Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ho Mattheu 4:1 ho boleloa hore “eaba Jesu o isoa ke Moea feelleng ho lekoa ke Diabolose.” Na hona ho bolela hore ke moea o halalelang oa Molimo?

Ke moea o halalelang oa Jehova o ileng oa isa Jesu lefeelleng, kamorao ho hore a kolobetsoe. Jesu a itima lijo, ’me ena e ne e tla ba nako ea ho rapela le ho thuisa. (Bapisa Mattheu 4:2; Mareka 1:35; Luka 5:16.) Ho bonahala Jehova a ile a sebelisa nako ena ho buisana le Mora ea mong oa hae, ho mo laea, ho mo bea leseling ka ho eketsehileng le ho mo khothatsa ka mofuthu, a mo lokisetsa se larileng kapele ho eena.

Jehova o ne a ka tseba pele ho nako hore ho isoa ha Mora oa hae lefeelleng mabapi le morero oa Molimo hape ho tla qetella ka ho lekoa ke Diabolose. Empa ho lekoa ho ileng ha tla qetellong ea ho lula ha Jesu lefeelleng ka matsatsi a mashome a mane hase ntho e neng e lokiselitsoe ke Molimo. Ho e-na le hoo, ho mpile ha neoa sebaka.

Ke habohlokoa hore phihlelo ea Jesu e ile ea tšoana le ea Moshe. Moprofeta eo o bile thabeng ka matsatsi a mashome a mane ha a fumana selekane sa Molao le litaelo tse amanang le karolo ea hae e le ’muelli. (Ex. 24:18; 34:28) Jesu, moprofeta e moholo ho Moshe, o tlameha a be a fumane litaelo lefeelleng mabapi le selekane se secha seo balateli ba hae ba neng ba tla kenngoa ho sona e le Baiseraele ba moea le seo a neng a tla se sebeletsa e le ’muelli. (Deut. 18:18, 19; Luka 22:20, 28-30) Joalokaha Moshe a ile a talimana le teko e matla ea botšepehi le bokhabane ha a theoha ’me a bona Baiseraele ba rapela namane ea gauda ’me ba batla ho khutlela Egepeta, Jesu le eena a lekoa ka matla qetellong ea phihlelo ea hae ea matsatsi a mashome a mane.—Ex. 32:15-35.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela