Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Setšoantšong sa “Litalenta,” ke bo-mang ba emeloang ke bahlanka ba bararo?—Matt. 25:14-30.
Kaha bahlanka kaofela ba ka tlung ea ‘morena,’ ba emela bohle ba lebelletseng ho ba majalefa a ’muso oa leholimo, ka mahlale a sa tšoaneng le menyetla ea ho atolosa lithahasello tsa ’Muso. Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. Ho ea pele ho tla fihlela mehleng ea kajeno, bahlanka ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ba le bohlale bo boholoanyane, matla le menyetla ea ho atolosa “mesebetsi” ea morena, e beiloeng kalosong ea bona. Baapostola le ba bang ba nang le litokelo tse atolohileng ba ne ba tla ba sehlopheng sa “litalenta” tse hlano. Maemo a ba bang a ne a tla ba horeletsa, ho seo ba neng ba tla tseba ho se etsa. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore bohle ba be ka moea ’ohle boineelong ba bona le tšebetsong, ’me bohle ba ne ba tla fumana moputso o tšoanang.
Le eena mohlanka ea ileng a neoa “talenta” e le ’ngoe o ne a sa rereloa pele ho nako hore a oe. Hoja feela o ne a ile a eketsa “talenta” eo e le ’ngoe ka e ’ngoe, ho bonahala a ne a tla ’ne a fumane ‘moputso oa ho kena thabong ea morena oa hae.’ Kaha o iponahalitse a le ‘botsoa’ a bile a le “mobe” o emela majalefa ao a ’Muso a fetohileng a sa tšepahaleng. Ha ba lahleheloe ke Iitokelo tsa bona feela empa hape le moputso leha e le ofe.
Litho tsa Bojakane li ipolela hore ke bahlanka ba ’nete ba Morena, Jesu Kreste, empa mantsoe a bona le liketso li sebeletsa ho ba latola boipolelong leha e le bofe ba hore ba ka tlung ea Morena. Kahoo ha ba kene tabeng e le ba lebelletseng ho ba majalefa a ’muso oa leholimo.