Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 12/15 maq. 27-30
  • Obadia o Fana ka Temoso le Matšeliso Tse Tsoang ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Obadia o Fana ka Temoso le Matšeliso Tse Tsoang ho Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO KOKOBETSOA EDOMO E IPHAHAMISANG
  • ‘HO BATLISISOA’
  • HA HO THUSO BAKENG SA EDOMO
  • LEBAKA
  • ‘LETSATSI LA JEHOVA LE HAUFI’
  • EDOMO E FETOHA “MATLAKALA”
  • “’MUSO E TLA BA OA JEHOVA”
  • Buka ea Bibele ea 31—Obadia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jehova o Tšollela Khalefo Holim’a Lichaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Kakaretso ea Obadia
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Litemoso tsa Molimo tse U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 12/15 maq. 27-30

Obadia o Fana ka Temoso le Matšeliso Tse Tsoang ho Molimo

“TŠENOLO ea Obadia.” Ke tsela eo ka eona ho qalehang buka e khutšoanyane ho tsohle ea Mangolo a Seheberu a bululetsoeng ka eona. E na le temoso ea tlokotsi bakeng sa naha le batho ba Edomo (ho elella ka boroa bo ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng) le molaetsa oa matšeliso bakeng sa bahlanka ba Molimo. Mantsoe a eona a qalang a akarelletsa a latelang:

“Morena Jehova o bolela tsena holim’a Edomo, o re: Re utloile taba e tsoang ho Jehova, ’me lenqosa le romiloe har’a lichaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!—Obadia 1.

Lebitso “Obadia” le bolela “mohlanka oa Jah [Jehova]”; ’me ke phetho seo re se tsebang ka mongoli oa buka ena ea boprofeta. Leha ho le joalo, buka ea Obadia ruri e molemo bakeng sa barapeli ba Molimo kajeno. Litšebelisano tsa Jehova le Edomo, joalokaha li bontšoa ke Obadia, li fana ka mohlala o lemosang oa kamoo ’Mōpi ka tsatsi le leng a tla tlosa lefatšeng bohle ba hloileng Molimo le batho ba oona. Ka lehlakoreng le leng, Obadia o hlasimolla barapeli ba Molimo e seng feela ka litšepiso tsa bolokolohi khatellong empa le ka nala e se nang ho fela.

Ka ho loketseng, molaetsa oa Obadia o bitsoa “tšenolo.” (Obadia 1) Hangata Mangolo a bua ka baprofeta e le ‘liboni.’ (1 Sam. 9:9, 2 Sam. 15:27; 1 Likron. 9:22) Le haeba ho se letho le bonahalang le neng le bonoa ke moprofeta, puisano ea boprofeta hangata e ne e bitsoa lipono.—Dan. 9:24; Nah. 1:1.

HO KOKOBETSOA EDOMO E IPHAHAMISANG

Ho ea ka Obadia, Molimo o ne o tla tsosa lichaba ho loana ntoa e timetsang khahlanong le Baedomo. Kaha tlaleho ea Obadia ka sena e ne e simoloha ho “Morena ’Musi ea phahameng Jehova,” ho phethahala ha eona e ne e le ho tiileng.

Baedomo ba ne ba ka ’na ba sekamela ho someng boprofeta bo joalo ba tlokotsi sechabeng sa habo eona. Sebaka sa Edomo se ne se le lithaba. Ba neng ba hahile pele sebakeng seo ba ne ba bitsoa “ba-Hore,” ho bolelang baahi ba mahaheng. (Gen. 14:6; Deut. 2:12, 22) Ho ba ha bona sebakeng se holimo lithabeng se fihleloang ka thata se ne se etsa hore Baedomo ba ikutloe ba sireletsehile tlhaselong ea sera.

Ka baka la sena, Molimo oa bolela ka Obadia: “Bona, ke u entse e monyenyane har’a lichaba, u nyelisoa haholo-holo. Boikhohomoso ba pelo ea hao bo u thetsitse, uena ea ahileng mafarung a mafika, tlung ea hao e phahameng, u reng ka pelong ea hao: Ke mang ea tla ntihela fatše? Leha u ka haha ntlo ea hao phahameng, joale ka ntsu, leha u ka e bea har’a linaleli, le teng ke tla u lihela: ho bolela Jehova.”—Obad. 2-4.

Baedomo ba ikhohomosang ba ne ba tla ‘etsoa ba banyenyane’ ka palo le boemo. Molimo o ne o tla ba senya ho sa tsotellehe hore na ba phahame hakae moo ba ahileng teng, kapa hore na libaka tsena li thōko hakae.

‘HO BATLISISOA’

Ho latelang Jehova o supa kamoo lira tsa Edomo li neng li tla e senya ka ho phethahetseng kateng: “Hoja ke masholu a keneng ha hao, hoja ke linokoane, ha ke re, ba ka be ba utsoitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be a siile likhoahlapiso?”—Obad. 5.

Ka tloaelo masholu a ‘utsoa feela ho ba lekaneng,’ ho e-na le ho hlobolisa ntlo sohle. Ka ho tšoanang, ba kotulang merara ka mehla ba ka sia merara e meng. Empa lintho li ne li tla ba kahosele ho Edomo.

Obadia oa hlalosa: “Athe Esau o batlisisoa hakakang! ho pheheletsoe hakakang matlotlo a hae a patiloeng!” (Obad. 6) Lira tsa Baedomo li ne li tla khukhunela le hona ka mahaheng le mafarung a patiloeng. Ha ho matlotlo a patiloeng ao ba neng ba tla a sia.

HA HO THUSO BAKENG SA EDOMO

Ha lichaba tsa lira li qala ho itokisetsa ntoa khahlanong le Edomo, ka tlhaho sechaba seo se ne se tla batla thuso ho batho bao ho bonahalang e le metsoalle e haufi. Leha ha ho le joalo, ha Baedomo ba rōmela lititimi ho tsona e batla thuso le tšireletso ho makhotla a futuhileng, lititimi li ne li tla rōmeloa ho ea fihla ‘meeling’ ea lichaba tseo e batlang thuso ho tsona. Li ne li tla ntšetsoa kantle ho se tšepiso ea thuso. Tšoaro e joalo e ne e ka lebelloa ke Baedomo ba ka mose ho meeli ea linaha tse mathōkong a eona ho aleha lefu. Ba ne ba tla haneloa ho kena kapa ba lelekoe. (Obad. 7) Le hona har’a Baedomo ha ho ea neng a tla ba bohlale ka ho lekaneng kapa ba be matla ho leleka koluoa.—Obad. 8, 9.

LEBAKA

Lebaka la koluoa e joalo bakeng sa Edomo le fanoa ka mantsoe ana: “Ka baka la bolotsana boo u bo entseng ho ngoan’eno Jakobo, u tla apesoa ka lihlong, u timeletsoe ruri, ho isa ka ho sa eeng kae. Tsatsing lela leo u nong o eme pel’a hae, tsatsing lela leo lira li neng li ea le maruo a hae, ’me ba-lichaba ba kena ka likhoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka litaola, le uena u no u le joale ka e mong oa bona.”—Obad. 10, 11.

Baiseraele ba tsoile ho Jakobo ’me Baedomo ho Esau ngoan’abo oa lefahla. Kaha Jakobo o ile a iphumanela tokelo ea boholoane ho ngoan’abo Esau, Esau a hōlisa lehloeo la ho bolaea Jakobo. (Gen. 25:27-34; 27:30-45) Paleng eohle ea bona Baedomo ba ’nile ba bontša lehloeo le joalo ho Iseraele. (Num. 20:14-21; 2 Mar. 8:20-22; 2 Likron. 21:8-10; 28:16-20; Pes. 83:4-8) Lekholong la borobong la lilemo B.C.E., ka moprofeta Amose, Jehova a ahlola Edomo “kahobane o phalletse ngoan’abo ka lerumo, o pupelitse mohau oa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, ’me o boloka khalefo ea hae ka mehla.”—Amose 1:11.

Lilemo tse fetang makholo a mabeli hamorao pontšo e bohale ka ho khethehileng ea lehloeo le joalo ea etsahala ha Bababylona tlas’a Morena Nebukadnezare ba timetsa Jerusalema le tempele ea eona. Ha a hetla ketsahalong ena, mopesaleme ea bululetsoeng a ngola: “Jehova, u elelloe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ea hae!”—Pes. 137:7.

Ka Obadia, Molimo oa ahlola Edomo ka baka la moea o mobe joalo, o re: “Se khahloe ke letsatsi la ngoan’eno, ke letsatsi la tsietsi ea hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; . . . U se ke ua ema makopanong a litsela ho timetsa batho ba sona ba balehang, u se ke ua neela lira ba phonyohileng ba sona ka letsatsi la tsietsi.” (Obad. 12-14) Bolotsana ba Edomo ho Iseraele bo bile ba fihla ntlheng ea ho lelekisa batho ba balehisang bophelo ba bona le ho ba neela ho sera. Empa ka ho etsa joalo Baedomo ba bontsa ho hloka tsebo ka ntlha ea bohlokoa. Joang?

‘LETSATSI LA JEHOVA LE HAUFI’

Jehova a tsoela pele a re: ‘Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola lichaba tsohle le haufi. Seo u se entseng u tla se etsoa le uena, ketso tsa hao li tla boela holim’a hloho ea hao. Hobane joale ka ha le noele thabeng ea ka e khethehileng, lichaba tsohle li tla ’ne li noe, li inoelle, li koenye, li be li be joale ka hoja li sa ka tsa e-ba teng.’—Obad. 15, 16.

Edomo ea kopanela le lira tsa batho ba Molimo ho ketekeng ka lino le ka meharo ho hlōloa le ho tlatlapuoa ha Iseraele. Joale e ne e tla ba nako ea eona ho noa ‘sejelong sa bohale’ ba Molimo. E seng Baedomo feela, empa lichaba tsohle tse tlatlapang sechaba sekhethiloeng sa Molimo ka letsatsi le leng li ne li tla ba “joale ka hoja li sa ka tsa e-ba teng.”

EDOMO E FETOHA “MATLAKALA”

Jehova o tšepisitse hore bana ba Abrahama, Isaaka le Jakobo ba tla boela ba rue naha eo hamorao e ileng ea bitsoa Palestina. (Gen. 15:7, 17-21) Ba ile ba ho etsa, empa ba lelekoa ho eona ke Bababylona, ba sia naha e le lesupi le senyehileng.

Ka Obadia Jehova a tiisa hore Baiseraele ba tla le rua hape, hobane Molimo o itse ka moprofeta: “Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ea Sione; e tla ba nqalo e khethehileng, ’me ba ntlo ea Jakobo ba tla rua tse neng li ruiloe ke lichaba tseo. Ntlo ea Jakobo e tla ba mollo, ntlo ea Josefa e be lelakabe, ntlo ea Esau e be joale ka matlakala; ba tla e chesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong oa ntlo ea Esau, hobane Jehova o boletse.”—Obad. 17, 18.

Iseraele e ne e ke ke ea hlola e aroloa ka ’muso oa meloko e ’meli oa Juda le Benjamine (oo ka nako e ’ngoe o neng o bitsoa “Jakobo” ka Bibeleng) le ka ’muso oa ka leboea oa meloko e 10 (oo ka nako e ’ngoe o bitsoang “ntlo ea Josefa”). Mantsoe ana a bolela e sa le pele ho tsosolosoa ha kopano ea meloko eohle e 12 ea Iseraele. Ha ho bapisoa, Edomo e ne e tla nyamela. Baiseraele ba ne ba tla metsa bana bao ba Esau joaloka mollo ha o ja matlakala.

Na ho senngoa ho joalo ha Edomo ho ne ho tla hle ho etsahale? E, ’me ho phethahala ha polelo ea Molimo ka Obadia Balichaba (temana ea 1) hammoho le Baiseraele (temana ea 18) ba nkile karolo ho hona. Ka kōpo, nahana ka bopaki bo bong bo tiisang ho phethahala ha se neng se boletsoe pele se etsahala.

Mengolo ea boholo-holo e bolela ka ho hapjoa ha Edomo lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ke Bababylona tlas’a Morena Naboniduse. Ho ea ka C. J. Gadd, seithuti se amanang le pale ea Babylona le libuka, mabotho a Naboniduse a ileng a hapa Edomo le Tema a ne a akarelletsa masole a Bajode. Ha a hlalosa ka sena, John Lindsay oa ngola sehloohong se reng “The Babylonian Kings and Edom”: “Kahoo, bonyane ka karolo feela, mantsoe a moprofeta a ile a phethahala ha a ngola ka Yahweh a re ‘Ke tla iphetetsa ho Edomo ka sechaba sa ka sa Iseraele’ (Ezek. 25:14) Hape re na le phethahatso e sa fellang ea mantsoe a Obadia ea ileng a re ‘metsoalle,’ ‘balekane,’ ‘batšepuoa’ ba Edomo ba ne ba tla e ‘thetsa,’ ‘ba e tsohele matla’ ba ‘e chehele sefi.’ Mona re ka bona tšupiso ho Bababylona bao, le hoja mehleng ea Nebukadnezare ba neng ba utloisisa ho ba abela khapo tahlehelong ea Juda, tlas’a Naboniduse ho ile ha tlangoa hang le ka ho sa feleng meharo ea khoebo ea Edomo. (cf. Obad. 1 le 7).”—Palestine Exploration Quarterly, January-June 1976, leqephe 39.

Hona ho lumellana hantle le bopaki ba Bibele ka nako ea ho oa ha Edomo. Joalokaha ho se ho hlokomelehile, Edomo e ne e le sechaba se ipusang ha Jerusalema e oela makhotleng a Nebukadnezare. Leha ho le joalo, buka ea Malakia, e ngotsoeng hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bohlano la lilemo B.C.E., (lilemo tse ka bang 100 kamor’a hore Naboniduse a futuhele Edomo), e bolela hore Molimo o ne o se o entse ‘lithaba tsa Edomo tsenyo le lefa la hae o ne a le neile liphokojoe tsa naha.’—Mal. 1:3.

“’MUSO E TLA BA OA JEHOVA”

Baiseraele ba ne ba tlameha ho rua hape naha eo ba neng ba lelekiloe ho eona nakong ea botlamuoa Babylona. Ho phaella ho sena, buka ea Obadia, e hlalosa ho atolosoa ha sebaka bakeng sa Iseraele ka likhutlo tsohle. Ba ne ba tla namela ka boroa ho kena Negebe, ka bochabela ho kena moo pele e neng e le naha ea Edomo le ka bophirima ho kena Shefela le naheng ea Bafilista. Ka leboea le ka bophirimela ho ne ho tla atolosoa ho fihlela lebopong la Fonisia ho ea fihla pakeng tsa Sarepta le Tire le Sidone. Ka leboea la ka bochabela ba ne ba tla namela libakeng tsohle tseo pele ho neng ho lula ’muso oa meloko e 10 ea Iseraele, ho akarelletsa Efraime, Samaria le sebaka sa Gileade ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Ho e-na le ho qobelloa sebakeng se hole sa basele, batlamuoa ba Jerusalema ho ea fihla le Sefarade (eo ho lumeloang hore e Asia Minor) ba ne ba tla khutla le ho rua sebaka sa lefa se atolohang ka boroa ho kenella ho Negebe moo Baedmo ba neng ba tlatlapile naha pele.—Obad. 19, 20.

Buka ea Obadia e felella ka ntlha e khothatsang, e re: “Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ea Sione, ho ahlola thaba ea Esau, ’me ’muso e tla ba oa Jehova.” (Obad. 21) Mehleng ea hoba Joshua a shoe, Molimo oa hlahisa baahloli ba neng ba “namolela” Iseraele khatellong le ho rua hape sebaka se neng se nkiloe ke lira, ’me Obadia o bontša Baiseraele ba khutlileng e le ba nkang bohato bo tšoanang.—Baahl. 2:16.

Ka thabo, ka kutloisiso e atolositsoeng, boprofeta bona bo tiisa hore ka tsatsi le leng lira tsohle tsa Molimo li tla felisoa ’me borena ba Molimo bo tla atolohela lefatšeng ka bophara. (Pes. 22:27, 28) Molaetsa oo oa temoso le matšeliso o tsoang ho Molimo oa ’nete o lokeloa ke hore o jaloe ka bophara. Na u na le karolo ea ka mehla ho o abelaneng le ba bang?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

EDOMO

Molaetsa oa Obadia—temoso ea ho timetsoa ha Edomo le tšepiso ea ho tsosolosoa ha batho ba Molimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela