Khatello e Tla Fela
TLALEHO ea khatello eo batho ba iketselitseng eona ruri e-ea sisimosa. Ho hlomohile ba limillione tse se nang palo. Haholo-holo mohloli oa mahlomola e bile lintoa tsa khapo. Ntle ho bophelo bo lahlehang ka ho toba ka baka la likhohlano tse joalo, litlala le mafu a seoa tse tsamaeang le ntoa li nkile bophelo ba ba bangata. Na ha u labalabele letsatsi leo ka lona khatello le mahlomola a tsamaeang le eona li tla fela?
Ho na le Ea phahametseng batho ea laetseng hore bohatelli bohle bo tla fela ka nako e loketseng ea hae. E, Molimo o matla ’ohle Jehova o hlokometse ka ho feletseng tlaleho e lihlong e entsoeng ke batho le lichaba. Litšebelisano tsa hae tsa nako e fetileng le batho ka bomong le lichaba li tiisa hore o tla biletsa ho ikarabella. Ha e le hantle, hore na ke Molimo oa mofuta ofe ke hona ho etsang hore a nke bohato. Lentsoe la hae lea re bolella: “Jehova ke Molimo o boulelang, o phetetsang; Jehova oa phetetsa, o tletse bohlale; Jehova o iphetetsa ho ba mo loantšang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng lira ho eena. Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato oa hae.”—Nah. 1:2, 3.
Mantsoe ana ke karolo ea polelo ea boprofeta ea Nahume khahlanong le Ninive, motse-moholo oa Assyria ea boholo-holo. Kaha Jehova Molimo ha a fetohe melaong ea hae, tlaleho ea pale e amang ho timetsoa ha Ninive, e re tiisetsa hore khatello e ke ke ea e-ba teng ka bo sa feleng. (Mal. 3:6) Ho phaella moo, ho ba ratang ho loka, ha ho letho leo ba ka le tšohang ka letsatsi la ho ikarabella. Boprofeta ba Nahume bo fana ka khothatso ena: “Jehova o molemo; ke setšabelo tšiung ea tlokotsi, o tseba ba mo tšepileng.” (Nah. 1:7) Ka baka leo, ho hlahloba ha rōna boprofeta ba Nahume ho ka tiisa tumelo haholo.
NINIVE E ‘TŠOASA LICHABA’
Moprofeta o supa Ninive e le “motse oa mali.” (Nah. 3:1) Bahlabani ba eona ba ne ba tšoana le litau tse rusullang seo li se bolaileng, ke hore, batho ba fokolang le lichaba. (Nah. 2:11-13) Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., ha Nahume a ne a profeta, Baassyria e ne e le ba tšosang Bochabela bo Hare. Ho kenyelletsa tšabo, ba ne ba le sehlōhō haholo ho ba hanang ho etsa seo ba se batlang. Batšoaruoa ba ntoa ba ne ba ka ’na ba chesoa kapa ba buuoa ba phela. Ba bangata ba ne ba honngoa mahlo kapa ba huloa ka likhole tse hokelletsoeng linkong kapa melomong e phuntsoeng.
Le ona ’muso oa Juda ha o-oa ka oa pholoha mahlomola matsohong a Baassyria. Akaze ka booatla a ipiletsa ho Morena (Tilgathe-pilesere) bakeng sa thuso khahlanong le ho thulana le mebuso ea Iseraele le Syria. Le hoja Baassyria ba ile ba thumakanya kopano ena, Juda ha e ka ea fumana molemo oa letho. Akaze a ba mohaung oa motsoalle oa hae ea matla le oa ‘m’ampoli. Bibele e tlaleha hore: “Tilgathe-pilesere, morena oa Assyria, a fela a tla ho eena a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa. Hobane leha Akaze a na a phahlile ntlo ea Jehova le matlo a morena le a mahosana a neile morena oa Assyria ntho tse ngata, leha ho le joalo, ha a ka a thusa letho ka hoo.”—2 Mar. 16:5-9; 2 Likron. 28:20, 21.
Ka tšepo ea ho boloka ho ipusa ho itseng, lichaba tse ling ka ho tšoanang tsa kena botsoalleng le Assyria. Empa botsoalle bo joalo ba fella feela ka hore li talimane le khatello ea Assyria le ho lahleheloa ke bolokolohi. Kaha metsoalle e ile ea tšepisoa thuso e ngata le tšireletso empa qetellong hona ha baka liphihlelo tse bohloko, Ninive e boleloa e le seotsoa “moloi ea rekisang lichaba.” (Nah. 3:4) Lintho tseo e neng e tšepisa hore e tla fana ka tsona li ne li ipiletsa. Empa bomalimabe bo ne bo sallana le lichaba tse li amohelang.
Ha Ezekiase, mora le mohlahlami oa Akaze, a leka ho tlosa joko ea Assyria, Morena Sankeribe a futuhela ’muso oa Juda, a hapa motse ona le oane oa qhobosheane. Ke ho kenella ha Molimo feela ho ileng ha pholosa Jerusalema, timetsong. Lengeloi la Jehova la bolaea ba 185 000 ho makhotla a Assyria, le qobella Sankeribe ho tela hore a ka tsoela pele ka tokisetso ea ho futuhela motse.—2 Mar. 18:13; 19:32-36.
BOFELO BA NINIVE BA HLA BA BOLELOA
Phutuho ea Assyria e tobileng Juda ea khathatsana le mesebetsi ea temo le ho etela meketeng ea selemo le selemo e neng e tšoareloa tempeleng e Jerusalema. Ho oa ha Ninive, ka baka leo, e ne e tla ba topollo e kaakang! A lebelletse sena, moprofeta Nahume a bululeloa hore a re: “ Bonang lithabeng maoto a ba bolelang litaba tse molemo, ba tumisang tsa khotso! Uena Juda, etsa mekete ea hao, u lefe likano tsa hao, hobane ea bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timelitsoe ruri.”—Nah. 1:15.
Ninive e ne e ka lebella eng ka letsatsi la eona la tlokotsi? Moprofeta Nahume o hlalosa motse tlas’a thibello. Ke ka lelea morena oa Assyria a lebellang “bahlabani” ba hae, banna ba hae ba matla ba ntoa, bakeng sa tšireletso. (Nah. 2:5) Basireletsi ba motse ba ne ba tla tšoana le basali ba fokolang. Boprofeta bo qholotsa Ninive: “Ikhelle metsi, hobane u se u tla thibeloa; tiisa liqhobosheane tsa hao; kena seretseng; u lube mobu, u hahe sebopi sa ho besa makote.” Leha ho le joalo, boiteko bohle ba ho tiisa ho itšireletsa ha motse bo ne bo tla ipaka ho ba ba lefeela. Boprofeta bo tsoela pele: “Teng, mollo o tla u chesa, lerumo le u timeletse.”—Nah. 3:13-15.
Ninive e ne e tšoana le ‘letša la metsi’ le ho lona ho neng ho phallela lichaba le maruo a lichaba. “Joale, hoa balehuoa! Emang, emang! . . . empa ha ho ea retelehang,” kamoo ho bolelang Nahume. (Nah. 2:8) Kahoo, batho ba neng ba fumane molemo ka Ninive ba ne ba tla phasa-phasa. Mehoo ea hore ba lule ’me ba thuse motse e ne e tla oela litsebeng tse thibaneng. Pokello e khōlō ea silevera le gauda e ne e tla oela matsohong a bahapi ba tlatlapang thepa.—Nah. 2:9.
Hore “motse oa mali” o ne o tla utloa bohloko joalo ba bangata ba ne ba ke ke ba ho kholoa. Leha ho le joalo, ketsahalo e boletsoeng pele ho nako e ne e na le e kileng ea tšoana le eona pele. Nahume a hlokomelisa ka sena ka mantsoe ana: “Na u fetisa No-Amone, motse oo o nong o lutse holim’a linōka, o nong o teetsoe hare ke metsi, oo leoatle e neng e le tšireletso ea oona, ’me lerako la oona le ne le nyoloha leoatleng? Ba-Kushe ba matla a maholo, le ba-Egepeta ba sa baloeng, ba-Phuthe le ba-Lube e be e le batlatsi ba oona. Leha ho le joalo, le oona o tlositsoe, o ile kholehong; bana ba oona ba ile ba tlapunngoa likhutlong tsohle tsa literata; ba khabane ba oona ba laoloa ka lotho, le baholo ba oona kaofela ba bofshoa ka mahlaahlela.”—Nah. 3:8-10.
Baassyria ba ne ba tseba hantle se hlahetseng No-Ammone, kapa Thebese. Makhotla a bona, tlas’a taolo ea Morena Ashurbanipale, a ne a hlakolisitse Thebese. “Marako” a motse—tšireletso ea oona, ho akareletsa [Nōka ea] Nile le maliboho ea eona—li ne li hlōlehile. Le eona tšehetso ea sesole ea Ethiopia, Lube le banna ba Phuthe ea sitoa ho thusa ho boloka Thebese.
Le eona Ninive ho ne ho se letho le ka e pholosang. E ne e iketselitse tlaleho e mpe haholo ka lintoa tsa eona le metsoalle ea eona hoo ho oa ha eona ho neng ho tla baka nyakallo. “Bohle ba utloang tsa hao, ba tla u opela liatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?” kamoo ho ngolileng Nahume.—Nah. 3:19.
Phethahatsong ea boprofeta ba Nahume, Ninive ea oela makhotleng a kopaneng a Morena Nabopolassare oa Babylona le Cyaxares oa Bamede ka 623 B.C.E. Libuka tsa pale tsa Babylona li bolela hore: ‘Khapo e khōlō ea motse le tempele ba tsamaea le eona ’me motse oona ba o fetola qubu ea tšenyo.’
Kajeno setša sa Ninive ea boholo-holo e ntse e le lesupi le senyehileng. Ho tumisa Molimo oa boprofeta ba ’nete, Jehova. Joalokaha Ninive e hatellang e ile ea fetoha lefeela, ho tla ba joalo le ka khatello eohle “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e atamelang ka potlako. (Tšen. 16:14) Hona e tla ba topollo e kaakang! e se eka re ka fumanoa har’a ba batlang tšireletso ho Morena ’Musi ea phahameng.