Mosali ea Itaolang—A ka Fumana Thabo Joang Lenyalong?
Mosali e mong e mocha o ne a amehile haholo ka sena ’me o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower. O ile a hlalosa:
“Ha kea nyaloa ebile ha ke na lelapa, empa ho ba le lelapa e ’nile ea e-ba sepheo sa ka ka mehla. Leha ho le joalo, ke motho ea nang le maikutlo a tokoloho, ’me kamor’a hore ke itšebeletse ka lilemo tse tšeletseng ke ile ka ’na ka ba le lipelaelo tsa hore na nka khona ho sebetsa hantle tokisetsong ea lenyalo. Empa buka ena e ile ea fana ka litšobotsi tsa lenyalo le ho hōlisa bana hoo ke ileng ka bona hore ena ke tokisetso ea Molimo.”
Haeba u batla thabo tokisetsong ea lenyalo, re ikutloa re tiile hore ka ’nete u tla fumana molemo o moholo ka ho bala buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Fumana buka ena ka hore feela u tlatse le ho romela leqetšoana le ka tlase hammoho le 90c.
Ka kopo nthomelleng, poso e lefeletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ke kentse lisente tse 90.