Bhoithuto ba K’hatholike—Na bo Tšepahala Lentsoeng la Molimo?
LIITHUTI tsa kajeno tsa K’hatholike li bile mafolo-folo haholo le ho hlahisa ho hongata. Empa na li bontšitse ho tšepahala Bibeleng, Lentsoe la Molimo?
Liithuti tsena li hlahisitse liphetolelo tse ling tse ntle tsa Bibele, haholo ka Senyesemane, Sefora le Spanishe.a Ho feta moo, hole le haufi, bafetoleli ba morao tjena ba K’hatholike ba tlatselitse maikutlong a hlalositsoeng ho Selelekela sa The Jerusalem Bible: “Ea fetolelang Bibele ka puong esele . . . [a se ke a] hloesa mokhoa oa hae ka holim’a oa tšimolohong: hona e tla be e le ho hatella boleng ba bangoli ba bangata bao e mong le e mong ho bona a ileng a arabela ka tsela ea hae tsamaisong ea Moea. . . . Tšoanelo ea pele ea mofetoleli ke ho fetisa ka mokhoa o hlakileng kamoo a ka khonang se ngotsoeng ke sengoli sa pele. . . . Ruri e ka ba kotsi ho etelletsa pele mokhoa oa ho fetolela ka holim’a se boleloang.”
The Jerusalem Bible e hlile e hlokomeleha haholo ka ho hlokomela hore litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emamelang lebitso la Molimo le khethehileng li se ke tsa fetoleloa ho etsoa lereo—e leng se etsoang ke bafetoleli ba bangata ba kajeno—empa le fetoleloe ka ho kalingoa. E etsa hona ka ho sebelisa “Yahweh,” sebopeho sa lebitso le halalelang Jehova. Ka mabaka a ho etsa joalo, e re: “Ba tsotellang ho sebelisa phetolelo ena ea Lipesaleme ba ka ‘na ba sebelisa ‘Morena’ e tloaelehileng. Le teng, hona e tla ba ho lahla boholo ba tatso le se boleloang ke se neng se ngoliloe pele. Ka mohlala, ho re, ‘Morena ke Molimo’ e hlile ke ho pheta ntho e le ’ngoe e sa utloahaleng, empa ho re ‘Yahweh ke Molimo’ ho se joalo.” Hona hohle ho boletsoe hantle haholo.
Ho Hlokahala Temoho
Ka linako tse ling, leha ho le joalo, motho a ka lemoha leeme mosebetsing oa liithuti tsa K’hatholike. Mohlala: Catholic Confraternity Version e bua ka Jesu Kreste a itse ho ’mè oa hae moketeng oa lenyalo Kana: “U rata ha nka etsa’ng, mosali?” Hona ho ka ’na ha nea ’mali maikutlo a hore Jesu o ne a batla tataiso ho ’m’ae. Empa Jerusalem Bible ea K’hatholike e baleha tjena: “Mosali, u retelehela ho ’na ka life? Nako ea ka ha e-ea s’o fihle.” (Johanne 2:4) Phetolelo ena e nepahetseng haholo e totobatsa hore bafetoleli ba Confraternity ba ne ba susumelitsoe ke seo kereke ea bona e se rutang ka Maria, ’mè oa Jesu.
Hore temoho e-ea hlokahala ho hatisoa hape ha re lemoha hore boitsebiso bo tšepahalang ka linako tse ling bo tsoakoa le litlhaloso tse nyelisang Bibele. Ka mohlala, botlaaseng ba leqephe moo ho buuang ka Genese 2:17, The Jerusalem Bible e etsa tlhaloso ena e bohlale ka bohlokoa ba ho ja tholoana e hanetsoeng: “Ke matla a ho inahanela hore na ho hotle le ho hobe ke hofe le ho nka bohato bo loketseng, tokelo ea boitaolo bo feletseng boo ka bona motho a hanang ho ela hloko boemo ba hae hore ke sebopuoa. Sebe sa pele ebile ho hlasela borena ba Molimo, sebe sa boikhohomoso.”
Litlhaloso tsena li bontša temoho e seli. Empa polelo e latelang e senola hore bafetoleli ba ne ba sa kholoe hore Adama le Eva ba kile ba phela ’me ba hla ba e-ja tholoana e hanetsoeng, hobane e re: “Bofetoheli bona bo hlalosoa ka mabitso a qaqileng e le ho tlōloa ha molao o hlakileng oa Molimo oo temana e sebelisang setšoantšo sa tholoana e hanetsoeng bakeng sa oona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka se boleloang ke New Catholic Encyclopedia, tlaleho ea Genese ke feela tšōmo, hase histori.
Hlokomela kamoo New Catholic Encyclopedia (1967) e fanang ka maikutlo a joalo, e re: “Ho totobetse hore taba ea Genese e buang ka pōpo ea lefatše le motho, ka Edene, le ho Oa, jj., ha e hlile hase histori ka kutloisiso e tloaelehileng ea lentsoe.” Buka ena ea litšupiso e boetse e re: “Bibele, joaloka buka e ngotsoeng, e na le neano e akarelletsang lipapiso tse ngotsoeng ka bophelo ba letsatsi le letsatsi ’me ha e hane mekhoa ea lipapiso tsa tsoelopele ea batho ba bang.”
Na hona ke ho tšepahala Lentsoeng la Molimo? Jesu Kreste o supile tlaleho ea pōpo e le histori ea sebele, a re: “Na ha lea ka la bala hobane ea ba entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela? Ha ho le joalo, ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ’ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Mattheu 19:4-6; Genese 1:27; 2:24.
Moapostola Pauluse le eena o nkile tlaleho ena ea Genese e le ea histori. Kahoo a lemosa Bakreste hore ba se ke ba thetsoa, joalokaha Eva a thetsitsoe ke mano a noha. (2 Ba-Korinthe 11:3) Temoso eo e ne e se na molemo haeba Eva ho se mohla a kileng a phela a ba a thetsoa. Ho feta moo, ha a phehella basali ba Bakreste hore ba ikokobetse, Pauluse o itse Adama o bōpiloe pele le hore ho thetsitsoe Eva e seng Adama. (1 Timothea 2:11-14) Hape, khang ea moapostola e ne e se na matla haeba tlaleho ea Genese e ne e se histori.
Moroallo oa Mehleng ea Noe
Ka The Jerusalem Bible, litlaleho tse kang ea moroallo oa Noe li theiloe neanong eo maloka le eona “e leng ho sa utloahaleng ho lebella lintlha tse qaqileng ho tsoelletseng ka ho fetisisa tsa bangoli ba kajeno ba histori.” Ka kutloisiso e batlang e tšoana le eo haholo New Catholic Encyclopedia e re: “Ho lumellanoa ka kakaretso joale hore pale ea Noe le areka hase sekoto sa tlaleho ea histori empa ke khopolo-taba e ngotsoeng ka boiqapelo ba mofuta o mong . . . Ho e bala le histori ka maikutlo a hore maikutlo a sengoli e ne e le tlhaloso e qaqileng ea ketsahalo ea boholo-holo ho baka feela pherekano, mathata a kutloisiso, ’me kahoo mathata a tumelo.”
Empa Jesu Kreste o nkile Moroallo e le ketsahalo ea sebele, hobane o hlile a bolela hore joalokaha ho bile mehleng ea Noe ho tla ba joalo mehleng ea ha A le teng. (Mattheu 24:37-39) Moapostola Pauluse o supa Noe e le mohlala oa tumelo. (Ba-Heberu 11:7) ’Me Mangolong a hae a mabeli a bululetsoeng, moapostola Petrose o supa Noe le Moroallo.—1 Petrose 3:20; 2 Petrose 2:5.
Jonase Eena?
Ak’u nahane joale ka buka ea Jonase. The Jerusalem Bible e re ke “Boiteketletso bo qabolang” ’me e re: “Le hoja ka sebele Molimo e le morena oa tlhaho, mehlolo e latellanang e boleloang mona e baleha joaloka mokoloko oa metlae e bapaloang ke Molimo ho moprofeta oa hae; sefefo sa tšohanyetso, ho ntšoa ha Jonase ka lotho, tlhapi e khōlō, semela se hōlang ka bosiu ’me se omella ka hora; ha taba eohle e ngotsoe ka mokhoa oa mohlolo o totobetseng o sa tloaelehang ho ngoloeng ha histori. Morero oa buka ke ho qabola le ho laea.”
Leha ho le joalo, Jesu Kreste o nkile Jonase e le motho ea bileng teng bophelong. Ka mohlala, Jesu o itse: “Moloko ona . . . ha o ka ke oa neoa mohlolo, ha e se mohlolo oa moprofeta Jonase. Hobane joale ka ha Jonase e bile mohlolo ho ba Ninive, mor’a motho le eena o tla ba joalo ho moloko ona. . . . Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ’me ba tla o tsoa; hobane ba kile ba baka ka mokhosi oa Jonase, ’me bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.” Jesu a boela a re: “Joale ka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.” (Luka 11:29-32; Mattheu 12:40) Ntle leha Jonase a ile a phela ’me a feta linthong tsena, mantsoe a Jesu a ne a ke ke a e-ba le matla. Na liithuti tsee tsa K’hatholike li tšepahala Lentsoeng la Molimo ha, ho fapana le Jesu Kreste li re buka ea Jonase ke tšōmo?
Sefela sa Salomone
A re nkeng mohlala o mong, Sefela sa Salomone. Ho ea ka The Jerusalem Bible, buka ena ha e-ea ngoloa pele ho karolo e qetellang ea lekholo la bohlano la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, khale kamorao ho lefu la Morena Salomone. Leha ho le joalo, ho khahlisang, The Catholic Encyclopedia ea 1908 e tšehetsa neano ea Sejode ea hore ruri e ngotsoe ke Salomone ka ho hlokomela: “Neano, tumellanong le sehlooho, li re sefela ke sa Salomone. Le mehleng ea kajeno bahlalosi ba bangata ba bile le maikutlo ana . . . De Wette o re: “Letoto lohle la litšoantšo le likamano le bocha ba bophelo li tlamahanya lifela le mehla ea Salomone.’ Pina e bontša lerato la Salomone bakeng sa tlhaho (e na le mabitso a mashome a mabeli a motso o mong a limela le a leshome le metso e mehlano a liphoofolo), bakeng sa botle le mokhoa, le bakeng sa bokhabane ba borena . . . Hape ho totobala mohlala oa boikutlo ba bonolo le matla le ho rata khotso tse tumellanong hantle le botumo ba Salomone.”
Litlaleho tsa Melaetsa e Molemo
Liithuti tsa K’hatholike li talima litlaleho tsa Mangolo tse buang ka Jesu Kreste joang? Ka ho tsosoa ha Jesu bafung, New Catholic Encyclopedia e re: “Boiteko bohle ba ho bontša ’nete ea ho Tsoha ha Kreste ka litlaleho tsa Melaetsa e Molemo . . . bo qala ka ho hlokomela hore litlaleho tsena hase litlaleho tsa bophelo ba Jesu e bile li batla li sa lumellane haholo le histori ea mahlale,” ke eng? Boinahanelo? Tšōmo?
Boemo bona ba K’hatholike bo boletsoeng mabapi le Melaetsa e Molemo bo loantšana ka ho toba le mantsoe a Jesu a tiisetsang baapostola ba hae hore “’Muelli, Moea o Halalelang, . . . o tla le ruta sohle le ho le hopotsa sohle seo ke le boleletseng sona.” (Johanne 14:26, JB) Ho feta moo, bopaki ba moapostola Pauluse ka tsoho ea Kreste bo tumellanong e feletseng le ba litlaleho tsa Melaetsa e Molemo.—1 Ba-Korinthe 15:1-8.
Na U Tla Tšepahala Lentsoeng la Molimo?
Kereke ea Roma e K’hatholike ho tlalehoa e khothallelitse ba e kenang ho bala Bibele. Leha ho le joalo, joalokaha re bone, liithuti tsa eona li bua ho hongata ho senolang ho se tšepahale Bibeleng.
Leha ho le joalo, uena? Na u nka Bibele e le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo? Haeba ho joalo, tšepahala ho Iona he. Ithute u be u bale Mangolo kamehla. Koana, Bibele e ngotsoe ka tsela eo ho hlokahalang lisebelisoa tsa batho ho re thusa ho hlakisa molaetsa oa eona. Empa na barati bohle ba ’nete ha baa lokela ho ba hlokolosi hore bao ba eang ho bona ho batla thuso ea ho utloisisa Lentsoe la Molimo ruri ba tšepahala ho lona?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, bona The New American Bible, La Bible de Jerusalem; Nácar-Colunga.