Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 7/15 maq. 9-14
  • “botšepehi ’Musong” bo Bolela Eng ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “botšepehi ’Musong” bo Bolela Eng ho Uena?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi ke Eng?
  • Letsatsi la Lelapa
  • Letsatsi la Tšebeletso ea Tšimo
  • Letsatsi la Phutheho
  • Letsatsi la ’Muso
  • Jehova O Alosa ba Tšepahalang ba Hae
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 7/15 maq. 9-14

“botšepehi ’Musong” bo Bolela Eng ho Uena?

“TSEBA hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba . . . ba se nang . . . ho tšepeha.” (2 Timothea 3:1, 2) Ha ho ea ka latolang hore kajeno re utloa ho phethahala ha mantsoe ana a boprofeta. Ho na le moea o ntseng o ja setsi, o busang oa ho se tšepahale o tletseng lefatše. O teng hohle tsamaisong ea batho, o ja likamano tse ntle pakeng tsa batho ka bomong, malapeng, motseng le lichabeng ka ho tšoanang. Ke o mong oa lintho “tse bohloko” ho li sebetsa, tse supang ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.

Empa moea o akaretsang le molaetsa tse neng li phahamisa Likopano tsa Setereke tsa “Botšepehi ’Musong” tsa Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa tšoaroa selemong se fetileng ebile o fapaneng ka ho khathollang hakaakang. Sehlooho sa “Botšepehi ’Musong” se ne se lumellana hantle le mantsoe a Davida: “Jehova, mesebetsi ea hao kaofela e tla u rorisa, bakhethoa ba hao ba u boke. Ba tla bolela khanya ea ’muso oa hao, ba tumise matla a hao.” (Pesaleme 145:10, 11) Ho neng ho etsahala libokeng tsena tse khōlō, le tsa lefatše lohle ho ipakile ka mokhoa o etsang qeto hore ho sa na le batho ba bangata ba phelang ba sa lumellaneng le mekhoa ea lefatše ea ho se tšepahale. Ho fapana le moo, ba batla ho bontša botšepehi litšebelisanong tsohle tsa bona le batho ba bang, ’me haholoholo ba lula ba tšepahetse ho “’muso oa Morena oa rōna [Jehova] le oa Kreste oa hae.”—Tšenolo 11:15.

Na u bile le tokelo ea ho ba ho e ’ngoe ea likopano tsee? Re na le tšepo ea hore ho bile joalo. Haeba ho joalo, u ile ua angoa joang ke lipuo tse ngata, liphihlelo bophelong le litšoantšiso tse khahlang tsa Bibele tse ileng tsa etsoa? Na u ile ua ikutloa ho teba ka ho uena kamano ea hao le Jehova le kananelo e hōlang kahohle hore na ho ineela ha hao ho eena ho bolela eng le hore na ho ama eng? Na ’muso oa Molimo o ile oa fetoha oa sebele haholoanyane ho uena? Ka lentsoe le le leng—Botšepehi ’musong bo bolela eng ho uena joale?

Molemong oa babali bohle ba rōna re ke re lokolise tlhaloso e potelletseng ka sehlooho sa taba sa lenaneo le tse ling tsa lintlha tse phahameng tse ileng tsa fanoa. Hona ho tla hlakisa mehopolong ea rōna sepheopheo sa likopano tsena ’me ho tla bontša hore na khang ea Botšepehi ’Musong e lokela tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna joang.

Botšepehi ke Eng?

Lentsoe “botšepehi” le fetoletse lentsoe la Seheberu hheʹsedh. Le supa ka mosa oo ka lerato o itohellang nthong ’me ho se mohla o e tlohelang hore e nyamele ho fihlela ha morero oa eona mabapi le ntho eo o phethahala. Ena ke tšobotsi e hlollang eo kamehla Molimo o e bontšang mabapi le merero ea oona le bahlanka ba oona. Ho feta tsohle, Jehova o tšepahala boreneng ba hae bo phahameng ka nepo. Ho fihlile nako ea hore borena bo phahameng ba Molimo bo bontšoe lefatšeng lena lohle ka ’muso oa Messia o beiloeng matsohong a Mora oa Molimo, Jesu Kreste, le ba tla busa le eena ebile e le baprista ba 144 000. ’Muso ona ke ntho e ’ngoe eo Jehova a hlileng a tlamahaneng le eona haholo le eo a ke keng a e tlohela ho fihlela ‘lichaba li tla ho tla rapela maotong a hae.’—Tšenolo 15:4.

Hase ho makatsang, he, hore ho tšepahala ha Jehova ho tobisitsoe ka ho khethehileng ho bohle bao ka tieo ba ntseng ba rapela: “’Muso oa hao o tle.” (Matt. 6:10) Ena ke karolo ea botšepehi ba Bokreste e hlileng ea hlokomeloa ka ho khethehileng likopanong tsena. Na u ipona u se u le mofo oa ’muso oa Molimo? Mofo ea tšepahalang? Eo ka linako tsohle a tla tlamahana le Jehova, Mora oa hae le bafo ba bang ba tšepahalang le baboleli ba ’Muso? (Matt. 22:37; 1 Pet. 4:8) Haeba u ikutloa ka tsela ena, haeba hona ke boikemisetso ba hau, joale u tla amohela moea le se boleloang ke polelo Botšepehi ’Musong. U ka thaba hore u tsebe hore ‘motho ea tšepahalang [Jehova o] mo etsa ka botšepehi.’—2 Samuele 22:26, NW.

Kaha joale u mofo oa sebele kannete, ’Muso oa Molimo, joale u tlameha ho ikemisetsa ho ikokobetsa ka botšepehi le ho mamela melao eohle le metheo ea ’muso oa leholimo. Tsohle re li behetsoe ka lentsoeng la Molimo, Bibele. Li sebetsa likarolong tsohle tsa bophelo ba mokreste: ka tikolohong ea lelapa, mosebetsing oa motho oa boboleli e le mosebeletsi oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ka phuthehong ea Bokreste le boikutlong ba motho bo akaretsang tokisetsong ea lefatše lohle ea puso ea leholimo eo Jehova a e sebelisang hona joale lefatšeng lena. Likarolo tsena tse ’ne tsa bophelo ba Mokreste ho ile ha sebetsanoa le tsona tlas’a lihlooho tsa Letsatsi la Lelapa, Letsatsi la Tšebeletso ea Tšimo, Letsatsi la Phutheho le Letsatsi la ’Muso. Ka bokhutšoanyane re ke re buisaneng ka se seng le se seng ho tsona ka ho latellana ho tiisa hore re utloisisa boahlamo bo batsi ba Botšepehi ’Musong, ’me kahoo re na le thuso ho arabeleng potso ea botho hore na: Bo bolela Eng ho ’Na?

Letsatsi la Lelapa

Batsoali—bana ba lōna ba senola eng ka lōna? Ke eng se tlang pele bophelong ba lōna? Na ke lithahasello tsa ’Muso kapa lintho tse bonahalang? Likarabelo tsa lipotso tse batlisisang joalo li tlamahane le botšepehi ba lōna ho Jehova. Haeba le jala ho tšepahala ’musong oa Molimo ho ngoana oa lona, le ka kotula ho tšepahala. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 9:6.) Hona le ka ho etsa joang? Ithuteng Lentsoe la Molimo ka mehla le malapa a lōna. Beelanang mabaka le bana ba lōna hore na ke hobane’ng ha keletso ea Jehova e le eona e molemo ka ho fetisisa. Etelang libaka hammoho. Etsang lintho hammoho le le lelapa. Puisano ea lōna e lule e lokolohile ka linako tsohle. Phutheho e ka thusa, empa ha ho mohla e ka nkang sebaka sa lōna joaloka batsoali ba masene. (Ba-Efese 6:4) Le kamohla u se ke ua tela ho kenya ka ho bana ba hao Botšepehi ’Musong!

Bana—Sebelisanang le batsoali ba lōna ’me le ba mamele le baholo ba ka phuthehong. Qobang mefuta eohle ea boitšoaro bo bobe le puo e litšila. Hona ke ho tšepahala ho batsoali ba lōna, phutheho le Jehova. Sepheo sa lōna bophelong ke sefe? Ho hōlisa litšoaneleho tse ntle tsa moea? Ho kopanela boboleling kamehla? Ho ba teng libokeng kamehla? Ho ntlafatsa kamano ea lōna le Jehova? Ho ba pula-maliboho, moromuoa, mosebeletsi oa Bethele? Haeba tsena ke lipheo tsa hao, u tla be u bonahatsa koetliso ea batsoali ba tšepahalang ’me u ipaka ka bouena hore u mofo ea tšepahalang oa ’muso oa Molimo.

Letsatsi la Tšebeletso ea Tšimo

Jesu o itse: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Mattheu 24:13) Ho hopola lipheo tsa moea ho re thusa bohle ho mamella. Lipheo tsena li akarelletsa ho hōla tsebong ea Bokreste le litokelo tse eketsehileng tšebeletsong, haholo tšebeletso ea nako e tletseng. Balebeli le batsoali ka ho tšoanang ba ka etsa ho hongata ho khothatsa ba baholo le ba banyenyane hore ba finyelle tokelo ena e khōlō ea tšebeletso ’me kahoo ‘ba batle ’muso oa Molimo pele bophelong ba bona.’ (Mattheu 6:33) Hona, le hona, ke ho tšepahala ’musong oa Molimo. Kajeno, pitso ea ho nka bohato ke hore: Hatelang pele, Lona Baboleli ba ’Muso! Ka sebele, basebeletsi bohle ba Molimo ba lokela ho lebisa mahlo a bona pele ’me ba nke bohato bo eang pele, kahoo ba latela mohlala oa Jehova le Kreste Jesu.

Letsatsi la Phutheho

‘Molebeli e be ea . . . tšepahalang.’ (Tite 1:7, 8, NW) Ea tšepahalang ho eng? Ho Jehova le metheo ea hae ea ho loka, ho Kreste le “mohlanka ea khabane” oa hae le tokisetso ea phutheho.—Mattheu 24:45-47; 1 Ba-Thessalonika 2:10; Tšenolo 1:12-17; Ba-Efese 1:22, 23.

Na u molebeli? Ak’u latele mohlala oa Jesu. O ile a itela ka boeena. Ho etsa mosebetsi oa Jehova e ne e le ntho e ka sehloohong bophelong ba hae. Cheseho ea hae ea boela ea bontšoa leratong la hae la se molemo le ho hloea ha hae se sebe.—1 Petrose 2:21; Ba-Heberu 1:9.

Boikutlo ba hao ke bofe ka litaelo tse tsoang ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale”? Botšepehi bo lokela ho u khannela hore ‘u mamele.’ (Jakobo 3:17, NW) Kamehla u leke ho amohela moea oa taba e hatisoang ke sehlopha sa “mohlanka.” Joale u e fetisetse ho phutheho. Baena ba hloka hore u be le mohlala o motle ha u sebelisana le sehlopha sohle sa baholo. Ba hloka hore u ba tšehetse tšebeletsong le litokisetsong tsohle tsa phutheho. Ho tšepahala ha hao ho tla putsoa hantle joaloka ha Davida. (Pesaleme 18:1-3, 25) U tla ba le letsoalo le hloekileng haholoanyane, kelello e khutsitseng le phutheho e kopaneng le e matla ka ho tšepahalang.

Letsatsi la ’Muso

“Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Jehova Molimo o tseba ho hlophisa litaba hoo e leng hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaisoang ke melao ea hae e na le sebaka sa eona. Pōpo ea hae ke bopaki ba sena. Hase ho makatsang, he, hore Jehova kamehla o amehile ka khotso le taoleho ea borapeli ba hae ba ’nete lefatšeng. Mohlala o motle oa sena le liphello tsa sona tse molemo ke o fumanoang lebothong le lenyenyane la Gideone la bahlabani ba 300 ba ileng ba kopanela tlhōlong e khōlō ea puso ea leholimo ho lira tsa bona. Ba ile ba hlōla ka lebaka lefe? Ka baka la kutlo e tšepahalang le ho lumellana ka matla-matla le litaelo tsa puso ea leholimo tse ileng tsa fanoa ka moeta-pele oa bona ntoeng. Re bolelloa hore “ba ema e mong le e mong bakeng sa hae.” (Baahloli 7:19-21) Ke mohlala o babatsehang hakaakang bakeng sa barapeli ba ’nete kajeno! Ho fapana le ho leka ho hlahella pele ka maikutlonyana a rōna le mekhoa, ka boithatelo re ikokobeletse tokisetso ea puso ea leholimo, re hlokomela mocha oo Jehova a tataisang batho ba hae ka oona.

Jehova O Alosa ba Tšepahalang ba Hae

Tsena ke tse ling tsa lintlha tse phahameng tse ileng tsa phahamisoa likopanong tsa “Botšepehi ’Musong,” ho hlakisetsoa bohle ba teng hore” ’muso oa morena oa rōna le oa Kreste oa hae” o ntse o susumetsa haholoanyane bophelo ba barapeli bohle ba ’nete kajeno. (Tšenolo 11:15) Moputso oa hona joale oa bohle ba ipakang ba tšepahala ’musong oa Molimo o moholo. Liproverbia 2:8 e-ea ba tiisetsa: “[Jehova] o lebela ’mila oa ho loka, o lisa tsela ea bakhethoa ba hae.” Lipaki tsa Jehova li kholoa sena. Ka kholiseho li ikemiselitse hona joale ho tsoela pele e le baboleli ba tšepahalang ba ’Muso.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Mosali ea lilemo li 72, ea kolobelitsoeng kopanong ea setereke ea Belmont Park New York, o hlalositse botšepehi ba hae ’Musong ka hore a re: “Ha ho pelaelo kelellong ea ka hore bona ke bolumeli ba ’nete . . . ke batla ho sebeletsa Jehova e le Molimo feela oa ’nete”

[Lebokose se leqepheng la 10]

Monna ea lilemo li 71, a tetse ho noa ka matla le ho tsuba tseo a li entseng bophelong bohle ba hae, a kolobetsoa Dodger Stadium, Los Angeles, ’me a bua sena tabeng ea botšepehi: “Motho a ke ke a palama terata ka ho sa feleng . . . ruri ke fumane lerato bakeng sa Jehova pelong ea ka ’me ke takatso ea ka ho mo sebeletsa ka ho sa feleng”

[Lebokose/Setšoantso se leqepheng la 12]

Tšoantšiso ea Kopano: Jehova o Putsa ba hae ba Tšepahalang

Morena oa pele oa Iseraele, a fetoha ea sa mameleng—a sa emele Jehova, a iketsetsa lintho ka tsela ea hae. Eaba Jehova o tlotsetsa Davida borena empa a tlohela Saule teroneng. (1 Samuele 13:9-14; 15:13-23; 16:11-23) Saule a honohela Davida a batla ho mo bolaea.

Botšepehi ba hao ho Jehova bo ne bo tla ema joang tlas’a maemo a lekang joalo? Na u ne u tla emela Jehova kapa u leke ho lokisa lintho ka tsela ea hao?

“Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ha Saule, a hlaba lebota ka lerumo.”—1 Samuele 19:10.

Saule a ea tsoma Davida le banna ba 3 000. Saule ka boeena a kena lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ho lona. Davida a phehelloa hore a bolaee Saule, empa a re: “Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho . . . motlotsuoa oa Jehova.”—1 Samuele 24:4, 6.

Saule a shoa ntoeng e neng e loanoa le Bafilista. Hamorao, “Baholo bohle ba Israele ba . . . tlotsa Davida, hore e be morena oa Iseraele.”—2 Samuele 5:1-3.

Davida e ne e le mohlala oa botšepehi ho Molimo oa hae, Jehova. Ha ho mohla a ileng a mo etella pele, ho etsa lintho ka tsela ea hae. Jehova a mo bitsa “Monna ea pelong ea ka, ea tla etsa hoo ke ho ratang hohle.”—Liketso 13:22.

Na le uena Jehova o tla bua joalo ka uena? Na kamehla u tla mo emela hore a nke bohato? Na u tla tšepahala ho Jehova, batlotsuoa ba amohelehang ho eena le phutheho ea hae ea puso ea leholimo le litokisetso tsa eona? Haeba u joalo, Jehova o tla u putsa joalokaha a putsitse Davida.

[Lebokose/Setšoantso se leqepheng la 13]

Tšoantšiso ea Kopano: Hlokomela Puo ea Borabele

Bana ba Israele ba ne ba lumellane hore: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:1-5, 8) Leha ho le joalo, ha tsoha ho korotlela le ho belaella Moshe liahelong. Baeta-pele e le Kore, Dathane le Abirame. Ba susumetsa ba bangata ’me kapele ba bangata ba be ba hanyetsa Jehova pepenene.

U ka be u itšoere joang puong eo ea borabele? Na u ne u tla lumela ho mohlanka oa Jehova Moshe ’me ua lula u tiile joaloka Kalebe le Joshua?

Ha tlisoa ka pel’a Moshe monna ea neng a roaletse patsi ka Sabatha. Jehova a re a bolaoe, kaha e ne e le tlōlo ea molao oa Molimo—e se ‘ntho e nyenyane feela.’—Numere 15:32-36.

“Phutheho eohle ea bua ka ho tlepetsa ka majoe’ Joshua le Kalebe hobane, ho banna ba 12 ba neng ba rometsoe ho hloela Kanana, ke bona feela ba neng ba bontša ho lumela hore Jehova o tla nea Baiseraele naha.—Numere 13:25–14:10.

Jehova a laela Aarone, hape le Kore le ba bang ba 250 ho nyehela libano. Mollo oa theoha leholimong oa nyametsa marabele. Ho latelang, Jehova a etsa hore lefatše le koenye Dathane le Abirame le matlo a bona hammoho le ntlo ea Kore. (Numere 16:32) Kahoo A khaola khang ea khetho ea puso ea leholimo.

Borabele bo ka qala e le ntho e nyenyane—ho nyatsa liqeto tsa baholo kapa tokisetso e ’ngoe ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Empa bo ka isa bohanyetsing bo pepenene. Juda o-oa lemosa: “Ho malimabe bona, kahobane . . . ba timetse ka khanyetso e joale ka ea Kore.” Ho molemo haholo ho nka keletso ea Juda e tsoelang pele hore: “Ha e le lōna, baratuoa, . . . le ipoloke leratong la Molimo.”—Juda 11, 20, 21.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Batsoali ba thabileng bana ba bashemane ba babeli ba ne ba le har’a ba bang ba 744 ba kolobelitsoeng Belmont Park lehlabuleng le fetileng. Ba kolobelitsoe hammoho, ba bontša pontšeng ho tšepahala ha bona ho Jehova le Jesu Kreste

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela