Ho Kula—Tšepo ke Efe ea ho Lopoloha?
HO KE KE ha latoloa hore, ba hlomelletsoe ka kutloisiso e tebileng ea se bakang ho kula ha batho, lingaka li tsoetse pele haholo ho laola maloetse a mang. Empa mathata a bophelo a thibetse ba bangata hore ba ka thabela melemo ena ea tsoelopele ea bongaka. Kahoo, ho na le sebaka se sengata sa ho ntlafatsa.
Leha ho le joalo, ho na le sesosa se seholo sa ho kula le lefu se phahametseng matla a lingaka ho se sebetsa. Ka baka la sona, batho ka thato ea bona ba ke ke ba atleha ka ho feletseng ho loantša maloetse. Empa ha re ka hlokomela sesosa seo se seholo, ho ka re thusa ho bona hore na re ka ba le tšepo ea ho lopoloha sereng sena.
KE HOBANE’NG HA RE KULA?
Lebaka la motheo leo ka lona batho ba kulang le ho shoa le senoloa tšepisong e babatsehang eo Molimo o ileng oa e etsetsa Baiseraele ba boholo-holo: “Ha ho motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko! Sechaba se ahileng teng se tšoaretsoe libe.” (Esa. 33:24) Ke mona moo ho kula ho amahanngoang le “sebe,” kapa phoso. ’Me ho lokoloha ho kuleng ho amana le ho tšoareloa sebe.
NA JOALE HO KULA KE KOTLO EA SEBE?
Ho kula e ka ba phello e tobileng ea sebe. Bibele e-ea re lemosa: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Joalokaha re se re bone, ba “jalang” boitšoaro bo bobe, ba tsubang, ba molato oa botahoa le meharo ba “kotula” maloetse a mangata. Ke ’nete hore hase maloetse ’ohle a bakoang ke lintho tse joalo. Leha ho le joalo, ho kula hohle mohlala oa hona o hlaha ‘sebeng,’ kapa phosong.
KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKILENG BA KULA?
Ke hobane sebe seo e leng motso oa ho kula hase sa rōna. Se etsahetse khale, hona qalehong ea pale ea motho. Bibele e re bolella hore Molimo o entse motho oa pele, Adama, a phethahetse, a phela hantle ’meleng, a lebelletse le ho phela ka ho sa feleng. Hore a ’ne a thabele tsena ho ne ho itšetlehile ka hore a utloe ’Mōpi oa hae. Adama a ikhethela ho ba lerabele ’me kahoo a ikhaohanya le Molimo, eo ‘seliba sa bophelo se leng ho eena.’ Kahoo, motho oa pele a fetoha ea sa phethahalang, ea kenoang ke maloetse, ’me qetellong a shoa.—Gen. 2:17; 3:1-19; Pes. 36:9.
Hoa tsebisahala hore maloetse a itseng a ea futsoa. Ka ho tšoanang, sebe, ho se phethahale le lefu lia futsoa. “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Lefa leo Adama a ileng a le nea bana ba hae ke bophelo bo sa phethahalang ka ho kenelloa ke maloetse le lefu. Ke lona lebaka le ka sehloohong leo ka lona maloetse a leng teng kajeno.
NA MOLIMO O THAHASELLA HORE BATHO BA PHELE HANTLE ’MELENG?
Ho joalo ruri! Ka mohlala, a re ho Baiseraele: “Jehova o tla suthisetsa maloetse ’ohle hole le uena.”—Deut. 7:15.
MOLIMO O NE O SIRELETSA BOPHELO BA BAISERAELE JOANG?
Oa ba nea melao e neng e akarelletsa litokisetso tsa ho sireletsa bophelo ba ’mele ea bona. Ka melao ena, ngaka e ’ngoe ea re: “Liphuputso tse nang le tsebo e feletseng ea bongaka hona joale li etsa mosebetsi o motle haholo ’me li fihla qetong ea hore Bibele ke buka e nepileng haholo ea mahlale . . . Linnete tsa bophelo, se fumanoang ka mafu, pheko, le meriana e thibelang joalokaha li fanoe ka Bibeleng ke tse tsoetseng pele haholo le tse tšepahalang ho feta likhopolo tsa Hippocrates.” Hippocrates, eo ka nako e ’ngoe a bitsoang “hlooho ea bongaka ba kajeno,” ea phetseng lilemo tse ka bang 1 000 hoba Molimo o nee Baiseraele molao.
NA MOLIMO O RE THUSA HORE RE PHELE HANTLE ’MELENG KAJENO?
E, Bibele e na le melao bakeng sa rōna kajeno, e sebeletsang ho sireletsa bophelo ba rōna haeba re e latela. Botahoa, meharo, bosodoma, bofebe le bohlola, tse bakang maloetse a mangata a maikutlo hammoho le ho kula ’meleng, li haneloa ka ho totobetseng ka Bibeleng. (Liprov. 23:20, 21, 29-35; 1 Ba-Kor. 6:9-11) Ka ho tšoanang, ha re ‘itlhatsoa litšila tsohle tsa nama le tsa moea,’ re tla qoba maloetse a bakoang ke ho tsuba, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le ho hlafunoa ha “betel nut.” (2 Ba-Kor. 7:1) Le hona ho itlhatsoa ka mehla ho sireletsa bophelo ba rōna.
Ho phaella moo, rea bolelloa: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liprov. 17:22) Kajeno, karolo e phethoang ke ho imeloa maikutlong, khatello, bolutu le maikutlo a mang a botho e ntse e hlokomeleha. Ngaka e ’ngoe e ile ea bolela hore karolo ea hoo e ka bang 90 lekholong ea bakuli bohle ba tlang motebong oa eona ba jeoa ke ho imeloa maikutlong. Bibele e bontša bohlokoa ba “pelo e thabileng” ’me e re thusa ka mokhoa o molemo hore na re ka lula lipelo tsa rōna li thabile joang.
Ha re latela ena le metheo e tšoanang le oo ea Bibele, re tla sireletsoa maloetseng a mangata a hlasetseng batho kajeno.
NA BOPHELO BA ’MELE EA RŌNA BO TLA KE BO BE BOTLE KAMEHLA?
E, ho tla ba joalo, haeba re etsa seo Adama a ileng a hlōleha ho se etsa—ho tšepa Molimo ka ho feletseng le ho Moutloa. Topollo e feletseng ea rōna ho kuleng e finyelloa ka Jesu Kreste. Jesu o ile a tsoaloa ka mokhoa oa mohlolo, bophelo ba hae bo fallisoa ka matla a Molimo o Matla ’ohle ho tloha setulong sa hae se phahameng leholimong ho kena ka karoloaneng ea lehe le ka popelong ea moroetsana. Kahoo, a se na ntate oa motho, ha a ka a futsa bophelo bo sa phethahalang boo Adama a re neileng bona kaofela ha rōna e le lefa.
Jesu o ne a phethahetse. Ketsong ea lerato le leholo, a tela bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa rōna, e le hore re ka boelloa ke phetheho eane eo Adama a e lahlileng. Ha molemo oa sehlabelo seo o sebelisoa ka ho feletseng ho batho, ho kula, lefu le mathata ’ohle a tlisoang ke ho se phethahale li tla tlosoa.—Matt. 1:18-23; 20:28; Ba-Heb. 7:26.
Ka tsela ena, boprofeta bo buang ka Jesu bo tla phethahala: “O hlabetsoe libe tsa rōna, . . . ’me re pholosoa ke maqeba a hae.”—Esa. 53:5; 1 Pet. 2:24.
NA RURI JESU O NE A NA LE MATLA A HO PHEKOLA BATHO?
E, ka pel’a lipaki tse ngata Jesu a phekola “maloetse ’ohle le mefokolo eohle.” (Matt. 9:35) A ba a tsosa bafu. (Joh. 11:43, 44) Hona Jesu ha a ka a ho etsa ka ho ithuta bohlale ba bongaka empa ka matla a moea oa Molimo. Ka tsela eo ha bontšoa hore ka letsatsi le leng ho kula hohle, le hona ho shoa, ho tla tlosoa ’me ho fela ho tla ba joalo. Bonneteng, lipheko tse ileng tsa etsoa ke Jesu e ne e le tsa nakoana. Ba neng ba phekotsoe ba ne ba kula hape, ’me ba tsositsoeng ba shoa hape.
KE HOBANE’NG HA RE SA NTSE RE KULA, KAHA JESU A RE SHOETSE HOO E KA BANG LILEMONG TSE FETILENG TSE 2 000?
Karabelo ke hore ho tlosoa ha ho kula ho tlamahane le merero e meng ea Molimo e kang ho khaoloa ha khang ea borena, ho tlosoa ha Satane Diabolose, ho ahloloa ha batho, ho pholosoa ha ba fumanoeng ba tšepahala le ho lokisetsoa ha puso e khotsofatsang bakeng sa lefatše lena. Merero ena eohle e tla finyelloa ka ’muso oa Molimo ka Kreste. (Matt. 6:10) Merero e joalo e hloka nako hore e sebetsoe.—2 Pet. 3:5-13.
HO KULA HO TLA QETELLA HO TLOSITSOE NENG?
Rea tseba hore hase khale haholo! Jesu a nea balateli ba hae “Pontšo” e qaqileng haholo e le hore ba ka hlokomela nako ea ha a qalile ho busa e le morena maholimong—liketsahalo tse isang ho phethahaleng ha merero e meng ea Molimo. “Pontšo” eo e ne e akarelletsa lintoa, tšabo e matla ka nako e tlang, tlala e atileng, mafu a akaretsang le liketsahalo tse joalo tseo re bonang li etsahala kajeno. Ke hobane’ng ha u sa bale mantsoe a Jesu, le boitsebiso bo eketsehileng bo phaelletsoeng ke moapostola Pauluse? U bone hore na ha re phele nakong eo Jesu a ileng a e supa.—Bona Mattheu, khaolo ea 24, Mareka, khaolo ea 13, Luka, khaolo ea 21, le 2 Timothea 3:1-5.
Joale ke nako ea hore ’muso oa Molimo o kenelle litabeng tsa batho. (Matt. 24:14; 25:31-46; Dan. 2:44) Haeba re ithuta ka thato ea Molimo bakeng sa rōna ’me re e phetha, re tla phela ho bona ho phethahala ha tse ling tsa litšepiso tse khōlō haholo tsa Bibele. Maemo a kang ao Molimo o ileng oa a tšepisa Baiseraele ba boholo-holo a tla bonoa: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, li tsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esa. 35:5, 6.
Batsoali ba ke ke ba hlola ba hlomoha ke ho kula ha bana ba bona. Leha e le hore tšepiso ea bocha e tla fella sebakeng; kapa ho hōla lilemong ho thatafatsoe ke ho fokola ha ’mele. Ho e-na le hoo, ho tla tšoana le kamoo moapostola Johanne a boneng ponong: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšen. 21:4.
Na lintho tsee li tla hle li etsahale? Li tla etsahala ka sebele. Johanne o utloile ha Molimo o ho tiisa, hobane rea bala: “Ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” (Tšen. 21:5) Nakong eo e atamelang ka potlako motho o tla thabela ho lopoloha ka ho feletseng ho kuleng. Ka tsela e babatsehang e tla ba ’nete hore: “Ha ho mo ho . . . ea tla re: Ke bohloko! Sechaba se ahileng teng se tšoaretsoe libe.”—Esa. 33:24.