Likereke ‘ha li Bolele’
Kamorao ho mosebetsi oa lilemo tse peli, Lekhotla la Manyesemane la Likereke le ntšitse letoto la mecha ea tataiso eo ka eona, ho ea ka “The Guardian” ea London, e lemosang ka ‘ho ba le maikutlo a sekametseng evangeling haholo ha ho buisanoa le batho ba litumelo tse ling.’ Tataiso e amohetsoeng ke batho ba litumelo tsohle tse khōlō e bolela hore: ‘Ho bua kapa ho ngola hoo ka ho tobileng e leng ho amanang le “evangeli” kapa “lintho tsa moea” hangata ho tiisa hore maikutlo a fosahetseng a tla tiea,’ kahoo, ho lokela hore ho qojoe.
Bonneteng, Bibele ka boeona e-ea eletsa: ‘Ho ruta ka bonolo ba hanyetsang.’ Empa ho hang ha e qobe se ileng sa boleloa ke Kreste ho balateli ba hae ha a ba laela hore “le rute lichaba tsohle; . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—2 Tim. 2:25; Matt. 28:19, 20.