Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/1 maq. 31-32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka leo Tšepo ea Rōna e Molemo e Tla Phethahala Kannete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ba Boleloa ba Lokile “Bakeng sa Bophelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Baroma ba Fumana Litaba Tse Molemohali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • A Boleloa a Lokile e le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/1 maq. 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ba-Roma 8:30 (Phet. e ncha) e bua ka Bakreste ba ‘tlotlisitsoe.’ Hona ho etsahala neng, ’me ho ‘tlotlisoa’ ho amana kae le ho ‘bitsoa’ ha bona le ho ‘boleloa ba lokile’?

Ho Ba-Roma khaolo ea 8, moapostola Pauluse o hlalosa ka litšebelisano tsa Molimo le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea. Molimo o ne o sebetsa morero oa oona ka ho hlompha kapa ho tlotlisa bana ka ho ba tsebisa ’nete ea hae, ho akarelletsa morero oa hae ho ba etsa ‘majalefa hammoho le Kreste’ leholimong. (Ba-Roma 8:14-17) Pauluse a boela a ngola, ka karolo feela:

“Bao [Molimo] o ba tsebileng e sa le pele, o ba khethile e sa le pele hore ba tšoane le Mora oa hae, e le hore Mora e be letsibolo har’a bana ba bangata ba Molimo. Bao a ba khethileng e le sa pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafalitse; ’me bao a ba lokafalitseng, o bile o ba tlotlisitse.”—Ba-Roma 8:29, 30.

Ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na lintho tsena li latellana joang: ‘ho bitsoa, ho lokafatsoa le ho tlotlisoa.’ Hona ho ka talingoa e le letoto la mehato e fellang ka hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba fumane tlotliso ea bophelo ba moea leholimong. Leha ho le joalo, hlokomela nako ea mantsoe a sebelisoang ke Pauluse: “bao o ba lokafalitseng, o bile o ba tlotlisitse.” Ho bonahala a bua ka ntho e neng e se e etsahetse, e leng ho neng ho ke ke ha etsahala haeba a ne a bua ka ho tlotlisoa ha Bakreste ka ho ba tsosetsa bophelong ba leholimo nakong e tlang.

Ho feta moo, le hoja ho tsosetsa ha Molimo motho hore e be morena sebakeng sa moea e le ho ‘tlotlisa,’ batho ba ka ’na ba ‘tlotlisoa’ ka litsela tse ling tse ngata. (Bona Ba-Roma 8:17; Joh. 7:39.) Jesu o ile a ‘tlotlisoa’ lefatšeng ka mehlolo ea hae. (Joh. 11:4) Kreste o buile ka motho oa moikokobetsi e le ea ‘hlomphuoang’ kapa ea tlotlisoang, ka hore a fuoe setulo se hlomphehang moketeng. (Luka 14:10) Moshe o ile a fumana ‘tlotliso’ e le ’muelli oa Molimo mabapi le selekane sa Molao. (2 Ba-Kor. 3:7) Bibele e bile e bua le ka mosali a ‘tlotlisoa,’ kapa a fumana ‘tlotla’ ka moriri oa hae o molelele. (1 Ba-Kor. 11:15) Mabakeng ana kaofela, ho sebelisoa mefuta ea motso o tšoanang oa lentsoe la Segerike e le le ngotsoeng e le ‘tlotliso’ ho Ba-Roma 8:30.—Luka 12:27; Ba-Roma 2:10; 1 Ba-Thess. 2:6.

Ke ho khahlisang hore khale koana ka 1904 “The New Creation” (Moqolo oa VI. oa Studies in the Scriptures) e ile ea hlokomela mabapi le Ba-Roma 8:28-30:

“Hangata karolo ena ha e utloisisoe, kaha babali ka kakaretso ba na le maikutlo a hore mona Moapostola o latellisa liphihlelo tsa Mokreste ka tloaelo [ea hae], . . . empa mona Moapostola o nkile maikutlo a fapaneng, ’me o qala ka lehlakoreng le leng. . . . O lata litaba a ea morao tsa tsoelopele ea Kereke, ’Mopuoa e Mocha. O bontša hore ha ho lea mong ea tla finyella boemo bo boholo ba tlotliso ea ho khethoa ke Molimo ntle ho ba bitsitsoeng [ba amohetsoeng] ho eona ke mohau oa Molimo; le hore bohle ba bitsitsoeng ba tlameha ba be ba ile ba lokafatsoa pele [kapa, ba boleloa hore ba lokile]; . . . ’Me bana ba lokafalitsoeng ba tlameha pele ba lokafatsoa, ba be ba hlomphuoe [ba tlotlisitsoe, AV] . . . ke Molimo ka hore o ba rōmele tsebo e amanang le oona le Mora oa oona ea ratoang.”—Leq. 182.

Hase mohlolo hore mona Pauluse a ka fana ka letoto la litaba tse amanang a le isa morao, a ea morao, kamoo ho leng kateng. O entse joalo ho Ba-Roma 10:13-15.

Ho Ba-Roma 8:28-30, Pauluse o hlalosa hore ‘Molimo o etsa hore mesebetsi ea oona e sebelisane hammoho.’ (NW) Hona ho molemong oa ba tla phethahatsa morero oa hae. Morao koana mehleng ea tšimo ea Edene Jehova Molimo o ile a profeta ka “peō” e tlang. (Gen. 3:15) Jesu Kreste e bile eena ea ka sehloohong oa “peō” ena le oa peō ea Abrahama. Empa hape Molimo oa khetha palo e lekanyelitsoeng ea batho ho thea karolo ea bobeli ea “peō.” (Ba-Gal. 3:16, 29) Kahoo, ho tloha mehleng ea tšimo ea Edene Molimo o ile oa ‘hlokomela pele’ ba etsang “peō.” ’Me oa hla oa ‘khetha pele’ hore batho bana ba khethiloeng e be ’mele oa baena ba Kreste leholimong, ba entsoe ka ho tšoana le eena.

Joale, ho Ba-Roma 8:30, moapostola o thathamisa mehato eitseng e etellang pele ho kopanngoa ha bona le Kreste leholimong. Batho ba joalo ba tlameha ba be ba ile ba ‘bitsoa’ kapa ba mengoa ho ba karolo ea ’muso oa leholimo. (Ba-Roma 1:7; Ba-Fil. 3:14; 1 Ba-Thess. 2:12; Ba-Heb. 3:1) Empa Molimo o ka ba bitsa joang e sa le baetsalibe, litho tsa lelapa le sa phethahalang la Adama? Pele o ba ‘bitsa’ Molimo o tlameha ho ba bolela hore ba ‘lokile,’ o ba tšoarela libe tsa bona motheong oa tumelo ea bona ho Kreste le sehlabelo sa hae. (Ba-Roma 3:23-26; 4:25; 5:18) Leha ho le joalo, tumelo eo e hlokahalang ba ka e fumana joang? Pele ba ka etsa joalo, ho ne ho tlameha hore ba bontšoe tsebo ea Jesu Kreste, eo sebakeng se seng Pauluse a e bitsang “Evangeli ea khanya ea Kreste.” (2 Ba-Kor. 4:4; bapisa 1 Timothea 1:11.) Ba amohelang ‘evangeli ena ea khanya’ ’me ba tla tseleng e tla ba isa tlotlisong ea leholimo ruri ho ka boleloa hore ba ‘tlotlisitsoe,’ kapa ba hlomphuoe, ka ho e amohela.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela