Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Na Mokreste ea ineetseng le ea kolobelitsoeng a ka kenela litebele e le mokhoa oa bophelo a ba a ’na a ba boemong bo botle le phutheho ea habo?
Haeba Mokreste a ne a ka kenela tšebetso ea litebele, hona ho ka mo bea khohlanong le keletso ea Molimo. A re ke re buisaneng ka e ’ngoe ea khothalletso eo ea Bibele.
Mangolo ka ho hlakileng a bontša hore Bakreste ba ineetseng ba lokela ho hlahisa tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, eo e leng lerato, thabo, khotso, sebete, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Ba-Gal. 5:22, 23) Tšebetso ea litebele e hanana le litholoana tsohle tse joalo. Bibele e re eletsa hore re ‘be le khotso le batho bohle’ le hore re se ke ra loana empa ‘re be bonolo ho bohle.’ (Ba-Roma 12:18; 2 Tim. 2:24) Ka ho tšoanang, ho Jakobo 3:18 re bala hore “tholoana tsa ho loka li jalloa khotsong ho ba etsang khotso.” Ho feta moo, re bolelloa hore ‘re rate bahabo rōna joale ka ha re ithata’ le hore lerato ha le sebetse ‘bobe,’ ’me kahoo le ke ke la etsa kotsi kapa la khopisa, oa habo motho.—Ba-Roma 13:9, 10.
Tšebetso ea litebele e ke ke ea nkoa feela e le papali e se nang molato. Hoa tsebisahala hore ba bapalang litebele ba kena ka lesakeng ka tšusumetso e matla ea ho ntša ba loanang le bona kotsi. Ka nakoana ba ka ba ba ba le moea oa ho bolaea ho bona. Moea o ka ba oa utluoa le ke ba shebelletseng, joaloka ha hangata ho bonoa ka tsela eo ba shebelletseng ba itšoarang ka eona tlholisanong ea litebele. Nako le nako ho utloahala ba re “’Molaee! ’Molaee!”
Kahoo ha ho makatse hore nako le nako likoranta li tlaleha ka hore sebapali sa litebele se ile sa shoela ka lesakeng. Litebeleng ka mehla ho na le kotsi ea hore e mong ho ba loanang a ka ’na a bolaea motho, ’me, joalokaha moapostola Johanne a bolela ‘lea tseba hobane ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” (1 Joh. 3:15) Ho tiisang sena ke maikutlo a setsebi se seng sa litebele hore litebele ‘ke polao e lumelletsoeng ke molao’ ’me e lokela ho thibeloa ka molao. Hape li hlalosoa e le “Phutuhelo e etsoang ka morero oa ho bolaea.” ’Me tšobotsi e ’ngoe ea tšebetso ea litebele ke batho ba amehang ho tsamaiseng papali. Hangata e laoloa ke mekha ea bonokoane ba bokhukhuni.
Ka baka la linnete tsena, boikutlo ba baholo ba phutheho e lokela ho ba bofe ho Mokreste ea ineetseng le ea kolobelitsoeng ea nkang tšebetso ea litebele? Pele, ba tla rata ho eletsa moena ea joalo tumellanong le metheo ea Mangolo e qapollotsoeng kaholimo. (Ba-Gal. 6:1) Ka mosa, empa e le ka tieo, ba fane ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha ho bapala litebele joalo ho sa lumellane le molateli ea ineetseng oa Jesu Kreste, “Morena oa Khotso.” (Esa. 9:6) Ba ka mo bontša hore Mokreste o lokela ‘ho sebetsa ka thata, a etsa mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.’ Ho fumana chelete ka papali ea litebele ka ho otla ea loanang le uena ka lesakeng la litebele ho hang ho ke ke ha boleloa e le “mosebetsi o molemo.”—Ba-Ef. 4:28.
Motho eo a ka ba a hopotsoa hore le hoja papali ea litebele ha e fetotsoe mosebetsi e ka mo phelisa hamonate bophelong, Bakreste ba ke ke ba sekamela mekhoeng e joalo, hobane Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore, ho Ba-Heberu 13:5, 6: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla. Ka baka leo re ka re ka tšepo: Morena ke mothusi oa ka, nke ke ka tšoha letho; motho a ka nketsa’ng?”
Ka baka leo, motho ea joalo o lokela ho neoa nako e ntle hore a tlohele mosebetsi oa hae oo e seng oa Bokreste. Ha a sitoa ho etsa joalo ho tla bolela hore baholo ba ke ke ba e-ba le boikhethelo bo bong ha e se ho mo behella kathoko ho phutheho.—1 Ba-Kor. 5:11-13.