Tsela ea ba Lokileng e Ntse e Khanya Haholoanyane
“Ea busang batho ka ho loka, . . . o joale ka leseli la meso, ha tsatsi le chaba.”—2 Samuele 23:3, 4.
1. 2 Samuele 23:3, 4 e re khannela ho lebella eng, ’me na ho etsahetse?
LESELI tseleng ea bahlanka ba Jehova le ’nile la khanya ka ho tsoetseng pele ho tloha mehleng ea pele ho tla fihlela joale. Ho bile joalo haholo ho tloha ka selemo se hlokomelehang sa 1914 ha, kamoo liphetoho tsa lefatše li bontšang, “mebuso ea lefatše e fetohileng ’muso oa Morena oa rōna [Jehova] le oa Kreste oa hae.” (Tšenolo 11:15) Leseli le tsoang Lentsoeng la Molimo le khanya joaloka khanya ea letsatsi “ha meso e se na maru” hore le bonese haholoanyane tsela eo bahlanka ba Jehova ba tlamehang ho e tsamaea.—2 Samuele 23:3, 4.
2. Re ka nka litokiso tsa maikutlo tse etsoang ka nako e ’ngoe joang?
2 Leha ho le joalo, ho ba bang ho ka ’na ha bonahala eka tsela eo ha e ka ea toba pele hantle. Ka linako tse ling litlhaloso tse fanoeng ke phutheho e bonahalang ea Jehova ho ile ha bonahala li lokisitsoe maikutlo ao li neng li a nkile pele. Empa ha ho hlile ha ho joalo. Hona ho ka tšoantšoa le seo ba sesisang likepe ba se etsang ho tsoelipanya liseile tsa sekepe hore ba tsebe ho tsamaea ho ea fihla leetong la sona leha moea o le mongata. ’Me moo bahlanka ba Jehova ba habileng ke ‘maholimong a macha le lefatšeng le lecha’ tse tšepisitsoeng ke Molimo.—2 Petrose 3:13.
3. Ke bopaki bofe boo re nang le bona hore Jehova o ntse a hlohonolofatsa lipaki tsa hae?
3 Ha ho pelaelo ka hore Jehova Molimo o ntse a hlohonolofatsa mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle ke lipaki tsa hae, joalokaha o tsamaisoa ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Hona ho bonoa ka litholoana. Hopola, Jesu o itse: “Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate.” ’Me litholoana tse lokileng joalo li bonoa lichabeng tsohle kajeno ho batho ba le bang feela—tsamaiso e kopaneng le e lefatšeng lohle ea Lipaki tsa Jehova.—Mattheu 7:17.
4, 5. Ho phaella Lentsoeng le bululetsoeng la hae, ke kofuto efe hape e sebelisoang ke Jehova Molimo ho tataisa batho ba hae?
4 Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae lefatšeng, Lentsoe la Molimo le ntse le sebeletsa e le leseli tseleng ea rōna hape e le lebone tseleng ea rōna tabeng ea boitšoaro ba rōna le seo re se lumelang. (Pesaleme ea 119:105) Empa hape Jehova Molimo o fane ka phutheho ea hae e bonahalang, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa hae, ea entsoeng ka ba tlotsitsoeng ka moea hore e thuse Bakreste lichabeng tsohle ho utloisisa le ho sebelisa Bibele ka nepo bophelong ba bona. Ntle leha re kopana le mocha ona oa puisano o sebelisoang ke Molimo, re ke ke ra tsoela pele tseleng ea bophelo, ho sa tsotellehe hore na re bala Bibele hakae.—Bapisa Liketso 8:30-40.
5 Ka mocha oa Molimo oa puisano, Jesu o boletse hore “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o tla fana ka lijo tsa moea ka nako e nepahetseng ho balateli bohle ba hae le hore o tla bea “mohlanka” enoa e le molebeli oa mesebetsi eohle ea hae. (Mattheu 24:45-47) Hape hoa hlokomeleha hore moapostola Pauluse, ho Ba-Efese 4:11-16, o bontšitse hore phutheho ea Bokreste ha e hloke likofuto tse bululetsoeng joalo feela tse kang baapostola le baprofeta empa hape le baboleli ba evangeli, balisa le baruti ho thusa Bakreste ho fihlela bonngoe ba tumelo le tsebo e nepahetseng ea Mora oa Molimo, le ho fumana kutloisiso e feletseng ea khōlo ea moea.—Bona le 1 Ba-Korinthe 1:10; Ba-Filippi 1:9-11.
6. Ke ka baka la mabaka afe ho eeng ho hlokahale hore ka linako tse ling ho lekanngoe maikutlo bocha?
6 ‘Mohlanka enoa ea khabane ea bohlale, ea amanang le Lipaki tsa Jehova, ruri o sebelisitsoe ke Jehova Molimo ho tataisa, ho matlafatsa le ho tsamaisa batho ba hae. Ke ’nete, kaha leseli le ntse le khanya ho ea pele, le hobane ho bile le liphoso ka baka la ho se phethahale ha botho le bofokoli, ka nako e ’ngoe Bakreste bana ba ’nile ba tlameha ho lekanya maikutlo bocha le lithuto. Empa na hona ha hoa fella ka ho hlatsoisisoa, molemong oa bona? Nahana ka mehlala ena.
Topollo le Lebitso la Jehova
7. Ke hobane’ng hona ka motheo ofe thuto ea topollo e neng e etellelitsoe pele hakana ke Liithuti tsa Bibele?
7 Ka 1878, Charles T. Russell, eo hamorao e bileng mookameli oa pele oa Watch Tower Society, a khaola likamano tsa hae le eo ba neng ba hlophisa le eena The Herald of the Morning, N. H. Barbour, ka khang ea topollo. Mong. Barbour o ne a hana tumelo ea matla a hore sehlabelo sa Jesu se tlosa libe. Ka lilemo tse telele kamorao ho moo Liithuti tsa Bibele, kamoo lipaki tsena tsa Jehova li neng li ipitsa kateng, tsa nka hore topollo ke thuto e khōlō ea Bibele. ’Me ha ho potso ea hore poloko e tlang ka ho lumela topollong ea Kreste e hatisoa ke Lentsoe la Molimo. (Johanne 3:16; Liketso 4:12; Ba-Heberu 5:9; Tšenolo 7:10) Sehlabelo sa topollo sa Jesu se ile sa tšoantšetsoa ka boprofeta ka hore Abrahama a nyehele Isaaka le ka mahlabelo tlas’a molao oa Moshe. Hapa se hlile sa boleloa ke baprofeta. Eaba Liithuti tsa Bibele li hatisa ka matla ho seo Jesu a se etselitseng batho.—Luka 24:25-27, 44.
8. (a) Joale ka nako eo ha bonoa hore ntho ea bohlokoa haholo ke efe? (b) Hona ha isa ho eng, empa ha etsoa tokiso efe lilemong tsa morao?
8 Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho na le ntho ea bohlokoa haholo ho feta polokeho ea rōna. Ke khang e khōlō e amang borena ba bokahohle ba Jehova, boo Satane a ileng a bo qholotsa nakong ea bofetoheli ba Edene. (Genese 3:15; 1 Ba-Korinthe 15:24, 25; Tšenolo 11:15; 12:10) E hloka ho tumisoa ha lebitso la Jehova. Ruri sehlooho sohle sa Bibele ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, ke ’muso oa Messia, oo ka oona ho tumisoang Lebitso leo le khanyang, le phahamisoa ka mehla.’ Ka makhetlo a ka bang 75 re bala ka Bibeleng ka polelo ea Molimo ka booona: ‘Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’a Lipaki tsa hae li ile tsa ananela hore ka nako ea teng libopuoa li tla ithapella ho Jehova Molimo motheong oa hore lebitso la hae lea ameha le hore “ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.” (Ba-Roma 10:13; Joele 2:32; Sofonia 3:9) Eaba ka lilemo lebitso la Jehova le ho tumisoa ha lona li phahamisoa haholo hoo basomi ba Lipaki ba ileng ba li tsekisa hore ha li lumele ho Jesu Kreste. Leha ho le joalo, hona e ne e mpa e le taba ea khatiso e fetelelitsoeng feela. Joalokaha babali ba Molula-qhooa lilemong tsa morao tjena ba ananela hantle, lipaki tsa Bakreste tsa Jehova ruri li neile karolo ea Jesu tlotla e e lokelang ho sebetsahaleng ha merero ea Molimo. Lentsoe la Jehova la boprofeta ka sebele le lebisa ho Jesu e le ‘Moemeli e Moholo oa poloko’ oa Molimo.—Ba-Heberu 2:10; 12:2; Tšenolo 19:10.
9. Ke motheo ofe o laolang tsoelopele ea thuto ea mahlale oo ho bonahalang o sebetsa mona?
9 Litokiso tse joalo ho ka boleloa hore li tšoana le motheo oo ho boleloang hore o laola tsoelopele ea ’nete ea thuto ea mahlale. Ka bokhutšoanyane, e sebetsa ka tsela ena: Pele ho etsoa tlhahiso eo ho lebelletsoeng hore ho etsoe lipuisano ka eona. E na le monyetla o moholo oa ho hlahisa leseli kapa tšebeliso e nang le thuso. Empa kamorao ho nako e bonahala e e-na le likoli kapa bofokoli. Kahoo tloaelo ke ho hlaha tlhahiso le ka lehlakoreng le leng le e hanyetsang. Hamorao ho fumanehe hore boemo boo le bona ha bo fane ka ’nete ea taba, joale ho kopanngoe maemo a mabeli. Nako le nako motheo ona o ’nile oa sebetsa tabeng ea ho phethahala ha Liproverbia 4:18.b
Boitšoaro Le Ho Bolela
10, 11. Ka tatelano ea oona, ke maemo afe a mabeli a ileng a hatisoa, empa ka phello efe qetellong?
10 Nka mohlala o mong oa kutloisiso e tsoelang pele: Ka lilemo tse ka bang 40 Liithuti tsa Bibele tsa hatisa bohlokoa ba ho hlaolela botho bo botle ba Bokreste, e leng hoo ba neng ba ho bitsa “ho ntlafatsa botho.” Ho ile ha hatisoa ka matla a maholo kaha ho ne ho hlokomolohiloe Bojakaneng. Ke ’nete, Bakreste ba ne ba tlamehile le ho jara bopaki ka ho bua le ba bang ka merero ea Molimo, empa hona e ne e le ntho e nkileng sebaka sa bobeli. Hamorao, ha batho ba Molimo ba ananela bohlokoa ba lebitso la Jehova le hore ba lokela ho pakela lebitso la hae le ’muso, hona ho hatisoa, ka phello ea hore ho hlaolela botho bo kang ba Kreste ho ile ha hlokomeloa hanyenyane. Ha hlahisoa khang ea hore ho feta eng kapa eng Jesu o ne a tlile ho tla paka, le hore ho bolela ke eona ntho ea bohlokoa. Ea e-ba habohlokoa ho fumana ho tsitsa pakeng tsa maemo a mabeli.—Ba-Roma 10:10; Ba-Galata 5:22, 23.
11 Ka nako ea teng, ha finyelloa ho leka-lekana hoo ho thabileng. Ho hlokahala hore Bakreste ba hlaolele tholoana ea moea oa Molimo le ho paka ba sa tšabe le ka botšepehi bakeng sa Jehova. Lintho tsena ke tsa bohlokoa ka bobeli. Re ke ke ra hlokomoloha ho hong ka ho ithetsa hore re etsa ho hong. Moapostola Pauluse o itse: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli.” Empa hape a re: “Ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:16, 27.
Ho Ikokobeletsa “Borena”
12, 13. (a) Ke maikutlo afe a neng a le teng pele ka ‘marena a maholo’ a Ba-Roma 13:1? (b) Hona ha isa ho eng e matla, empa ha bonahala molemo ofe?
12 Ho finyella kutloisiso e nepahetseng ea Ba-Roma 13:1-7 ho fana ka ntlha e ’ngoe ea ho ‘tsoelipana’ ho leba maikutlong a nepahetseng. Liithuti tsa pele tsa Bibele ka nepo li ne li utloisisa hore “marena a maholo” ke babusi ba mebuso ea lefatše lena. (Bapisa Authorized Version le New World Translation.) Motheong oa kutloisiso eo ba fihlela qeto ea hore Mokreste ha a ka biletsoa ho ea ntoeng, o tla tlameha ho sebeletsa sesoleng, a apere seaparo le ho ea ntoeng. Empa ho lumelloa hore, ha ho fihloa tabeng ea ho bolaea motho e mong, a ka shebisa sethunya sa hae moeeng.
13 Leha ho le joalo, ho ne ho totobetse hore moapostola Pauluse o ne a ke ke a buella tsela e joalo. Potso ea hlaha: Ebe joale ‘marena a maholo’ mohlomong ke Jehova Molimo le Jesu Kreste? Ka nakoana, batho ba Molimo ba ba le maikutlo ana. ’Me nakong ea lilemo tse khathatsehileng tsa Ntoa ea II ea Lefatše hona bonyane ha ba matlafatsa ‘ho utloa Molimo e le morena ho e-na le batho,’ ha ba haha tlaleho e babatsehang ea ho se nke lehlakore ho sebete lefatšeng lohle. (Liketso 5:28, 29) Ha ho mohla ho kileng ha belaeloa hore Bakreste ba lokela ho hlompha Morena Jehova le morena oa hae oa Messia, Jesu Kreste ho feta mang kapa mang. Empa na bana ke ntho e le ’ngoe le ‘marena a maholo’ ao re lokelang ho a ‘nea lekhetho, seabo le hlompho’?—Ba-Roma 13:7.
14. Ke joang taba ea ho ikokobeletsa marena a maholo a mebuso ea lefatše ho ileng ha qetella ho bonoe leseling la hona le nepahetseng?
14 Ka thabo, ka selemo sa 1962, Jehova a etsa hore batho ba hae ba utloisise motheo oa boikokobetso bo nang le moeli. Ha bonoa hore Bakreste ba ineetseng ba tlameha ho hlompha babusi ba lefatše e le ‘marena a maholo,’ ka thabo ba hlokomela hore bana ke ‘bahlanka ba Molimo’ kapa basebeletsi, molemong oa bona. (Ba-Roma 13:4) Leha ho le joalo, ha ‘marena’ ana a ba kōpa hore ba tlōle melao ea Molimo, ho be joang? Ho tla fihlela ntlheng eo Bakreste ba mametse taelo e ho Ba-Roma 13:1: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” Empa hona ho hlalosoa ke mantsoe a Jesu, joalokaha a tlalehiloe ho Mattheu 22:21: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Kahoo neng le neng ha “Cesare” a kōpa Bakreste ho etsa ntho e hananang le thato ea Molimo, ba tlameha ho etelletsa pele molao oa Jehova ka pel’a oa “Cesare.” Hona ho fapane le ho etsoang Bojakaneng ka kakaretso. Ba bangata bao ho thoe’ng ke Bakreste ha ba belaele haholo ka ho tlōla melao ea Molimo ha Sesare a ba laela ho etsa joalo. E mong ea ratang naha ea habo o bile a ho bolela ka tsela ena: “Naha ea heso! . . . ebe eona e nepileng kamehla; empa naha ea heso, e nepile kapa e fositse.” Empa ha ho joalo ka Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste! Ha li laeloa ho hanana le thato ea Molimo, li pheta mantsoe a baapostola ba Jesu, li re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Basebeletsi ke Bafe?
15, 16. (a) Ka nako e telele ho ne ho utloisisoa hore basebeletsi “ministers” ba Molimo ke bo-mang? (b) Ha etsoa tokiso efe, hona hobane’ng? (c) Empa tokiso ena ea e-ba le lipha life?
15 Ho bolela mohlala o le mong hape oa leseli le tsoelang pele, ke taba ea hore na Bakreste bohle ba ineetseng kannete ke basebeletsi (ministers), ho sa tsotellehe lilemo kapa botona kapa botšehali. Ka lilemo tse telele Lipaki tsa Jehova li ne li nka hore bohle ba bakileng, ba sokoloha, ba lumela ho Molimo le Kreste, ba ineela ho Jehova ho etsa thato ea hae joalokaha e senoloa ka Kreste, ’me ba kolobetsoa, kannete ke basebeletsi. Empa ba bang joale ba hlahisa likhanyetso. Baholo ba mebuso hangata ba ne ba sa ananele boemo bona. Hape ha etsoa khang ea hore lipuo tse ngata ha li na lentsoe le fetolelang hantle lentsoe “minister” ’me kahoo ha lea lokela ho sebelisoa ka kutloisiso ea bolumeli ke bao lipuo tsa habo bona li nang le lona. Hape, ha etsoa khang ea hore ho hang kolobetso ha ho bonahale e lekane ho khetha motho. Empa, na aa e ne e le mabaka a utloahalang a ho lekanyetsa lentsoe “minister” kapa mosebeletsi ho ba khethetsoeng boikarabelo ka phuthehong, baholo le ‘badiakone,’ kapa bahlanka ba sebeletsang.
16 ’Nete ke hore molao oa naha hangata o lumella tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea bolumeli tokelo ea ho bolela hore na ke eng se etsang hore motho ebe mosebeletsi (minister) oa eona. Haeba ba bang ba sa ananele boemo ba eona kapa ho lumellana le bona, hona ha ho re letho. Leha e le hore hoa tsotelleha hore na lipuo tse ngata ha li na lentsoe le loketseng hantle ho fetolela “minister.” Hoo ha ho thibele bao lipuo tsa bona li nang le lentsoe le joalo—Senyesemane, Setaliana, Spanishe le tse ling—hore li ka le sebelisa haeba le sebeletsa morero o motle.
17, 18. Ke bo-mang ba hlileng ba ka boleloang e le basebeletsi “ministers,” ’me mosebetsi oa bona ba lokela ho o nka joang?
17 Lentsoe “minister” le molemo haholo, hobane le bua ka “mosebeletsi” ea khethehileng, ea nang le kabelo e phahameng le e khethehileng ea tšebeletso. Mang kapa mang, ho sa tsotellehe lilemo kapa hore na o motona kapa o motšehali, ea tsebang ho bontša hore o utloisisa hantle thato ea Molimo le merero bakeng sa batho, le ea entseng hore bophelo ba hae bo lumellane le metheo ea Bibele, hape a ineetse a ba a kolobetsoa tumellanong le taelo ea Jesu ho Mattheu 28:19, 20, ruri ke e mong oa basebeletsi (ministers) ba Molimo. Ha e le hantle, ho ka boleloa hore ea joalo o tšoaneleha haholoanyane ho buella Molimo ho feta ba keneng liseminari tsa thuto ea bolumeli ba sa utloisiseng merero ea Molimo ’me mohlomong le bophelo ba bona ba sa etsa hore bo lumellane le litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo. Ba sebeletsang Molimo kannete ba ka bolela le moapostola Pauluse hore: ‘Ke tlotlisa tšebeletso ea ka.’—Ba-Roma 11:13.
18 Ho ke ho totobale hore lentsoe “mosebeletsi” (minister) hase tlotla empa ke tlhaloso. (Bapisa Mattheu 20:28.) Ha hoa lekana hore motho a nke mehato e mo tšoanelehisang ho kolobetsoa e le mosebeletsi oa Jehova Molimo. Motho ka mong o lokela ho etsa mosebetsi oa hae, ‘tšebeletso e halalelang’ ea hae ho Jehova Molimo, e le sona sepheo se seholo bophelong ba hae. Ho seng joalo, ho sa tsotellehe hore na o senya nako e kae tšebeletsong ea hae ka baka la maemo ao a ke keng a a laola, a ke ke a ipolela ka nepo hore ke mosebeletsi (minister) oa Molimo kapa hore ba bang ba ka mo nka e le mosebeletsi (minister) oa Molimo.—Ba-Roma 12:1, 2; 2 Timothea 4:5.
19. (a) Kutloisiso e joalo e felletse ka eng, empa ba tšepahalang ba hlohonolofalitsoe joang? (b) Tokisetso ea Jehova ea ho aba lijo tsa moea ke efe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho e khetha kamehla?
19 Bonneteng, khōlo e joalo kutloisisong, e amang ho ‘tsoelipana’ le maemo kamoo ho leng kateng, hangata e sebelelitse e le teko ea ho tšepahala ho ba kopanelang le “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Leha ho le joalo, ho ntse ho tsoeloa pele ho ea kananelong e feletseng ea ‘litaba tse molemo’ le sohle seo li se bolelang. Ke phihlelo ea ba lulellang haufi le phutheho ea Molimo hore lipotso le lintho tse utloisisoang ka thata kamehla li hlaka ha nako e ntse e feta. ’Me ha leseli le ntse le khanya ho ea pele, tsela e ipaka e le mofuthu pelong le ho khotsofatsa hakaakang! E joalokaha Petrose a e hlalositse ha barutuoa ba bang ba khoptjoa ke thuto ea Jesu: “Morena, re ka ea ho mang? Ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:68) Morena Jesu Kreste o sa ntsane a e-na le “mantsoe” ao, ’me o a ntša ka phutheho ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale” eo a e sebelisang kajeno lefatšeng. E tšoana le “sefate . . . se monate” seo Jesu a se hlalositseng se bea “litholoana tse monate.” (Mattheu 7:17) Ntle ho sena, ho ka ikhetheloa feela botsoalle le “sebata” sa bopolotiki sa Satane le “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 13:1; 17:5) Ha ho Mokreste ea ineetseng ea batlang ho khutlela ho seo!—2 Petrose 2:22; Johanne 14:6.
20. (a) Ke hobane’ng ha hona joale re ka tšepa haholo ho feta leha e le neng pele ‘leseli le ntseng le khanya’? (b) Ke bokamoso bofe bo thabileng bo emetseng bohle ba khethang tsela ea leseli le ntseng le eketseha?
20 Ruri, “leseli le jaletsoe ea lokileng.” (Pesaleme ea 97:11) Ho phethahatsoa Liproverbia 4:18, ka hore “tsela ea ea lokileng” e tšoana le lebone le ntseng le khanya haholo. Haeba ka linako tse ling ho e-na le tokiso, ho fella ka boemo bo ntlafalitsoeng. Tlhoekiso ebile molemo. Ka Kreste joale a busa, leseli le thabeloang ke batho ba Jehova le “joale ka leseli la meso, ha tsatsi le chaba.” (2 Samuele 23:3, 4; Mattheu 25:31) Ho molemong oa bohle ba sebeletsang le phutheho ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” moemeli ea bonahalang eo Jehova a buang ka eena! Ba bona ke boikhethelo bo bohlale, hobane tsela ea bona e isa sepheong sa bohlokoa sa bophelo bo sa feleng taolong e ncha e entsoeng ke Jehova.—Esaia 65:17, 18; 66:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka makhetlo a ka bang 60 bukeng ea Ezekiele feela; hape ho Exoda 6:7; Deuteronoma 29:6; Esaia 49:23; Joele 3:17, le litemana tse ling.
b Hona ho boletsoe e le thesis (tlhahiso), antithesis (tlhahiso e hanyetsang) le synthesis (ho kopanngoa ha tse peli).
[Lebokose le leqepheng la 31]
Ka ho ithuta liphihlelo bahlanka ba Jehova joale ba bona ka nepo:
Hore ho tumisoa ha lebitso la Jehova ke habohlokoa ho feta polokeho ea libopuoa.
Hore ho bontša cheseho bopaking le ho hlaolela litholoana tsa moea ke tsa bohlokoa bo tšoanang.
Hore ho ikokobeletsa ha Mokreste babusi ba lefatše ke boikokobetso bo nang le moeli.
Boemo ba bona bo hlomphehang e le basebeletsi (ministers), ruri bo emela Jehova kannete, ho sa tsotellehe hore na ba bang ba bo talima joang.