Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/15 leq. 3
  • Bibele—Na re ka e Kholoa Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Na re ka e Kholoa Kajeno?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na e Hlile E-ea Ikhanyetsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Bibele le Uena
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Re ka Tšepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/15 leq. 3

Bibele—Na re ka e Kholoa Kajeno?

“KE BUA joaloka motho oa lefatše ke bua le batho ba lefatše; ’me ke re ho lōna, Batlisisang ka Mangolong! Bibele ke buka har’a libuka tse ling tsohle, e lokelang ho baloa mehleng eohle.” Mantsoe ana a mookameli oa Amerika John Quincy Adams a bontša kamoo batho ba kileng ba nka Bibele kateng—ka hlompho e tebileng.

Empa mehla e fetohile. Le hoja Bibele e sa ntsane e le buka e tsamaisoang haholo, ba bang ba na le lipelaelo ka eona. Phuputso e ileng ea etsoa Canada e senotse hore boholo ba ba moo bo sitoa ho bala Bibele hobane bo ikutloa hore “ha e lumellane le linako, ha e na bohlale ebile ha e khahle ka letho.” Basomi ba Bibele ba bolela hore e-ea itoantša, ha e lumellane le thuto ea mahlale ebile e tletse litšōmo. Le bona baruti ba kopanetse litlhaselong tsena. Tlaleho ea molao e tsoang ho sehlopha sa Maprostanta sa Netherlands e boletse hore “Bangoli ba Bibele ba ne ba fosa le hore hase melao eohle ea Bibele e neng e reretsoe molemo oa ka ho sa feleng.”

Ruri batho ba bangata ho bonahala ba nahana hore melao ea boitšoaro ea Bibele e ‘ne e sa rereloa ho ba ea molemo o sa feleng.’ Bohlola, bofebe, bosodoma—tse haneloang kaofela ka Bibeleng—li etsoa hohle ’me li lumelloa pontšeng ke baruti ba bang. Moruti e mong oa Australia o ile a sireletsa matekatse a sebetsang sebakeng seo a leng ho sona, a re: “Ba koala sekheo sa ho hlokahalang sechabeng.”

Kahoo, ha ho makatse hore batho feela baa ipotsa hore na ba sa ntsane ba ka kholoa Bibele kapa che. Mosali oa lelapa o ile a re: “Re lebelletsoe hore re kholoe Bibele, empa ha ho mang kapa mang ea tsebang kannete hore na e hlile ke ’nete. Ntle ho moo, e-ea itoantša.”

Linnete ke life? Na Bibele e-ea itoantša e bile ha e lumellane? Na e tletse litšōmo? Tsena ke lipotso tse lokelang ho arabeloa. Ho theosa le makholo a lilemo, batho ba limillione ba ’nile ba kholoa Bibele ’me ba leka ho phela ka litekanyetso tsa eona. Na ba ne ba senya nako ea bona? Kapa na kannete Bibele e hlile ke buka e nang le molaetsa bakeng sa lekholo lee la mashome a mabeli la lilemo?

Nahana likhanyetso tse hlahisoang ke ba bang ka ho lumela Bibele, ’me re boneng hore na li tšoaneleha hakae.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela