Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/1 maq. 10-12
  • O Fumane Mohloli oa Thabo e Eketsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Fumane Mohloli oa Thabo e Eketsehang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO QALEHA THABO
  • A BULA MALIBOHO MOLATO?
  • MAHLOHONOLO A EKETSA THABO
  • Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, ’me u phahametse tsohle u le morena. ’Me joale, Molimo oa rōna, rea u boka, re rorisa lebitso la hao le khanyang.—1 Likron. 29:11, 13.
  • Na U ka Tšepa Bolumeli Litabeng Tsa Boitšoaro?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Liqeto Bophelong ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Rarolla Mathata a Bacha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/1 maq. 10-12

O Fumane Mohloli oa Thabo e Eketsehang

Tlaleho e Futhumatsang Pelo e Tsoang Trinidad

“Tichere e tlohela mosebetsi ho ba moromuoa.” Ka 1955, mantsoe ana e bile sehlooho sa taba koranteng ea rōna ea letsatsi le letsatsi, The Trinidad Guardian. Tichere ee e ne e le mang? Ke eng e ileng ea mo khannela ho etsa qeto ena? Na ho na le ho ileng ha mo lahlehela ka ho nka bohato bona? Na e sa ntsane e le moromuoa?

Sylvia o ile a hlahela motsaneng o monyenyane oa temo o bitsoang Flanagin Trinidad e hare. Motsana oo o ne o e-na le batho ba seng bakae ba rutehileng, ’me sekolo se seng sa oona se ne se tsamaisoa ke matichere a K’hatholike ’me se okametsoe ke moprista ea neng a e-tla sebakeng seo hang ka beke e ’ngoe le e ’ngoe. Sylvia o ne a kene sekolo hona moo ’me ea e-ba tichere hona moo. Ka bo-1940 a qala ho amohela thuto ea moea ho banyalani ba seng ba tsofetse, ka bobeli e le Lipaki tsa Jehova. Monna le mosali oa hae ba ne ba khesoa ke batho ba bolumeli ba motse, empa ka sebete ba ’na ba bolela molaetsa oa Bibele ho bohle ba motseng. Banyalani ba bang ba ikopanya le bona, ’me sehlotšoana sena se senyenyane sa sebelisa likramafono ho letsa lipolelo tsa Bibele, tseo kamor’a tsona ba neng ba fana ka libuka tse hlalosang molaetsa oa Bibele.

HO QALEHA THABO

Nkhono oa Sylvia o ne a ee a mamele lirekoto tse etsang lipolelo, a nke libuka, ’me a li bee ho se mohla a li balang. Empa Sylvia o ne a bala libuka. Kahoo, ha a le lilemo li 17, a batla Lipaki ’me a li hlasela ka lipotso. Kapele Sylvia a ba teng libokeng tsa ho ithuta Bibele le Lipaki tse ’ne tse motseng oa habo. Ka bohlano ba bona ba ne ba ee ba lule ’me ba buisane ka Mangolo ka lebone la parafine, kaha ho ne ho se motlakase.

Bohato bo latelang ba Sylvia e ne e le ho bua le nkhono oa hae le matichere a itseng ka lintho tseo a ithutang tsona. Litaba tsa tsamaea kapele motseng hore Sylvia ka lekunutu o ntse a ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Mok’hatholike ea mafolo-folo o ne a ka etsa joalo joang? Na e ne e se setho sa sehlopha sa libini le “Ngoana oa Maria”? Na e ne e se tichere ea bana sekolong sa K’hatholike? “Ntate” o tla re’ng? “Ntate” o tla etsa joang? Moprista a leleka Sylvia, a mo tsebisa ka lengolo hore mosebetsi oa hae e le tichere sekolong o felile ka baka la ho qophella ha hae ho ea litšebeletsong tsa bolumeli ba bohata, kamoo a neng a bo talima kateng.

Hona ha hoa ka ha fokotsa thabo ea hae. Ha e le hantle, nakoana kamorao ho sena a kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Jehova Molimo. Ka 1949, a kena sekolong sa koetliso ea matichere sa ’muso ’me a qeta ka 1950. Ka lilemo tse latelang tse hlano a ruta likolong tsa ’muso, empa, ka 1955, a tlohela botichere ba lefatše ho neela nako eohle ea hae ho kopaneleng ‘litaba tse molemo’ tsa Bibele le ba bang. (Matt. 24:14) Sylvia o ile a tlohela boemo ba hae ka lebaka lefe? Ke hobane’ng ha a ile a hlokomoloha ho hohela ha moputso oa kamehla hore a bolele ka nako e tletseng e le “pula-maliboho” a se na moputso oo a o tiiselitsoeng?

A BULA MALIBOHO MOLATO?

Botsa Sylvia ’me o tla u bolella mabaka a mangata a monate. Taba e ’ngoe, le hoja a ne a hanyetsa Lipaki, ’mè oa hae o ne a lumella Sylvia e monyenyane hore phomolo e ’ngoe le e ’ngoe a e qete le ’mangoane oa hae oa Paki. Ka nako eo o ne a nka boholo ba nako ea hae a kopanela molaetsa oa Bibele le ba bang. Sylvia o ne a thabela [linako tsena] tsa phomolo haholo ’me a khutlela hae a matlafetse haholo moeeng ’me a kholisehile haholoanyane ka bohlokoa ba ho bolella ba bangata kamoo ho ka etsahalang ka ‘litaba tse molemo.’ Ho feta moo, a ananela hore letotong la lintho tse tlang pele ho Mokreste ’Muso o lokela ho ba oa pele. (Matt. 6:33) Maemong a hae, Sylvia a bona hore ke habohlokoa haholo ho eena ho bolela ‘nete ea Bibele ho fapana le ho kena ka nako e tletseng mosebetsing oa boipheliso.

Le hona joale Sylvia a ka bua ka ho khahleha ho matla hoo a ho fumaneng ho bopula-maliboho ba itseng, Constance Mills le Maude De Freitas. Ka ho hlakileng o hopola ho thaba ha bona ho Jehova, cheseho ea bona e enneng bakeng sa mosebetsi oa nako e tletseng le matla a bona a hlokomelehang a ho bua ka ’Muso le ho etsa hore o bonahale e le oa sebele haholo ho eena. Sylvia o ne a rata Moena William Jordan ea hōlileng ’me ka ho hlakileng o hopola lipuisano tsa hae le eena nakong ea lijo tsa motšehare le kamoo li ileng tsa mo thusa hore a bee kelello ea hae tšebeletsong ea Jehova. Eaba joale o itokolla botichereng hore e be pula-maliboho. O ne a lahlehetsoe ke eng? “Ho ba pula-maliboho ha bolela ho tloha lapeng le mofuthu le mosebetsi oa ka. Ka tlameha ho tlohela “insurance policy” ea ka le khopolo ea ho reka koloi,” kamoo a bolelang. “Empa ka hlokomela hore sohle seo ke nang le sona se neetsoe ho Jehova, ’me hoo ha felisa litaba.”

Sylvia o tla u bolella hore ho ba pula-maliboho ke e ’ngoe ea liqeto tse ngata tse khōlō. E ’ngoe e ne e ama taba ea botho ea lenyalo. Ke lesooa ’me ha a ikutloe hore ho hobe haholo ha ho le joalo. Le hoja a sa tsoa letšolo la ho buella bosooa, o ile a etsa qeto ea ho lula e le lesooa. “Hase hore baena ha baa ka ba nkatamela. Ke na le karolo ea ka ea ‘likōpo,’” kamoo a bolelang. “Empa ke entse qeto, ’me bophelo ba ka bo thabile bo feletse. Ha ke ikutloe eka ho na le ho nkhaellang. Leha ho le joalo, ke tšoarehile haholo hore nka touta ka ntho ea mofuta oo.”—Matt. 19:10-12.

MAHLOHONOLO A EKETSA THABO

Ntho e ’ngoe eo e bileng lehlohonolo le sa hlokomeleheng ke ho khutlisetsoa ha Sylvia kabelong e Trinidad e le pula-maliboho ea khethehileng kamor’a hore a qete sekolong sa boromuoa sa Gileade ka 1959. O ne a lebelletse ka cheseho ho sebeletsa naheng esele, ’me ka sebete o re: “Ke ile ka sareloa ho se hokae ha ke utloa hore ke khutlisetsoa Trinidad ho ea tobana le tikoloho eona eane e tloaelehileng.” Empa na hona ho ile ha mo sebeletsa molemo?

Sylvia o li bea tjena ka hore Jehova a mo sebelise: “O ntšebelisitse hore ke kopanele ho thusa lihlotšoana tsa ba tšeletseng, ba bane, ba bararo kapa ba babeli leha a le mong. Ke bile le tokelo ea ho thusa baena ba bane le likhaitseli ka nama le balekane ba bona ba lenyalo. Ho thabisa pelo ho ba bona le ho ba utloa ba itlhalosa bakeng sa Jehova le ’muso oa hae.” Ha ho etsahale hore ho be le nako ea kolobelotso eo ho eona ho seng teng seithuti sa Sylvia se eang qoelisong ea metsi.

Lintho ha lia ka tsa tsamaea ka bonolo ka nako eohle. E, ka letsatsi le leng ntlo eo Sylvia a lulang ho eona ea cha lore, ’me eena le molekane oa hae ba lahleheloa ke sohle! Empa Lipaki tse ling tsa ba fa sebaka malapeng a tsona le ho ba apesa ho fihlela ba ka ikemela ka bobona.—Mar. 10:29, 30.

Ka 1968, Sylvia a tlameha ho etsa qeto ea hore na o tla tšoarella mosebetsing oa nako e tletseng. O li bea tjena: “Ke ne ke talimane le khang ea mali, kaha ke ne ke tlameha ho sebetsoa ka thipa bakeng sa tšebetso e khōlō mpeng. Ka sebetsoa ka katleho. Ha ho mali a ileng a sebelisoa, empa ka sala ke le boemong bo fokolang haholo le ba ho tepella. Ka tlameha ho etsa qeto ea hore na ke tla tsoela pele le mosebetsi oa nako e tletseng kapa che. Lipaki tse ling tsa nahana hore ke tlameha ho tlohela mosebetsi oa nako e tletseng habane ke fokola haholo. Empa Jehova a utloa lithapelo tsa ka ’me a mphahamisa hape. A nchafatsa matla a ka ’me kamorao ho likhoeli tse tharo, ke ne ke khutletse tšimong ke batla ‘linku’ tsa hae. (Esa. 40:28-31) Ka bonna, ke nahana hore joale ke khona ho phetha ho fetang kamoo ke neng ke phetha pele ke sebetsoa ka thipa, ke leboha Jehova.”

Sylvia o na le botho bo hohelang. Motho a ka tsamaea a theosa le tsela ’me a mo bona ka pel’a hae—ka ’mele o monyenyane o kang oa ngoananyana, a apere ka mokhoa o khabane le o nang le kelello, a bososela ka mokhoa o thabisang. Ke tlhaho hore batho ba amohele ha a ba nea libuka tsa Bibele. Ha a bua, bamameli ba hoheloa ke thabo eo a phelang ka eona. O supa Jehova e le mohloli oa thabo. “Ho utloa tlhokomelo ea hae e lerato le e bonolo ho theosa le lilemo le ho sebetsa le eena e bile phihlelo e putsang le e thabisang haholo. Ka boikokobetso ke leboha Jehova.” Ka ‘’nete, ‘ba bonolo ba tla eketsa ho thabela Jehova.’—Esa. 29:19, NW.

Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, ’me u phahametse tsohle u le morena. ’Me joale, Molimo oa rōna, rea u boka, re rorisa lebitso la hao le khanyang.—1 Likron. 29:11, 13.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela