Leseli le Khanyang Khubung ea Afrika
E TAKALALITSE joaloka sephankha se palameng pere mpeng ea lefatše, Riphabliki ea Zaire e khubung ea Afrika. Pele e ne e tsejoa e le Congo. Libaka tsa likhoa tse khōlō le mehlōmo tsa Zaire ke lehae la litau, litšoene, linkoe, litlou, liokapi le libatana tse ling tse ngata tse hlaha. Ka ho rua lirafshoa haholo, e ’nile ea thahaselloa ke machaba ka nako e telele ’me ea e-ba sebaka sa liphutuhelano tsa ka lapeng kapa tse hlahang ka ntle. Leha ho le joalo, boholo ba baahi ba eona ba 26 000 000 ke batho ba se nang moea oa ntoa ba baikokobetsi ba pelo-nolo le ba ratang khotso bao le hoja ba susumelitsoe haholo ke mekhoa ea baholo-holo, ba hlomphang Bibele.
Bophelo ba bolumeli nakong e fetileng bo ne bo tšoauoa haholo ka tumelakhoela le tumelo ea meea ea bafu. Batho ba ne ba phela ka ho tšaba li-sa-tsejoeng ’me ba batla thuso ka liroala. Tumelo ena e beile batho bana lefifing le leholo.
Mathata a Pele
Ke ho ea qetellong ea bo1940 ha libuka tsa Lipaki tsa Jehova li qala ho tsamaea ka har’a Congo, empa ho se Lipaki tsa sebele tse tsamaisang ho sebelisoa ha tsona. Lihlopha tsa batho ba moo li ipitsa litho tsa “Watchtower” empa li sotha lithuto tsa Bibele le ho li tsoaka le mekhoa ea tsona ea tumelakhoela le tsela ea bophelo ea boitšoaro bo bobe. Hangata ba hana ho lefa makhetho le ho hanyetsa ’muso ka litsela tse ling. Hase ho makatsang hore ’muso oa Belgium o ile oa tlosa tšireletso ea molao mekheng ena ea “Kitawala,” kamoo e neng e tsejoa kateng. Empa ka phoso ba nkella Lipaki tsa Jehova le ‘mokha ona oa bohata oa “Watchtower”’ ’me oa hana ho lumella baromuoa ba ’nete ba Lipaki tsa Jehova ba ka beng ba ile ba thusa ho hlakisa taba.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le sehlopha se senyenyane seo le hoja se ne se beeletsoe ka thōko ho molao, se neng se kopanela linnete tsa Bibele le ba bang ka masene. Boitšoaro ba bona bo khabane le bo tšepahalang ba ba tšoaea e le ba fapaneng ho hang le Kitawala oa motšoenyi.
Ha ho atamela boipuso ba Congo ka 1960, ba nolofalloa haholoanyane ho tsebahatsa ’nete. Leha ho le joalo, ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki ha ba hloka temohisiso e seli le tumelo e matla. Boipuso ba etsa hore ba mameloe haholoanyane ’me ho ea qetellong ea 1960 palo ea ba neng ba khantša leseli la ’Muso ea phahama ho fihla haufi le sekete.
Tsoelopele ka Tlhophiso e Ntlafalitsoeng
Qetellong, ka 1961, baromuoa ba pele ba Lipaki tsa Jehova ba lumelloa ka molao ho kena ka har’a naha. Ha hlongoa ofisi ea lekala motseng oa moreneng, Leopoldville, oo hajoale o bitsoang Kinshasa ’me ha fella ka tsamaiso e molemo. Lintho tsa potlakela pele. Empa ho ne ho lokela hore ho hlōloe lintho tse ngata tse kang mathata a puo, sethepu, bomorabe, le tumela-khoela le bothuela. Mokhoa o seng motle oa puisano oa thatafatsa hore ho ka kopanoa le lihlopha tsa batho ba thahasellang ho potoloha naha. Balebeli ba tsamaeang ba tlameha ho khetha ba hlileng ba thahasellang ho latela linnete tsa Bibele le bao e neng e le litho tsa bohata tsa Kitawala. Mosebetsi ona o ne o se bonolo.
’Nete ea Bibele e Fetola Bophelo
Batho ba lipelo li tšepahalang ba fetola bophelo ba bona haholo. Monna e mong a ngola:
“Pele ke ithuta ka tsela ea bophelo ea Bokreste, ke ne ke rata lipapali haholo, ke kenetse ho kampana le litebele. Ho ’na ntoa e ne e le tsela bophelong, ho tšoarana ka matsoho ntoeng ke ne ke ho thabela haholo. Ke ne ke rata le ho phahamisa lintho tse boima. Ka 1963 ka hlōla bommampoling ba ho kampana Congo ’me hona selemong seo ea e-ba ’na oa pele ho phahamiseng lintho tse boima ke phahamisa 85 kg ka letsoho le le leng le 150 kg ka matsoho a mabeli. Ka linako tsohle ke ne ke batla matla le mamello ka liroala tsa ka. Ha hla ha e-ba joalo haholo ha ba batla ho nthomela Japane ho ea emela naha ea heso.
“Hang hape ka leleka mosali oa ka e le hore nka ineela lipapaling tsa ka. A ‘nkana’ le molaoli oa sesole. Ke ne ke ’ne ke ee ho ea ‘mona ka linako tse ling, ’me ka letsatsi le leng ka fumana buka e reng ‘Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape,’ eo lesole lena le neng le mo reketse eona. Ka khahloa ke buka ena ’me ka e kalima ka libeke tse peli. Ka khahloa haholo ke sehlooho se leqepheng la 203, ‘Kamoo Lefatše Lena le Fihlang Bofelong ba Lona.’ Ka bala buka ka hloko ’me ha ke nahana ka eona, ka keneloa ke letsoalo. Ka rera ho ngolla bahatisi hore ba nthomelle libuka tse ling, ’me ka nako eona eo ka ntša liroala tsa ka ka kamoreng ea ka ka li bea ho ea ntate. Lelapa leso la makalla sena haholo.
“Letsatsing leo ke ngotseng lengolo la ka ka lona, motho a nkokotela. E ne e le ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba neng ba batla ho kopanela le ’na litaba tse molemo tse tsoang Bibeleng. Pele ka hopola hore ba batla ho bona ntate ea neng a tšoere molepo boruting ka nako eo. Ka re ntate ha a eo, empa ka bohlale ba mpontša hore molaetsa oa bona le ’na o ntobile. Ha ke bona buka e ’ngoe ea Paradeisi ka mekotlaneng e butsoeng ea bona ka kenya letsoho la ka ka mokotlaneng ’me ka e nka. Ka ba bontša buka ea Paradeisi eo ke nang le eona hape le lengolo leo ke qetang ho le ngola. Ka khahloa haholo ke likarabelo tseo Lipaki tsena li nkarabetseng ka tsona ’me qetellong ka nka buka e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona ka mokotlaneng. Tsa mpolella sebaka sa Holo ea ’Muso e nyenyane ea moo li kopanelang.
“Ho fapana le khanyetso le litšokelo tsa ntate, ka ’na ka thusoa ke Lipaki ’me ka se ke ka fosa liboka. Ka senya liroala tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona ’me ka la 8 Pulungoana, 1964 ka nyalana ka molao le mosali oa ka eo ke neng ke phela le eena hape. Joale ka neela bophelo ba ka ho Jehova le ho tšoantšetsa boineelo ba ka ka kolobetso ea metsing.”
Hona joale Paki ena ke pula-maliboho ea khethehileng (mosebeletsi oa nako e tletseng) le moholo phuthehong ea Zaire e ka leboea. Ke mohlala o le mong feela oa ba likete ba tsoileng lefifing le bao hajoale leseli la bona la moea le khanyang.
Bolokolohi ba Bolumeli—Boa Fumanoa le ho Thibeloa
Ka 1966 Lipaki tsa Jehova Zaire li ne li ka fihla ho 4 000. Ka la 9 Phuptjane selemong seo phutheho ea ngolisoa ka molao ke ’muso. Ho tloha ka nako eo Lipaki tsa Jehova li ne li ka bolela pontšeng, tsa kopana hammoho ka bolokolohi le ho hlophisa likopano bakeng sa botsoalle ba Bokreste le taeo. Baromuoa ba ka kena kahare ho naha ’me ba kenya letsoho mosebetsing. Lithuso tsa ho ithuta Bibele tsa fetoleloa ka lipuo tse khōlō tse tšeletseng tse sebelisoang ka hare ho naha.
Empa bolokolohi bona bo eketsehileng ea e-ba ba nakoana. Ka la 31 Tšitoe, 1971, ha fetisoa molao o neng o hloka hore mekhatlo ea bolumeli kaofela ntle ho e meraro e meholo e kenye kōpo ea ho ngolisoa ka molao bocha. Leha e le efe e neng e sa ngolisoa likhoeli tse tharo ho tloha ka nako eo e qhaloe. Batho leha e le bafe ba sebelisang bolumeli bo sa lumelloang ke molao ba lokeloa ke litefiso tse boima le ho kenngoa litlamong ka lilemo tse hlano kapa ho fihla ho tse leshome. Lipaki tsa Jehova tsa kenya kōpo ea tsona bocha empa letsatsi la ho qetela la la 31 Tlhakubele la fihla ’me ho se karabo ea ho amoheleha molaong e fumanoeng.
Thibelo ena ea bolokolohi ba bolumeli ea tlisa mathata a mang. Ho ne ho ke ke ha hlola ho tšoaroa liboka tse khōlō tsa pontšeng. Baromuoa ba bacha ba ke ke ba hlola ba kena ka har’a naha ka bolokolohi. ’Me libakeng tse ling moo ba boholong ba neng ba thetsitsoe ke baetapele ba bolumeli, Lipaki tsa hlorisoa haholo.
Moba, Shaba, Lipaki tse fetang 200 tsa kenngoa litlamong ka 1973. Tsa qobelloa mosebetsi o matla haholo oa ho qala masimo, ho jala lijalo, ho lokisa marokho le ho haha matlo, tsena kaofela li etsoa ka matsoho le lijo li fokola haholo. Empa Lipaki tsa Jehova tsa tsoela pele le tsela ea tsona ea bophelo ba Bokreste ka khutso, li lebelletse matla le tsamaiso ho Jehova, ’me leseli la ’nete ea Bibele la ’na la khanya.
Mathata a Lokelang ho hlōloa
Boholo ba sebaka le ho haella ha litsela tse ntle li thatafatsa ho jaloa ha ‘litaba tse molemo.’ Ka linako tse ling motho o tlameha ho ema libeke pele a fumana seketsoana se tšelang e ’ngoe ea linōka tse tletseng naha. Kapa motho o tlameha ho tsamaea matsatsi a mangata a palame kamorao ho teraka e laetseng haholo mekotla ea poone kapa “manioc.” ’Me ho ba ke keng ba khona ho lefella maeto a lefelloang haboima, tsela feela ke hore ba tsamaee ka maoto.
Paki e ’ngoe ea phutheho ea Bulungu ea utloa hore ho na le kopano ea potoloho e tla tšoareloa Kikwit, lik’hilomithara tse 108 ho tloha moo e phelang. E ne e ’nile ea utloa ha ho boleloa ka likopano tsena ka makhetlo a mangata empa ho se mohla e kileng ea ba teng ho e ’ngoe ’me e batla ho tseba hore na li hlophisoa joang. E se na chelete ea ho lefella leeto, ea rera ho tsamaea ka maoto leeto kaofela le ngoana oa eona ea lilemo li 13. Ba nka matsatsi a mabeli tseleng, ba fihla Kikwit ka letsatsi la boraro, ba khathetse, ba lapile. Moo ea re ho baena: “Ho sa tsotellehe sebaka seo ke se tsamaileng le mora oa ka, ha kea bona ho le hole hakaalo. Jehova o nthusitse.”
Balebeli ba tsamaeang ke bona bao haholo ba tlamehang ho bontša khothalo e khōlō le tumelo e le hore ba ka etela baena ba bona ka khothatso ea moea. Hangata liphutheho li arohane haholo ’me hangata ho na le libaka tse nang le monoang o mahloko tseo ho lokelang hore ho fetoe ho tsona, meru e nang le liphoofolo tse hlaha, kapa linōka tse bohale tse tletseng. Ho tloha Kinshasa ho ea motseng o o latelang ka boholo oa Lubumbashi, ke bohole bo fetang ho tloha London ho ea Rome.
Molebeli e mong oa potoloho o ile a ngolla lekala se latelang a kōpa tšoarelo bakeng sa tlaleho e liehileng:
“Tieho e tsoetsoe ke maemo ao ke a thathamisitseng tlase mona. Ka la 12 ’Mesa terene e ne e tšoanela ho tloha Kisangani ho ea Ubundu. Terene e tloha ka 8 hoseng, empa, kaha libaka lia fokola, batho ba tlameha ho fihla moo ka 3 ka meso e le hore ba ka fumana libaka. Re ne re le ka mose oane ho nōka ’me ra rera hore ho ka ba molemo ha re ka tšela le mosali oa ka le mora e monyenyane, Moza, ho ea robaletsa.
“Ke bohareng ba nako ea lipula ’me nōka e tletse. Ka 7:30 mantsiboea, ra kena koloing ho ea nōkeng ka khopolo ea ho fumana seketsoana se tla tšela. Ha re kene ka seketsoaneng ra phakisa ho hlokomela hore batho ba bangata haholo. Ra phehella motsamaisi oa seketsoana hore a theole batho ba bang kapa bonyane rōna re tsoe. Empa, ka baka la ho lapela chelete kamoo a neng a le kateng, a arabela hore, ‘Likambo te!’ ‘Hase letho, se k’a tšoha,’ eaba o lumisa seketsoana. O ne a e’so khanne le sebaka sa limithara tse 15 ho tloha lebopong ha seketsoana se khitla lefika le ka tlas’a metsi, se khehlemana habohloko ho bileng ha batla se phethoha. Ka nōkeng ha oela batho ba 30, ba bokolla, ba hoeletsa, ba phakalalitse matsoho.
“Inahaneleng, baena ba ratehang, ka pono ena ka nōkeng ea Zaire. Thoto eohle ea rōna ea ea le metsi, ho akarelletsa lifaele tsa ka, liforomo, mochine oa li-slide le li-slide kaofela. Ka hoeletsa mosali oa ka hore a khobe matšoafo le hore a tšoare ngoana ka thata ho fihlela ke fihla ho bona. Ka thabo mosali oa ka le ngoana ke bona feela bao seketsoana se sa kang sa ba akhela ka ntle, empa joale se ne se kenela metsi ka potlako se le haufi le ho teba. Ka lehlohonolo qetellong bohle ba huleloa ka ntle ba phela, ntle ho hore thoto ea ka e ne e ile, ho akarelletsa mochine oa li-slide.”
Litebello tse Ntle Kamoso
Ka la 30 ’Mesa, 1980, mookameli oa Riphabliki ea Zaire a tekenela molaong Taelo ea 124 e boetseng e hlokomelang ka molao Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova. Ho tloha ka nako eo ho sebetsa ka bolokolohi ho felletse ka keketseho e khōlō mosebetsing oa ’Muso ho feta nakong e fetileng.
Ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba leshongoana feela bao ka mafolo-folo ba neng ba tsebahatsa leseli la bona Congo ho ea qetellong ea bo-1940. Empa palo ea baboleli ba mafolo-folo ba litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo Zaire e fihlile tlhorong ea 25 753 ka 1981. Ho na le basebeletsi ba nako e tletseng ba bopula-maliboho ba 2 200 ho akarelletsa bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba 450 ba ineetseng ho qalisa libaka tse ncha. Khoeli le khoeli batho ka bomong le malapa ba 36 000 ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. ’Me ha re sheba litaba ka batho ba 107 766 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste liphuthehong tse 838 Zaire eohle ka la 19 ’Mesa, 1981, ho na le batho ba bang ba bangata haholo ba ratang ho fumana molemo ka leseli la ’nete le khanyang hona joale naheng ena. Merabe e fetang 200 e buang lipuo kapa maleme a 300 e fumana bopaki bo amanang le ’Muso hona joale.
Ho sa na le mathata a mangata a lokelang ho hlōloa, a kang mekoallo ea puo, bomorabe, sethepu, tumela-khoela, bothuela le ho haelloa ke lipalangoang le mokhoa oa puisano, ha re bolela a seng makae feela. ’Me mathata a moruo ka ho theoha ho phahameng ha matla a chelete le tsona li amme Zaire. Empa hona ho bakela batho ba bangata hore ba batle tšepo e tiileng bakeng sa nako e tlang. Lipaki tsa Jehova li ba nea tšepo eo—taolo e ncha ea Molimo tlas’a ’muso oa hae ka Kreste Jesu!
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 30]
Ka baboleli ba ’maloanyana ba ’Muso Congo qetellong ea bo1940, palo ea baboleli ba mafolo-folo ba ‘litaba tse molemo’ Zaire e ile ea fihla tlhorong ea ba 25 649 ka ’Mesa 1981
[’Mapa o leqepheng la 28]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Zaire