Bolotsana bo Atile Hakaale Molato?
MAELE a khale a Senyesemane a bolela hore ha monyetla o le teng lesholu le teng. Ho fapana le moo, ba bang ba tsitlella hore lesholu ke lona le bulang monyetla.
Ho sa tsotellehe hore na bo qaleha joang, bolotsana ka mefuta ea bona e mengata ho fihlile moo bo tšosang. Bo bongata ho bona bo tloaelehile hoo batho ba bangata ba seng ba sa bo talime e le bolotsana.
Nka ka maemo a sebele. Mohiri o bolella mosebeletsi hore a fokotse chelete e bontšitsoeng melatong e fumanoeng ha ho rekisoa ntho eitseng. Mosebeletsi o nka hore ha ho molato kaha o iketsetsa seo a se laeloang ke mong a hae. Mosali o qhekella ka tsela eo a sebelisang chelete ea lelapa ka eona, a tiisa hore o tšoaneloa ke nthonyana e ’ngoe ea botho. Monna o bolella mosali oa hae hore o tla lokoloha mosebetsing kamorao ho nako, empa o tsamaea le metsoalle ea hae, kapa mohlomong le mosali e mong.
Motho e mong ea nang le lebenkele o sa tsoa bolela hore bacha ba tla lebenkeleng la hae ka lihlopha. Ha e mong a reka, ba bang baa utsoa. O re: “Ha ke sa le moshanyana, bashemane ba ne ba tšoha ha ba tšoaroa. Ntho e lihlong hona joale ke hore, ha ba tsotelle le hanyenyane. Libakeng tse ling, ha u ba tlaleha, baa khutla ’me ba bolaea lifenstere tsa hao.”
’Me hona hohle ha ho etsoe ke ba hlokang. Hase khale haholo ha mosali moholo oa Lenyesemane ea neiloeng khau a tšoaroa ka ho utsoa lebenkeleng. Hona ke mang ea s’o bale ka ho qhekella, ho hong e le ho fokolang empa ho hong e le ho baloang ka limillione?
Ke lintho life tse bakang phetoho ena ea bolotsana? Ke lintho tse ngata. Ho tloha bonyenyaneng bana ba bangata ba kena tlas’a tšusumetso ea bona e sehlōhō. Meetlo, litšomo, libaesekopo, mananeo a TV le libuka tse ngata li tlotlisa bolotsana ka tsela ena kapa eane.
Ha ho ne ho buisanoa le monna e mong oa Sao Paulo, Brazil, o ile a bea molato tšusumetsong ea bolumeli e kang mekhoa ea ho tšoarela habonolo liphoso tse ngata ka maipolelo. Mosali e mong o bolela hore lefatše la hae la botšepehi le ile la senyeha ha “Father Christmas” e e-ba mong ka eena e mong. Ho qala ka bo-mmamolangoana bao ho boleloang hore ba tlisa masea, ho fihla ho mapolotiki a litšepiso tse sa phethahaleng—likarolong tsohle tsa bophelo re likiloe ke litšusumetso tse matla tseo ho bonahalang li lokisa kelello hore e be bolotsana.
Batho ba bang ha ba bone kotsi ea seo ba se bitsang ‘leshanonyana le lenyenyane,’ empa mothei oa Bokreste o itse: ‘Ea bolotsana litabeng tse nyenyane o tla ba bolotsana ho tse khōlo.’ Hape a khetholla Diabolose e le ‘ntate oa mashano’ le eo batho ka kakaretso ba leng tlas’a hae joaloka morena. Hoo ruri ke ntho eo ho ka nahanoang ka eona, ’me e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bolotsana bo atile hakana.—Luka 16:10, Today’s English Version; hape bona Johanne 8:44; 14:30.