Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/1 maq. 3-4
  • Ke Mang ea ka Khotsofalang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea ka Khotsofalang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u ka Khotsofalla Seo u Nang le Sona Bophelong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Khotsofatsoa ke ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Tšabela Lebitsong la Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/1 maq. 3-4

Ke Mang ea ka Khotsofalang?

BATHO ba bangata ba lumela hore ho nyoreloa ha bona khotsofalo ho ne ho tla fella ka thabo hoja feela ba ne ba ka fallela sehleke-hlekeng se seng se hole le se sireletsehileng sa linaha tse futhumetseng. Ruri, moo ba ne ba tla thabela bophelo bo khutsitseng ba ikanehile letsatsing, ba hafa ka nkatana ’me ho se letho le ba tšoenyang lefatšeng.

Bukeng e reng Rascals in Paradise, James A. Michener le A. Grove Day ba bua ka “pale ea tšōmong ea se sa tsoa etsahala paleng ea Pacific.” Moko oa taba ke hore, nakong ea bo-1930, motho e mong oa Australia a fihlela qeto ea hore ho bonahala ntoa e khōlō sebakeng. A leka ho qoba ho kenella ketsahalong ea koluoa e joalo, a ipatlela sebaka sa ho itšireletsa.

Re bolelloa hore, “qetellong, ka tšebetso e bohlale haholo, a fihlela qeto ea hore setšabelo feela sa hae se sireletsehileng bohlanyeng ba lefatše se sehleke-hlekeng se seng se linaheng tse mofuthu. . . . a ithuta Pacific ’me a qobella boikhethelo ba hae lihleke-hlekeng tse neng li bonahala li le molemo haholo: ho lulella thokoana, ho sireletseha, bophelo bo monate . . . ho ea qetellong ea lehlabula la 1939, beke pele Jeremane e futuhela Poland, Moaustralia enoa ea bohlale a balehela qhobosheaneng ena e hlileng e sireletsehileng ea Pacific e ka Boroa. A ea sehlekehlekeng se sa tsebisahaleng ho hang sa Guadalcanal.” Empa na o ile a sireletseha le ho khotsofala ha a le moo?

Jo, ho motšabeli eo, le sona sehleke-hleke se thoko haholo sa Guadalcanal sa bona ntoa e mahlo-a-mafubelu lilemong tsa 1942 le 1943! Ho bile joalo, karolong e khōlō ea Ntoa ea II ea Lefatše e ne e se paradeise ea letho ha e se feela ho hloka boikarabelo.

Hona ho etsahetse kaofela mashome-shome a lilemo khale. Kajeno teng ho joang? Motho ea hlokomelang ea sa eeng ka leeme o bona eng?

Litraeke, mekoloko ea boipelaetso, bana ba balehang malapeng, ho oa ha manane likolong, tšebeliso e sa lumelloeng ke molao ea lithethefatsi, malapa a qhalaneng le litlhalano—tsena tsohle li fetohile tloaelo. Hobane’ng? Tšobotsi e tloaelehileng ho a mangata a mathata ana ke efe? Ho se khotsofale!

Hape nahana ka tšoso e etsetsoang khotso kajeno. Nahana ka monyetla oa koluoa e ka ’nang ea etsahala ea libetsa tse chefu. Ke mang ea ka khotsofalang har’a maemo a joalo?

Kajeno, joaloka Ntoeng ea II ea Lefatše, ha ho sehleke-hleke se hole le se sireletsehileng linaheng tse mofuthu seo ho ka baleheloang ho sona. Ka maeto a moeeng, mokhoa o pharaletseng oa puisano—e, le ho silafatsoa ha sebaka sa sepaka-paka—ha ho lea mong ho rōna ea ka fumanang sebaka seo joale ho ka thoeng se sireletsehile le ho khutsa ka ho feletseng. Empa na hona ho bolela hore batho bohle ba banna, basali le batho ba bacha ba ahloletsoe ho phela ntle ho thabo ’me ba sa khotsofala? Che, ha ho joalo. ’Me hona re tla ho bona ha re nahana ka potso ena e hatellang, Na u ka khotsofalla seo u nang le sona bophelong?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela