Lentsoe lo Molimo Lea Phela
Na u ka Bua le Bafu?
Kaha batho ba bangata hakana ba bolela hore ba buile le bafu, ho totobetse hore bonyane ba bang ho bona ba buile le motho e mong ea lefatšeng la moea. Lilemong tse fetileng tse fetang 3 000 Saule, morena oa Iseraele, o bile le phihlelo e joalo. A re boneng hore na re ka ithuta’ng ka eona.
Lebotho le matla la Bafilista le ne le futuhetse makhotla a Iseraele a Saule, ’me o ne a tšohile haholo. Saule o ne a tseba molao oa Molimo. “Le se ke la khelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho linohe.” (Lev. 19:31) Empa Saule o ne a furaletse Jehova Molimo. Joale, nakong ena ea khathatso, o ne a batla litaba ka tsieleho hoo a ileng a ea ho senohe Ene-dore.
Senohe se bile le hona ho hlahisa sebopeho sa motho seo se neng se ka se bona. Ha se hlalosa sebopeho seo, Saule a bolela hore ke “Samuele.” Samuele e ne e le moprofeta oa Molimo ea shoeleng.
“U mpherekanyelitse’ng ka ho ’nyolla na?” ha botsa motho oa moea ea neng a fumanoe.
“Ke tsielehile haholo; ba-Filista ba mphutuhetse,” ha arabela Saule.
“U mpotsetsa’ng, ha e le moo Jehova a u furaletse?” moea oa botsa. Kamor’a phihlelo ena e mpe, Saule a tšoha haholo ’me a namalla fatše.—1 Sam. 28:3-20.
Motho enoa ea tsoang lefatšeng la moea ruri e ne e ke ke ea e-ba Samuele. Samuele o ne a shoele, ’me Bibele e re “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) Ho feta moo, ha a sa phela Samuele o ne a ile a hana ho bonana le Saule ea sa tšepahaleng. (1 Sam. 15:35) Joale ruri, leha e-ba a ne a phela kamorao ho lefu, Samuele o ne a ke ke a lokisetsa hore senohe se lokisetse hore a kopane le Saule. Kahoo re ka tiisa hore senohe se ne se ke ke sa qobella Jehova hore a nee Saule molaetsa ka Samuele ea shoeleng.
Empa ha re re mohlomong baphelang ba ne ba hlile ba ka bua le baratuoa ba bona ba shoeleng, joalo kaha batho bana ba ikoaletseng lefifing ba leka ho etsa. Haeba ba ne ba ka etsa, ruri Molimo oa lerato o ne o ke ke oa bua tjena ka Bibeleng: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.”—Deut. 18:10-12.
Ke mang, he, ea neng a iketsisa Samuele? Ke motho ea khopo oa moea. Meea e khopo, kapa bademona, ke mangeloi a ileng a ikopanya le Satane ho fetoheleng Molimo. Ho ntšetsa pele leshano la hore lefu ke feela ho fetoha ho kena bophelong bo bong, ba iketsa eka ke batho ba shoeleng. Empa ’nete ke hore, ho hang bafu ha ba ikutloe, ba emetse letsatsi leo ka lona Molimo o ka ba hopolang tsohong. (Lik. 24:15) Kahoo leha e le uena, kapa leha e le mang kapa mang, le ke ke la bua le bafu.