“Ka Lebitso la Molimo”
● “Ho bonahala eka lefatše lea hlanya, ’me kholiseho e tebileng ea bolumeli—e lokelang ho tlamella batho hammoho ka lerato—hangata ho bonahala e le karolo ea bohlanya le polao,” kamoo ho boletseng eo e neng e le mookamali oa U.S. Jimmy Carter ha a ne a bua le sehlopha sa bolumeli. Mongolli oa New York “Post” Mike Royko, le eena a tšoenyehile ke ho kena ho tebileng ha bolumeli litoantšanong, a ngola taba e reng ‘Pefo e Etsoang ka Lebitso la Molimo,’ a bea taba joaloka lengolo le eang ho Molimo. A qala ka khohlano e pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland Leboea, Royko a ngola: “Leratong la bona le leholo ho uena, baa thunyana, baa qhomisana, ba chesana ka mollo, ba bolaea bana ba banyenyane, bashebelli, mapolesa, masole, basali baholo le ba bang joale ba ipolaea ka tlala.”
Hoba a hlokomelise ka likhohlano tse ling, pakeng tsa lihlopha tse matla bolumeling Bochabela bo Hare, qetellong o hlokomela hore “e mong o sa tsoa thunya Mopapa . . . motho oa khotso e kholo le eo e seng oa lintoa, koana, le hoja balateli ba hae ba tsebisahala ka ho tšolla mali a ligallone tse limillione tse itseng ha ba halefile.”
Tumellanong e bonahalang le maikutlo a mongoli, Mok’hadinale oa Brithani Hume, mobishopo e moholo oa Westminster, o sa tsoa bolela hore: “Ha ke qamaka lefatšeng kajeno, ’me ke bona lichaba li tsohelane matla, Iihlopha li tsohelane matla, merabe e tsohelane matla, Bakreste ba tsohelane matla, ’me ke bona phapang e phahamang pakeng tsa seo Kreste a re rutileng hore re be sona le tsela eo re sebetsang ka eona, ke hlokomela hore lefatše la kajeno le lokela ho khutlela metheong ea pele.” Ha litho tsa kereke tse boemong bo botle li tlōla metheo eo li bontša hore hase bahlanka ba Molimo kannete, empa, ho e-na le hoo, lithoto tsa sera sa oona, Satane.—Joh. 13:34, 35; 2 Ba-Kor. 11:14, 15.