Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/15 maq. 4-8
  • Na e Hlile E-ea Ikhanyetsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na e Hlile E-ea Ikhanyetsa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA BIBELE E LUMELLANA LE THUTO EA MAHLALE
  • LITŠŌMO TSONA HO THOENG KA TSONA?
  • U KA E KHOLOA
  • Na Bibele E-ea Ikhanyetsa?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • “Leha ho le Joalo Lea Sisinyeha!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Buka e Emeloang Hampe
    Buka ea Batho Bohle
  • Na Bibele Ea Itoantša?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/15 maq. 4-8

Na e Hlile E-ea Ikhanyetsa?

‘ADAMA le Eva ba ne ba e-na le bara ba babeli Kaine le Abele. Kaine a bolaea Abele ’me a nka mosali. Mosali oa hae o mo fumane hokae?’ Na u kile ua utloa potso eo? Ke e ’ngoe ea lipotso tseo ho tloaelehileng hore e botsoe ke batho ba bolelang hore Bibele e-ea ikhanyetsa. Na u tseba karabo.

Bibele e re bolella hore Adama le Eva ba bile le bana ba bangata, e seng ba babeli feela. “Eitse hobane Adama a tsoale Setha [mora e mong], a phela lilemo tse makholo a robileng meno e le ’meli; a tsoala bara le barali.” (Gen. 5:4) Ka boitsebiso boo, u ka re Kaine o nkile mosali oa hae hokae? E, o tlameha a be a ile a nyala khaitseli e ’ngoe ea hae. Kajeno hoo ho ka ’na ha e-ba kotsi ho bana ba tsoaloang ke batsoali ba atamelaneng hakaalo ka tsoalo. Empa haufi le qaleho ea pale ea motho, ha batho ba ne ba le haufi haholo le phetheho, e ne e se bothata.

Potso ena ke mohlala oa lebaka le leng leo ka lona batho ba reng Bibele e-ea ikhanyetsa: ha ba na linnete tsohle. Ha ba na le taba ka ho feletseng, hoo ho eeng ho bonahale eka ke ho ikhanyetsa hoa nyamela.

Batho ba bang ba supa litlaleho tse sa tšoaneng tsa Bibele tse buang ka ketsahalo e le ’ngoe ’me ba bolele hore lia ikhanyetsa. Ka mohlala, ho Mattheu 8:5, 6 rea bolelloa: “Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, molaoli oa lekholo a tla ho eena, a mo rapela, a re: Morena, mohlanka oa ka o rapaletse tlung; o omeletse litho, ’me o kula hampe.” Eaba o kōpa thuso ea Jesu. Leha ho le joalo, tlaleho e tšoanang le eo ho Luka e re: “A roma baholo ba ba-Jode ho eena [Jesu], ho mo rapela hore a tle ho folisa mohlanka oa hae.” (Luka 7:3) Tlaleho e ’ngoe e re molaoli ke eena ea ileng a kōpa, ha e ’ngoe e re o ne a rōmile baholo ba Bajode.

Na hona ho bonahala e le ho ikhanyetsa? Haeba ho joalo, nahana joale ka se boleloang ho liketso 7:47. Moo re bolelloa hore Morena Salomone o ile a hahela Jehova tempele Jerusalema. Joale, na mongoli o ne a bolela hore ke Salomone ka setee-tee ea hahileng tempele? Kapa mosebetsi oa ho haha ka sebele o ile oa etsoa ke basebetsi ba bangata, ha Salomone a fane ka matla le ho o hlophisa? Bonneteng, hamorao ke hona hoo e bileng taba. Ka ho tšoanang, monna enoa oa sesole o buisane le Jesu, empa o ho entse ka ho kenella ha Bajode. Ha ho ho ikhanyetsa ha letho litlalehong tse peli. Li mpa feela li fana ka pono e sa tšoaneng ea ketsahalo e le ’ngoe.

Ho na le ho ikhanyetsa ho hongata ho boleloang joalo ha mofuta ona. Empa ruri ke mehlala ea ho tlalehoa ha ketsahalo e tšoanang ka pono e sa tšoaneng. Haeba bangoli bohle ba Bibele ba ne ba ka bua ntho e tšoanang hantle, ho ne ho tla hlahisa pelaelo e matla ea hore ba ile ba kopiletsana. ’Nete ea hore ba ngola ka pono e sa tšoaneng e paka hore ha baa ka ba lumellana ka lekunutu, ha ’nete ea hore ba bolela ka motheo taba e le ’ngoe e bontša hore ba bolela ’nete.

NA BIBELE E LUMELLANA LE THUTO EA MAHLALE

Ka linako tse ling bothata bo lula ntlheng ea hore batho ba nahana hore Bibele e re’ng. Ka mohlala, ka 1633 kereke e K’hatholike e ile ea nyatsa Galileo ha a bolela hore lefatše le potoloha letsatsi. Ho ea ka makasine oa Newsweek, ena joale ba e talima e le phoso e lihlong. Ba fositse ka lebaka lefe? Lebaka le leng le boleloang ho New Catholic Encyclopedia ke hore thuto e ncha ea Galileo e ne e hanyetsana le Bibele. Ka mantsoe a mang, e ne e se Kereke e K’hatholike feela, empa le Bibele, e neng e fositse. Na hona ho nepahetse?

Karabelo ke Che. Bibele ha se buka ea ho ithuta ea thuto ea mahlale. Sepheo-pheo sa eona ke ho re bolella ka Molimo, merero ea oona le litšebelisano tsa oona le batho. Empa le teng ha e hanane le thuto ea mahlale. Ka linako tse ling e bolela ka lintho tse amanang le melao ea tlhaho, ’me hangata seo e se bolelang se tšoana le seo bahlalefi ba re bolellang sona kajeno. Ke hobane’ng, he, ha Kereke e K’hatholike e ile ea ikutloa hore thuto ea Galileo e hanyetsana le Bibele?

Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, tlaleho e ’ngoe ea Mangolo eo ba e supang e ne e le bukeng ea Joshua. Moo re bala hore ka nako e ’ngoe Baiseraele ba ne ba le ntoeng ’me ba hlola lira tsa bona, empa ho atamela ha bosiu ho beile kotsing hore ba ka hla ba hlōla ka ho feletseng. Kahoo Jehova, ka mohlolo o moholo, a lelefatsa letsatsi e le hore ba ka qetela ho hlōla ha bona. Tlaleho e re: “Letsatsi la ema, le khoeli ea ema, ho fihlela sechaba ha se iphetelitse ho lira tsa sona.”—Josh. 10:13.

Na lengolo leo le bolela hore lefatše ha le potolohe letsatsi? Kapa bahanyetsi ba ne ba atolositse tšebeliso ea lona haholo? Ka ho tiileng, mona mongoli oa Bibele o ne a sa rera ho fana ka polelo ea thuto ea mahlale ka ho tsamaea ha ’mele ea leholimo. Ho e-na le hoo, o re bolella seo Baiseraele ba ileng ba fela ba se bona. Ba bona letsatsi le eme sebakeng se le seng maholimong—hore na hona ho entsoe ka hore Jehova a khathatsane le ho potoloha ha lefatše kapa ka tsela e ’ngoe kapa che.

Ka ho tšoanang le kajeno, re bolela hore letsatsi le chaba hoseng ’me lea likela mantsiboea. Na hoo ho bolela hore ha re lumele hore lefatše le potoloha letsatsi? Che, ha ho joalo. Re mpa feela re hlalosa liketsahalo kamoo li bonahalang kateng ho rōna.

Kahoo, mathata a Galileo ha a ka a bakoa ke se boleloang ke Bibele. Ho e-na le hoo, a hlahisitsoe ke seo batho ba nahanang hore baa se bala ka Bibeleng.

Ho hloka kutloisiso ho hong ho hlaha bukeng World Without End, ea Roger Pilkington. Mongoli o re: “Bangoli bohle ba Testamente ea Khale ba ne ba nka lefatše e le le bataletseng”. Hang hape, ho etsoa hore Bibele e bonahale e hanyetsana le thuto ea mahlale. Empa na e joalo?

Nahana ka mangolo a mabeli a hlalosang lefatše. Le leng le re: “O no o ale boputsoa ba Leboea holim’a sebaka se feela, oa fanyeha lefatše holim’a boliba.” (Jobo 26:7) Le leng le re: “[Molimo] ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.”—Esa. 40:22.

Mangolo ana ha a ka a ngoloa hore a fane ka thuto ea mahlale. Sepheo sa oona e ne e le ho re thusa ho ananela boholo ba Bomolimo ba Jehova. Empa na u ka re boemo bo hlahang—ba lefatše le pilikoechana le leketlileng sebakeng feela—ha bo lumellane le thuto ea mahlale? Ho e-na le hoo, ke tlhaloso e babatsehang ea se hlileng se bonoang ke ba fofang sebakeng ha ba le maetong a bona a sepaka-paka. Mong. Pilkington o ne a fositse ha a re: “Bangoli bohle ba Testament ea Khale ba ne ba nka Lefatše e le le bataletseng.”

LITŠŌMO TSONA HO THOENG KA TSONA?

Batho ba bang ba na le mathata hobane litaba tse ling tsa Bibele ho bonahala li makatsa lekholong lena la lilemo la mashome a mabeli la bohlalefi. Kajeno, ha ho motho ea tsamaeang holim’a metsi, ea fepang batho ba bangata ka mahobe a seng makae le lihlapi, ea tsosang bafu kapa ea phekolang ba kulang hona hoo. Ka baka leo, batho bana ba ikutloa hore litlaleho tsa lintho tse joalo ka Bibeleng e tlameha e be e le litsōmo.

Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore mehlolo e ne e le ketsahalo ea letsatsi le leng le le leng la mehleng eo. E ne e makatsa e bile e sa lebelloa, ‘mehlolo le lipontšo’ tse pakang hore Molimo ruri o tšehelitse mohlanka oa oona Jesu. (Lik. 2:22) Batho ba bangata ka nako eo ba ne ba rutehile hantle, ’me tsela eo ba neng ba itšoara ka eona ha ba bona mehlolo ea Jesu le barutuoa ba hae e etsoa ka moea o halalelang oa Molimo e ne tšoana haholo le eo re neng re ka itšoara ka eona. Ba “tšoha” kapa “ba tlala. . . . ho makala.”—Matt. 9:8, phet. e ncha; Lik. 3:10.

Hoa hlokomeleha hore le tsona lira tsa Jesu ha lia ka tsa latola hore o ne a etsa mehlolo. Tsa qholotsa mohloli oa matla a hae. Tsa khaola sefofu seo Jesu a neng a tutubollotse mahlo a sona. ’Me hang ba leka ho bolaea monna ea neng a tsositsoe ke eena. Empa li ne li tlameha ho lumela hore mehlolo eona e etsahetse.—Matt. 12:24; Joh. 9:30-34; 11:43-53; 12:9, 10.

Ho feta moo, batho ba baloang ka makholo ba bona Jesu a phela kamor’a ho bolaeloa pontšeng ke babolai ba koetlisitsoeng ke Baroma. Ba bang ba tlaleha maikutlo a bona ka libuka tseo re ka li balang kajeno. Ha ama bophelo ba ba bangata ho bona hoo bophelo ba bona bo ileng ba fetoha ka ho feletseng. Joale ba ne ba utloisisa hore ba ka shoela tumelo ea bona. Na tšōmo, kapa ntho e inahaneloang ke motho, e ne e ka ba le phello e joalo?

Ke ’nete, lintho tse joalo ha li etsahale kajeno. Empa inahanele u ne u ka ba le hona ho buisana le batho ba mehleng ea Jesu, ’me u ba bolella hore u bone motho a tsamaea khoeling, hore u na le hona ho buisana le batho ba ka lehlakoreng le leng la lefatše, hore uena le metsoalle ea hao le fofile moeeng, le hore ho na le mechine e ka tlalehang lintho le ho sebetsa lipalo tse thata. Ba ne ba tla re’ng? Hore kannete u tseba ho pheta litšōmo tseo u inahanelang tsona! Lintho tse joalo li ne li sa etsahale mehleng ea Jesu.

Empa tsebo ea mesebetsi e etsoang ka matsoho ea mahlale kajeno e nolofatsa mehlolo e joalo. ’Me ruri, boteng ba Molimo o Matla ’ohle bo etsa hore mehlolo eohle e tlalehiloeng ka Bibeleng e be bonolo ka ho tšoanang.

U KA E KHOLOA

Mongoli ea ileng a hlahloba ho hongata hoo ho thoeng ke ho ikhanyetsa ha Bibele o ile a fihlela qeto ena: “Ha re nahana ka boholo ba sebele ba Bibele le matla a tšusumetso ea eona ho theosa le lilemo, ‘liphoso’ tse nyenyane tseo bakhanani ba nang le tšepo ea ho li paka ka ho eona li nyamela feela. (Does Inspiration Demand Inerrancy? ea Stewart Custer) Hona ke ’nete. Ho feta moo, ha linnete tsohle li le teng, “liphoso” li pakahala e se e se liphoso ho hang.

Mongoli oa Australia o ipolela hore ‘o ne a lumela ka manganga feela’ ha ho tluoa Bibeleng. Joale o re: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ka etsa seo ka tloaelo e leng tšoanelo ea pele ea motlalehi: ka hlahloba mabaka a ka . . . ’Me ka hlolloa, hobane seo ke neng ke se bala [ka litlalehong tsa Melaetsa e molemo] e ne e se tšōmo ’me e se tumelo e se nang mabaka. E ne e le ntho e tlalehiloeng. Litlaleho tsa ba boneng le ba boleletsoeng ka liketsahalo tse sa tloaelehang, ’me ka linako tse ling—tabeng ea Luka—ho bokelloa ha bopaki bo ngotsoeng hammoho le se hlahisitsoeng ke ho buisana le ba boneng ka mahlo. Ho tlaleha ho na le monate, ’me monate oo o ka Melaetseng e molemo”

Re u khothalletsa ho latela mohlala oa monna enoa ’me u ‘hlahlobe mabaka.’ Bala Buka ’me u phetlehele ‘boholo ba sebele ba Bibele.’ U tla fumana hore Bibele ‘e nakong, e bohlale e-ea thahasellisa.’ Ke tlaleho e hapang maikutlo ea litšebelisano tsa Molimo le batho ho tloha qalehong. E sebetsana le mathata a teng hona kajeno ’me e fana ka keletso e thusang ba bangata hore ba atlehise bophelo ba bona. Ho feta moo, e na le molaetsa bakeng sa lekholong lena la mashome a mabeli la lilemo o ke keng oa hlokomolohuoa ke ba batlang tšepo e molemo le morero bophelong ba bona.

Haeba u fumana ho le thata ho utloisisa Bibele, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho fumana boitsebiso bo ka ho eona. E, mantsoe a John Quincy Adams e sa ntsane e le ’nete: “Bibele ke buka har’a libuka tse ling tsohle, e lokelang ho baloa mehleng eohle.” E sa ntsane e le Buka e ka kholoang le ho lateloa, ’me ho joalo haholo lekholong lena la lilemo la mashome a mabeli la lekhonono.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

KAINE O FUMANE MOSALI OA KAE

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

NA BIBELE E RE LETSATSI LE POTLOHA LEFATŠE?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

NA MEHELOLO E HLILE EA ETSAHALA-KAPA E NE E LE LITŠŌMO FEELA?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

MOTHO O ENTSE SENA. MOLIMO O KA ETSA HO HOHOLO HAKAAKANG!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela