Ho Arabeloa Thapelo ea Motšoaruoa
Kamoo ho boletseng Isaac V. Espeleta
KA 1945 ha makhotla a Amerika a se a futuhetse Philippines, ’na le metsoalle e 11 ra tšoaroa ke Majapane. Ra kenngoa ka seleng tse nyenyane tsa masenke tse feta-fetang ntlo ea ntja ka boholo. Motšehare, li ne li chesa ho sa mamelleheng, ’me bosiu, li bata ho tlōtseng.
Metsoalle ea ka kaofela ea shoa ha e ntse e botsoa ka ho latellana. Le hoja ke ile ka botsoa ka matla ka matsatsi a 45 le ho hlorisoa ka matla ka makhetlo a mararo, ha nka ka bolela tlōlo ea molao eo ke neng ke qosoa ka eona. Ke ne ke hlokometse hore ha mang kapa mang a ipolela tlas’a tlhoriso, o ne a thunngoa kapele kapa a khaoloa molala. Kahoo, ka itekela monyetla tlas’a tlhoriso.
Hona moo, ka seleng eo e nyenyane, ka rapela Jehova Molimo ’me ka mo tšepisa hore, haeba nka bolokeha, ke tla mo batla ’me ke phele bophelo bohle ba ka ke mo sebeletsa. Empa pele ke bolela haholoanyane ka ho batla ha ka Jehova, e reng ke hlalose hore na ke ile ka tšoaroa ka lebaka lefe le hore na ke eng e entseng hore ke tšepise Jehova joalo.
BOPHELO BA PELE LE TŠUSUMETSO
La rōna e ne e le lelapa la Bok’hatholike motsaneng oa Biñan, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 30 ka boroa ho Manila. Bonyenyaneng ba ka ke ile ka susumetsoa haholo ke ntate-moholo, ntate oa ntate. O ne a arohane le Kereke e K’hatholike ’me a thahasella Bibele. A ntloaetsa mokhoa o motle oa ho bala Mangolo, ’me ke tla mo leboha kahoo ka mehla.
Ha ke ntse ke hōla hōla, ka fetoha ’mali ea matla. Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e otla Philippines, mocha oa lintho tse baloang tsa Senyesamane oa cha. Joale, ka tsatsi le leng, ka teana le buka Riches, e hatisitsoeng ke Watch Tower Society. Ntho eo motho a ka e balang qetellong! E ne e na le litaba tse chesehisang haholo.
Ho hlileng ha nkhahla ke ’nete ea hore Molimo o na le lebitso, Jehova. Hona ka ho hlahloba Bibeleng eo ntate moholo a neng a mphile eona. E, le ne le le teng. Kannete lebitso la Molimo e ne e hlile e le Jehova. (Ex. 6:3; Pes. 83:18) Ka baka la ntoa, leha ho le joalo, ka sitoa ho latela ka pele tsebong eo ke e fumaneng bocha.
Ke ne ke nyetse lilengoana pele ho moo, ka 1936. Ha ntoa e fihla ke ne ke e-na le bana ba bararo ho ba phelisa. E le karolo ea mosebetsi oa ka oa ho iphelisa, ke ne ke ea Luzon e ka boroa ho reka mapolanka bakeng sa ho betloa le patsi. Moo, ho ne ho ipatile morung banna ba neng ba hanyetsa Majapane hore e be a teng naheng. Ba nthaotha hore ke ba tsamaisetse libuka, ’me nakong ea ntoa ka sebetsa ke le setitimi sa sekhukhu.
Ka 1945, Majapane a belaella tšebetso ea ka ea sekhukhung ’me a ntšoara. Ka lehlohonolo, re ne re se re tlositse libuka tsohle tsa bokhukhuni. Empa ka lihora tseo ke neng ke ba mong ka seleng eo e nyenyane, mohopolo oa ka oa ’na oa khutlela ho Molimo oo ke balileng ka oona—Jehova.
Kamoo ho bileng kateng, Majapane a ne a se na bopaki bo tiileng ba molato oa ka. A ntokolla, ’me ka phakisa ka kena mokheng o emelang Maamerika. Empa ka ba mahlomoleng hape matsohong a Maamerika ha a mpelaella hore ke sehloela sa Majapane! Leha ho le joalo, ho lula ha Majapane naheng ea Philippines ha fihla qetellong, ’me kahoo ho hlaha cheseho ea ka ea bosechaba. Empa, ka se ke ka lebala tšepiso eo ke e etselitseng Molimo. Kapele, ka qala ho batla Jehova.
HO FUMANA BATHO BA JEHOVA
’Na le motsoalle oa bongoaneng, Pablo Quiohilag, ra etela likereke tse sa tšoaneng, empa ha bonahala ho se le e ’ngoe ho tsona e nang le molaetsa o nepahetseng. Joale, ka tsatsi le leng ka utloa motho e mong a bolela ka Jehova. Ka mo kopa hore a kene ka komponeng ea rōna Biñan ’me ka mo bolella hore a ka bolela kamoo feela kamoo a ratang.
Ka 1947, e mong ho rōna a utloa e mong hape a bolela ka Jehova. Ka lekhetlo lena e ne e le moromuoa oa Mocanada, Vic White, e mong oa Lipaki tsa Jehova. A tla buisana le sehlopha sa rōna ’me ka khethoa hore ke mo tolokele. Ra sibolla hore motho ea neng a ntse a bolela ka komponeng ea ka e ne e se e se e mong oa Lipaki tsa Jehova, empa o ne a khaotsoe pele ho ntoa. Taba ena ea tsosa tlokotsi sehlotšoaneng sa rōna.
Hoo e ka bang nakong eona ena ra utloa ka kopano ea pele ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova e neng e tla tšoareloa Manila kamor’a ntoa. Ka ea ho eona ’me Vic White a ntsebisa molebeli oa lekala, Earl K. Stewart. Kamor’a moo, ofising ea lekala, a hlalosa hore na re ka etsa joang hore re be Lipaki tsa Jehova. Hona, koana, ho akarelletsa boikarabelo ba Bokreste ba ho nka karolo boboleling ba ntlo le ntlo. Hoba ke khutlele Biñan, sehlopha sohle sa rōna sa ikarohanya le motho ea khaotsoeng ’me sa etsa qeto ea ho qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova.
HO HLOPHISOA JOALOKA BAKRESTE BA ’NETE
Joale ha tsoaloa phutheho ea Biñan. Empa ho ne ho e-na le lipotso tse ngata tse lokelang ho arabeloa. Ka mohlala, boholo ba sehlopha sa rōna, seo ka nako eo e neng e le sa ba 15, se ne se kolobelitsoe ke motho ea khaotsoeng ea neng a re bolella. Joale re ipotsa: “Na re ka kolobetsoa hape?” Ba bang ba hana hore ha ho hlokahale, kaha Bibele e bua ka ‘morena a le mong, tumelo e le ’ngoe, kolobetso e le ’ngoe.’ (Ba-Ef. 4:5) Re ne re kolobelitsoe hanngoe, joale re ka ho etsa hape hobane’ng? Empa ka inahana hore ruri ‘kolobetso e le ’ngoe’ e lokela ho ba kopanong le ‘tumelo e le ’ngoe.’ Kaha joale re ne re fumane tumelo ea ’nete, re lokela ho kolobetsoa hape kopanong le ba itšoarelletseng ho eona. Eaba re etsa joalo.
Joale ra tlameha ho shebana le taba ea boboleli ba ntlo le ntlo. Re tla bo etsa joang? Ho ne ho se lea mong ho rōna ea tsebang. Eaba Pablo Quiohilag le ’na re ea ka ntlo le ntlo hammoho. Pele ho ntlo e ’ngoe le e ’ngoe, re ne re etsa lotho ka chelete. Ea neng a hlōloa ke eena ea neng a bolela! Ha ke tsebe hantle hore na re ne ree re re’ng, empa ruri Jehova a tataisa boiteko ba rōna bo se nang tsebo ba ho mo rorisa pontšeng.
Qetellong, baena ba babeli ba nang le tsebo ba tsoang Bethele, Salvador Liwag le Vic Amores, ba rōmeloa ho tla re thusa. Ba re bontša hore na re pake joang le hore na re tšoare liboka joang. Ka qala ho ea sebokeng sa tšebeletso sa phutheho ea Santa Ana Manila ka Labone, e le hore nka neelana ka lenaneo lona leo hamolemo haholoanyane sehlotšoaneng sa rōna ka Labohlano.
HO TŠOAREHA TŠEBELETSONG EA JEHOVA
Haufinyane, ha re ea kopanong ea setereke, ka tšohanyetso mosali oa ka a re, “Re ile ra ho khona joang?”
“Eng?” ka botsa.
“U sa hopola kamoo sebaka sena kaofela ho tloha Sucat, Muntinlupa, Rizal ho ea Cabuyao Laguna [ho e ka bang lik’hilomithara tse 40] e neng e le sebaka sa rōna?”
Mehleng eo ea pele re ne re se na koloi. Re ne re tsamaea matsatsi re batla batho ba khahlehang. Ka linako tse ling re ne re nka mabone a parafine ho a sebelisetsa ho tšoara thuto ea Molula-Qhooa le ho tšoara seboka sa phatlalatsa ha ho ka ba lefifi.
Mosali oa ka a re, “nke ke ka hlola ke ho etsa hona joale.”
Mohlomong ke ’nete, kaha joale o se a jeoa ke manonyeletso. Empa ha re sa na le bocha ba rōna le matla, re li sebelisitse tšebeletsong ea Jehova. Lilemong tseo tsa pele, ke ne ke tsoha ka 4 hoseng ka matsatsi a tšeletseng a beke hore ke eo fihla mosebetsing Manila pele ho 8 hoseng. Bosiu ke ne ke atisa ho toba lithutong tsa ka tsa Bibele. Hona ka linako tse ling ho ne ho akarelletsa ho tsamaea lik’hilomithara tse 16 ho ea ntlong ea motho ea khahlehang le lik’hilomithara tse 16 ho ea lapeng. Ka nako ea lipula, ke ne ke atisa ho fihla lapeng ke kolobile tlepere ka 1 ka meso, hore feela ke tsohe hape kamor’a lihora tse tharo ho ea mosebetsing.
Ka nako eo, le teng ke ne ke na le tokelo ea ho ba mofetoleli oa makasine ea Molula-Qhooa ka lelemeng la heso, Tagalog. Ha mosali oa ka a botsa, ‘Re ne re khona joang?’ Ho ne ho ka khoneha feela ka thuso ea Jehova. (Ba-Fil. 4:13) Empa ke lehlohonolo ho ba le ‘mosebetsi o mongata Moreneng.’—1 Ba-Kor. 15:58.
HO BEA JEHOVA PELE
Ka linako tse ling, ho bea Jehova pele bophelong ba rōna ho ne ho akarelletsa ho itela, empa ha ho mohla re neng re lahleheloa ka baka la sena. Kamor’a ntoa ntlo ea rōna e Biñan ho hang e ne e le mokhoro. Eaba re boloka chelete bakeng sa ntlo e molemonyana, re qetella re bokelletse 500 pesos (ho e ka bang $250 U.S., mehleng eo). Ho ne ho hlokahala Holo ea ’Muso e ntle kamoo ho ileng ha buisanoa kateng. Ha bonahala hore ke ’na feela ea nang le chelete. Eaba ke re ho Moena Jose Nava: “E-ea u kōpe mosali oa ka 500 pesos.” A mo nea chelete a sa belaele ka letho ’me ra haha Holo ea ’Muso e ntle e nyenyane ka eona.
Kapele kamorao ho moo, Jehova a re nolofaletsa ho haha ntlo eo e leng ea rōna, ’me ra phela ho eona hamonate ho fihlela ka 1954, ha joale e ne e sentsoe haholo ke masetlaoke hoo e neng e hloka ho nchafatsoa. Ha hoa nka nako hoba ho lokisetsoe sena ha ho bonahala hore ho hlakile hore Holo ea ’Muso ea khale e nyenyane haholo bakeng sa phutheho ea rōna e hōlang. Hang hape, mosali oa ka ntle ho pelaelo a fana ka chelete eohle eo re neng re e bolokile, ’me ra fana ka eona bakeng sa holo e ncha, eo joale e ileng ea hahuoa pel’a tsela e khōlō. Hape, leha ho le joalo, ka potlako Jehova a re nolofaletsa ho haha ntlo ea rōna hape. Re ne re sa lahleheloe ka ho eteletsa eena pele.—Matt. 6:33.
Lilemo hamoraonyana, ha ke kene ka matla ho haheng Holo ea ’Muso ea boraro mosali oa ka a re ho ’na: “Ua tseba ke’ng, u na le mosebetsi o mong oa ho itlosa bolutu o lefelloang ka matla haholo oo nkileng ka utloa ka oona.”
“Ke ofe?” ka botsa.
“Ho haha Liholo tsa ’Muso,” a bolela a bososela.
HO HŌLISA BANA BA RŌNA
Nakong eo ka eona mora oa rōna oa ho fela a hlahang ka 1956, re ne re e-na le bashemane ba bane le banana ba tšeletseng. Ha ba sa le banyenyane, ka mehla re ne re buisana le bona ka temana ea letsatsi ea Bibele. Hape ra bona bohlokoa ba thuto ea ka mehla ea lelapa. Hape, re ne re tsoa hammoho re le lelapa kaofela tšebeletsong ea tšimo. Re entse sohle se matleng a rōna ho hōlisetsa bana ba rōna ‘khalemelong ea Jehova.’—Ba-Ef. 6:4.
Re bile le mathata a maholo tseleng. Empa mahlohonolo a bile teng—a mangata haholo! Ka linako tse fapa-fapaneng bana bohle ba rōna ba bula maliboho, ba sebeletsa e le baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso. Morali oa ka e moholo a sebeletsa le basebetsi ba Bethele ka lilengoana pele a nyaloa a e-ba le lelapa la hae. Banana ba rōna ba pele ba bararo ba bile har’a bopula-maliboho ba pele ba khethehileng ba Philippines, ’me e mong o sebelelitse ka lilemo ka botšepehi e le moromuoa Thailand. Ke bohle ntle ho a le mong baneng ba rōna, ba tiile tumelong.
Morali oa ka oa bobeli o fumane kabelo ea hae ea bopula-maliboho bo khethehileng ha a le lilemo li 17. Hoba a tlohe lapeng ho ea ho eona, a re ngolla lengolo leo ke ntseng ke sitoa ho le hopola ntle ho meokho. A bolela hore ha a sa le monyenyane o ne a ee a hopole hore ke e mong oa bo-ntate ba sehlōhō ka ho fetisisa. Empa joale o hlokomela hore hoja ea se be ka taeo ea rōna e tiileng re le batsoali, ha ho mohla a neng a ka thabela tokelo e babatsehang hakana ea tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng (eo hamorao e ileng ea etsa hore a fumane kabelo ea boromuoa naheng esele.) Kahoo, joaloka batsoali ba Bakreste, re se ke ra hlokisa bana ba rōna khalemelo. (Liprov. 22:6) Ba ea e hloka, ’me lilemong tsa morao ba tla e ananela.
HO NYAKALLELA LITOKELO TSA TŠEBELETSO
Ke thabetse litokelo tse ngata kamanong le batho ba Jehova. Ka mohlala, ke bile le tokelo ea ho hlophisa libaka tsa ho phehela tsa pele kopanong Philippines. Ka lilemo tse ngata, ke bile le tokelo e ntle ea ho fetolela Molula-Qhooa lelemeng la haeso. Ho sa le joalo, re ile ra lebella ho bona sehlotšoana sa rōna sa batho ba 15 se hōla ho ba liphutheho tse khōlō le tse atlehileng tse 11.
Tokelo e ’ngoe ea nkisa Chankaneng ea Sechaba e haufi le lapeng ha ka. Ka nako le nako, batšoaruoa ba ngolla Watch Tower Society ba batla thuso ea moea. Hangata mangolo ana a lebisoa ho ’na, ’me ho tloha ka 1947 ke ’nile ka tšoara lithuto tsa Bibele tsa kamehla le batšoaruoa ba khahlehang. Kahoo, ho theosa le lilemo, batho ba ka bang 50 ba nkile boemo ba bona ho emela Jehova ’me ba kolobetsoa ha ba sa le chankaneng. Kopanong e ’ngoe ea setereke, ka teana le ba 23 ho bona. Hoba ba lokolloe, ba bang ho bona ba e-ba bo-pula-maliboho, hammoho le balebeli ba tsamaeang, ’me ba bangata hona joale ba sebeletsa e le baholo.
Motho e mong eo ke neng ke sa lebella ho teana le eena chankaneng ke motho e mong ea neng a khaotsoe eena ea ileng a qala ho mpolella ka Jehova. Monna enoa o ne a tšoaretsoe ho lumellana le Majapane. (Hamorao, a tšoareloa ’me a lokolloa.) Ha a le chankaneng, ka boikokobetso o ne a tla libokeng tseo ke neng ke li tšoara. Lilemo tse ngata hamorao, ka 1975, ke ne ke le karolo ea komiti ea boahloli e neng e inahanela kōpo ea hae ea hore a khutlisetsoe. Kahoo, kamorao ho lilemo tse ka bang 40 a khaotsoe, hang hape a tseba ho kopanela ka bolokolohi le batho ba Molimo.
Ka lilemo tsena tsohle, ruri mosali oa ka e bile thuso e khōlō—motšehetsi ea tšepahalang tšebeletsong ea Molimo. Hona joale ka bobeli re hetla morao nakong e fetang lilemo tse fetang mashome a mararo tšebeletsong ea Jehova. Re mo batlile ’me ra mo fumana, ke phethahatsa tšepiso ea ka eo ke e entseng lilemong tse fetileng kampong ea Majapane. Ke leboha hakaakang hore ke fumane Jehova Molimo lilemong tse molemo tsa bophelo ba ka le hore ke bile le hona ho sebelisa tsena tšebeletsong ea hae.