sebaka seo nka e rekang ho sona. Nka be ke romella chelete ka ho toba ka poso, joale ka bomalimabe ha ke tsebe theko.
“Ke lumela hore nka tšepa thuso ea lōna tabeng ena e potlakileng. Ke e-na le tšepo ea karabo ea lōna ka nako ea teng.
Oa lōna ho Kreste,
E. O. A——.”
Ho fumana Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, tlatsa feela leqetšoana lena.
Ka kōpo nthomelleng buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256 Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le bukana ea mahala Ho na le ho Eketsehileng Bophelong! ke kentse R2,50.