Sethethefatsi sa “Mohlolo” ho Holisa Masea—Lerato
Sepetleleng sa bana sa Philadelphia sa St. Christopher, masea a manyenyane a amoheloa hangata ka lebaka la ho se hole hantle. Hangata a manyenyane haholo ’me a fokola ho feta kamoo ho tloaelehileng a khathatsoa ke letšollo le komello. A lla haholo a hloka ho nkuoa. Moshemane e mong oa lesea ea likhoeli li tšeletseng o ne a le lefatla kamorao ha a fihla, ho bontšoa hore ho ne ho se mohla batsoali ba hae ba keng ba mo nke.
Ka nakoana, khopolo e ne e le hore masea a joalo ha a hole ka tšoanelo ka lebaka la liphio tsa oona tse sitoang ho hlahisa maro a kholo. Empa lingaka le baoki St. Christopher ba lumela hore “mabakeng a mangata ke ho se susumetsoe tšebetsong, ho haelloa ke tikoloho e lerato tsoelo peleng ea ngoana ea kelello.” Ngaka Sepetleleng sa Bana sa Boston e tlaleha ho re: “Ke nakong eo ka eona ba bonahalang e le bana ba thabileng le ba mafolo-folo ba eeng ba bonale ba hola ho fapana leha ba soabile, ba kula.”
Haeba batsoali ba ne ba ka ba le maikutlo a hore bana “ke lefa le tsoang ho Jehova” kamoo Bibele e bolelang ka teng, ba ne ba ke ke ba “haellisoa tikoloho e lerato.” (Pesaleme 127:3) Ka sebele, ho hlokahala nako le boiteko ho hlokomela lefa leha e le lefe le ho etsa hore le hole. Hore na ke karolo efe e nkoang ke maro a kholo tsoelo peleng ea ngoana ke ntho eo e leng hona e tla ithutoa. Empa ho na le sethethefatsi sa ‘mohlolo’ seo u ka se sebelisang ka ho sireletsehileng ho thusa ngoana oa hao hore a hole e be ngoana ea phetseng hantle—LERATO.