Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 8/15 maq. 29-30
  • Basomi ba Bibele ba Fetola Monahano oa Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basomi ba Bibele ba Fetola Monahano oa Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re ka Tšepa Likosepele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 8/15 maq. 29-30

Basomi ba Bibele ba Fetola Monahano oa Bona

LEKHOLO la lilemo la mashome a mabeli le bone tsoelo pele e khōlō ho ngoloeng ha Bibele ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane. Ho sibolloa ha meqolo e mengata ea pelenyana, haholo “Chester Beatty and Bodmer Papyri” le Moqolo oa Leoatle le Shoeleng, li entse hore ho be bonolo ho fumana buka e atamelaneng haholoanyane le tsa pele ho feta kamoo liithuti tse ngata li neng li lebelletse ho fumana. Kutloisiso e kholoanyane ea lipuo tsa pele tsa Seheberu le Segerike e boletse phetolelo e tobileng haholoanyane ea Bibele ka lipuo tse ngata tse potang lefatše. Ka baka leo, ho tla bonahala hore tsoelopele e joalo e tlameha ho sia hole-hole maikutlo a lilemong tse fetileng tse 200, le haeba a na le ho hongata mosebetsing o entsoeng nakong eo.

Kahoo mohlomong ho bonahala ho makatsa ho fumana hore maikutlo a Johann Jakob Griesbach (1745-1812) ho buuoa ka oona hape kajeno. Ka 1976 ho bile le seboka Münster, Riphabliking e Kopaneng ea Jeremane, se etselitsoeng feela mosebetsi oa seithuti sena. Ke hobane’ng ha ho tsosolosoa lithuto tsa hae kajeno?

Hoba a fumane lengolo le phahameng ha a le lilemo tse 23, Griesbach a haola Europe, a etela matlo a pokello ea libuka ho hlahloba meqolo ea Mangolo a Bakreste a Segerike. Litholoana tsa phuputso ena tsa hatisoa ka 1774 le ka 1775, ’me phetolelo ea hae ea Segerike (likhatisong tsa morao) ea sebelisoa ke bafetoleli ba ’maloa ba Bibele, ho akarelletsa Mobishopo e Moholo Newcome, Abner Kneeland, Samuel Sharpe, Edgar Taylor le Benjamin Wilson (enoa oa morao ho The Emphatic Diaglott).

Ka lekhetlo la pele, Griesbach a akarelletsa meqolo ea khale ho feta e neng e sebelisitsoe ke Erasmus phetolelong ea hae ea Segerike ea 1516 C.E. Bohlokoa ba patlisiso ena bo totobala ka tlhaloso e latelang: “Griesbach a senya lihora tse telele boitekong ba ho fumana tse balehang hamolemo haholo har’a tse sa tšoaneng tse ngata ho Testamente e Ncha. Mosebetsi oa hae oa rala motheo oa ho songoa ha kajeno ha litemana ’me ke eena, ka tekanyo e khōlō ea ikarabellang ka phetolelo e sireletsehileng ea Testamente e Ncha eo re e thabelang kajeno.”—J. J. Griesbach: Synoptic and Text-Critical Studies, 1776-1976, leq. xi.

Ka 1776 Griesbach a lokolla Khutsufatso ea hae ea Molaetsa oa Mattheu, Mareka le Luka, ka phetolelo e bapisitsoeng ka likarolo hore e balehe habonolo. Ho tloha ka nako eo, a ile a bitsoa Melaetsa e ‘khutsufalitsoeng’ hobane e fana ka maikutlo a joalo. Griesbach o ne a lumela ka matla hore Melaetsa ena e ngotsoe ke batho ba boletsoeng, hore Mattheu ke paki e boneng ka mahlo liketsahalo tseo a li ngotseng, le hore “baapostola ba ne ba entsoe ba tšoanelehang ke Moea o Halalelang kutloisising le ho fetiseng thuto ntle ho kotsi ea phoso.”

Ka boithuto ba hae Griesbach a fihlela qeto ea hore Molaetsa oa pele o ngotsoe ke Mattheu, oa bobeli ke Luka ’me oa boraro ke Mareka. Empa le bophelong ba Griesbach, khopolo ea hore Mareka ke oona Molaetsa o ngotsoeng pele e ile ea fanoa ke G. S. Storr. Ho tloha ka nako eo maikutlo ana a tšehetsoa hohle, hammoho le tumelo ea hore pele ho Melaetsa ho na le moqolo o sa tsejoeng o lahlehileng o bitsoang ‘Q.’ Liithuti tsa morao tsa phaella marapo a mang le mehloli ea khopolo ena, ’me puisano ka eona le katoloso e kene libukeng tse ngata le li hloohong tsa litaba tse likete. E ile ea fetoha ea bohlokoa ho baruti ba bangata ba bolumeli hoo e bileng ea e-ba le sebopeho sa “sehlooho sa tumelo.” Ka baka leo, Griesbach a behelloa ka thōko ’me hangata a songoa ka matla.

Kamor’a ho laola litaba ka nako e telele hakana, khopolo ea ‘tokomane ea mohloli,’ joale ea nyatsuoa. Ha liithuti tse ngata li boetse li hlahloba monahano oa tsona, li ‘sibollotse bocha’ maikutlo a Griesbach. Hoba a etsoe hore a lumellane le litokiso tse itseng, maikutlo ana a fumanehile a rarolla ka mokhoa o nepahetseng haholo lipotso tse teng ka Melaetsa.

Maikutlo a ‘tokomane ea mohloli’ a sentse tumelo ea batho ba bangata pululelong ea Bibele. (2 Tim. 3:16, 17) Tšekamelo ena ha e ncha, hobane moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea hore “u tle u laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele; ’me ba se ke ba ineela litšomo le litaba tse sa feleng tsa masika, e leng litaba tse hlahisang likhang, e seng khahiso ea ntlo ea Molimo e tiisoang ka tumelo, le joale ke sa u laela”—1 Tim. 1:3, 4.

Hoa khahlisa hore Mobishopo B. C. Butler, ea ileng a sireletsa ho tla pele ha Mattheu o batla a eme a le mong ka lilemo tse itseng, o bea monoana oa hae seno-tlolong sa potso kaofela, a re: “Ea botsang a sa thetsoa, ea lakatsang ho fumana ’nete, hangata, o tla iketsetsa qeto, haeba a bala a bile a balisisa Molaetsa o Khutsufalitsoeng e le buka kaofela, hore bangoli ka bobona e ne e le batho ba tšepahalang, ba ngola seo ba lumelang kannete hore ke ’nete. Joale o tla bona hore o ne a ke ke a lumela lintho tsena hore ke ’nete ntle leha linnete tsa pale, kamoo ho leng kateng, e le tse ipakang hore ho ne ho hlile ho le joalo.’—Searchings, leq. 85.

Ha ho tokomane e lahlehileng e sebelelitseng e le motheo oa tlaleho ea Molaetsa oa Mattheu, Mareka, Luka le Johanne. Ba ngotse tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Jehova Molimo. Bonneteng, maikutlo a phoso a batho a ka ’na a tšoarella ka nakoana, tabeng ena ka lilemo tse ka bang 200. Ho sa le joalo, tumelo ea batho ba bangata Lentsoeng la Molimo e-ea senngoa ka lekunutu. Empa haeba re bohlale re tla hlokomela bopaki bohle bo bokellaneng ho bontša ho tšepahala le tšusumetso ea bomolimo ea Bibele. ’Me re tla tlohella basomi ho fetola monahano oa bona hangata kamoo ba lakatsang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela