Buka e Batloang ke Batho
’Moloki oa mangolo oa lebenkele le leng la St. John, Newfoundland, a buisana le mongoli. Ha buelloa buka “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele” ho mongoli. Ho ne ho le nako a ntse a batla buka e joalo empa a fumana hore mekhatlo e sa tšoaneng ea bolumeli libuka tsa eona li lefelloa haboima. Ha a fumana hore buka ena e fumanoa ka moneelo o monyenyane a hla a e amohela. Ha mookameli le ba bang ka lebenkeleng ba bona buka ba e batlela bana ba bona, bona ka bobona le metsoalle ea bona. Ka baka lena ’moloki oa mangolo a fana ka libuka tse 25 tsa “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele” ho basebetsi ba lebenkele.
Le uena u ka thabela ho fumana “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.” E na le litlaleho tse 116 tsa Bibele tse neang ’mali leseli la seo Bibele e buang ka sona. Buka e ngotsoe ka mongolo o motenya e na le litšoantšo tsa fetang 125, boholo ba tsona li le mebala e metle. Fumana buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256 ka ho tlatsa setlankane sena le ho se posa.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, eo ke kentseng R2,50 bakeng sa eona.