Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 8/15 leq. 31
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 8/15 leq. 31

Na u sa Hopola?

Na u nahanne ka hloko mehopolo e litokollong tsa morao tjee tsa “Molula-qhooa”? Haeba ho joalo, mohlomong u tla hopola se latelang:

● Ke mang feela eo ka katleho a ka khethang botle ho bobe?

Ke feela bao likelello tsa bona nako le nako li ntseng li tiisoa ke litaba tsa moea tse tsoang Lentsoeng la Molimo. Tsebo ena e chorisa ‘matla a temoho’ a bona, kahoo a ba koetlisa kutloisisong ea bona hore ba se thetsoe habonolo. (Ba-Heb. 5:14; Gen. 8:21)

● Na ho kula ke kotlo ea sebe?

Ho kula ka ho toba ho ka hlaha ka baka la sebe joalokaha Bibele e bolela: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) Hona ke ’nete ho ba “jalang” boitšoaro bo bobe, ho tsuba, botahoa, meharo, le tse joalo. Leha ho le joalo, motso oa ho kula hohle o ka saloa morao ho tloha ho Adama. (Ba-Roma 5:12)

● Ke joang uena joaloka mocha oa Mokreste u ka hanelang meleko ea boitšoaro bo bobe?

Itšebe le batsoali ba hao ba tšabang Molimo kapa baholo ka phuthehong. Qoba ho nahana le ho sheba kapa ho kopanela lintho tse tsosang takatso ea botona kapa botšehali. (Ba-Kolose 3:5; 1 Ba-Korinthe 9:27) Haha kamano ea botho le Jehova ka ho ithuta le ka ho rapela.—

● Uena joaloka motsoali u ka fihla pelong ea ngoana oa hao joang?

Sethathong, buisanang le bana ba lona, le ba nea thuso e molemo le e botsoalle kamoo ho hlokahalang. Batsoali ba lokela ho sebelisana ho haha kamano e atamelaneng ea lelapa ba bea mohlala o motle ka bobona boithutong ba kamehla ba Bibele, thapelo le tšebeletso ea tšimo. Ba hlokomela hore thuso ea bomolimo e-ea hlokahala ho fihla pelong ea ngoana. (2 Ba-Kor. 4:7; Pes. 51:5)

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela