Katoloso ‘Ntlong ea Molimo’
MORENA SALOMONE o kile a botsa lilemong tse fetileng tse 3 000: “Empa fale Molimo o ka aha lefatšeng na? Bona, esita le maholimo le maholimo a maholimo a ke ke a u kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!” (1 Marena 8:27) Leseling la polelo ena, na ebe ho na le sebaka leha e le sefe lefatšeng seo ka ho loketseng se ka bitsoang “ntlo ea Molimo”?
E! Linaheng tse ’maloa Lipaki tsa Jehova li na le meaho eo li e bitsang Bethele, ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “ntlo ea Molimo.” Basebetsi ba baithaopi ba sebeletsang liofising tsa makala le likhatiso tsa Lipaki tsa Jehova ba phela mahaeng ana. Bonneteng, Jehova Molimo ka boeena ha a lula ntlong le ha e le efe ho tsona, empa batho ba ho tsona ba mo sebeletsa ka nako e tletseng. Mahae ana a Bethele ka ho feletseng a neetsoe tšebeletsong ea Molimo ’me a lokeloa ke lebitso Bethele, “ntlo ea Molimo.” Lehae le leholo ho feta ’ohle a Bethele lefatšeng ka bophara le fumanoa Brooklyn, New York, ntlo kholo ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova.
KHOLO E HLOKA KATOLOSO LE HO NTŠETSOA PELE
Ho etsahalang lifektring le liofising tse amanang le Bethele ea Brooklyn? Ho hongata haholo! Makasine ea Molula-Qhooa le molekane oa eona a Tsoha! li hatisoa mona hammoho le letoto la Libibele le lithuso tsa Bibele tsa ho ithuta ka lipuo tse ngata. Hona hohle ho hloka likhatiso le thepa ea ho kopanya libuka basebetsi ba liofisi, le ntlo ea ho phehela le lehae la basebetsi le ka bang le hona hore le boloke basebetsi ba bangata ba ithaopileng. Ka batho ba ’maloa ba ileng ba qala khatiso ea makasine ea Molula-Qhooa ka 1879, lelapa la ntlo kholo ea Bethele le eketsehile ka ba ka bang 2 000 ka 1982, ho akarelletsa liithuti le basebetsi ba nakoana.
Ntlo ea khatiso ea Brooklyn e ntse e ntšetsoa pele ka ho eketsehileng. Ho tla fihlela nakong ea hona joale, khatiso boholo e ne e etsoa ka mechini e 42 ea “rotary,” empa hona joale mechini e mene e tsoetsoeng pele ea khatiso ea Harris e ea sebelisoa, ’me oa bone o nts’o kopangoa. Ho tla etsahala joang ka mechini ea khale ea khatiso? E entsoe hantle ’me e tla fetoloa ho etsoa mechini ea kajeno. E ’meli ho mechini ea khatiso ea “rotary” e tla kopangoa hore e etsoe mechini e mecha e tsoetseng pele. Haeba ho fetoloa hona ha mechini ena ho ka ha atleha e tla ba e sebelisoang ka mokhoa o molemo haholo likhatisong tsa Lipaki libakeng tse ngata ho pota lefatše.
Tlhohonolofatso ea Jehova ntlong ea khatiso e ntseng e atolosoa e bile e kholo ka ho sa lebelloang haufinyane. (Liproverbia 10:22) Molebeli oa fektri o hopola hore “Re ile ra fumana lengolo le tsoang moo re sa lebellang ho hang, femeng e kholo ea khatiso e neng e batla ho re fa mochini oa khatiso o seng o sebelisitsoe.” Boitšoaro bo botle ba basebetsi ba eona ba Lipaki e bile lebaka le khothaletsang feme hore e etse qeto ea ho fana ka mpho ena. (Liproverbia 22:1) Lipaki tsa Jehova tsa amohela ka teboho mpho ena ea khatiso e tsoetseng pele ea “Levey”, e nang le hona ho hatisa likopi tse 50 000 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa kapa Tsoha! ka hora! Mochini ona, o boemong bo botle, ho na joale o ntse o qhaqholloa hore o ka isoa polasing ea Watchtower New York moo le teng Lipaki tsa Jehova li hatisang. Khatiso ena e phahameng ka limithara tse 7 e phahame haholo hoo ho ileng ha tlameha hore ho phahamisoe marulelo a fektri ea polasi ka lehlakoreng le leng e le hore e ka fumana sebaka se lekaneng.
Mochini o kopanyang libuka, o neng o kopanya libuka tse kholo tse limillione tse 22 le Libibele selemong se fetileng, le oona ka ho tšoanang o etsoa ka mokhoa o tsoetseng pele. Mokhoa o tsoetseng pele oa ho kopanya libuka o fokotsang mosebetsi ka ho li kopanya ka sekhomaretsi o nkile sebaka sa mosebetsi oa ho roka ka letsoho oa khale. Tekong e tsoa etsoa haufinyane ka banna ba 12 ba sebelisa thepa e tsoetseng pele ea ho kopanya ba bile le hona ho re ka lihora tse ’ne ba etse seo banna ba 40 ba neng ba se finyella ka lihora tse robeli!
Leha ho le joalo, thepa e neng e sebelisoa nakong e fetileng e santsane e na le nako e telele hore e ka sebelisoa kahoo ha e senngoe. Bakeng sa hoo, e ’ngoe ea eona e ntse e fanoa e le mpho likhatisong tsa Lipaki linaheng tse ling. Mechini e ’meli e neng e sebelisoa ho kopanya libuka nakong e fetileng Brooklyn hona joale e kopanya libuka Japane. E meng e ’meli e romeloa Brazil moo basebetsi ba nang le tsebo ba tsoang Brooklyn ba e kentseng tšebetsong. Mathoasong a selemo sena, mochini o mong o kopanyang libuka o ile oa romeloa Italy ho tloha Brooklyn.
TOWERS HOTEL E EA NCHAFATSOA
Katoloso e kholo Bethele ea Brooklyn e etsahetse lilemong tse fetileng tse 10, hoo ho ileng ha hlokahala hore ho etsoe matlo a macha ao ho robaloang ho oona. Mathoasong a 1975 Towers Hotel moaho o mekato e 15, o lilemo li 50 o ile oa fumaneha haefinyane le sebaka se seng sa bolulo sa meaho ea Bethele, ’me ea rekoa. Ka nako eo lik’hapete tsa eona li ne li le marantha, moo e litsoeng ho peperane, ’me ferefe e se ntse eboha, empa moaho o sa eme ka ho tiea. Ho o fetola hore o fihle boemong ba Bethele e ile ea e ba mosebetsi o moholo.
Towers Hotel ha ea ka ea lokisoa ka mokhoa o bobebe feela. Mabota a ka hare a ile a heletsoa ’me ha hahuoa a macha. Litšepe tse ngata tsa khale tsa ntšuoa ’me ha kenngoa tse ncha. Mabota a boetse a liloa bocha. Ha e le hantle ho ile ha qhaloa lithoele ka meqomo e 60 000 ho tloha mohahong oo. Meqomo eo e ne e ka etsa bophahamo ba likilomithara tse 48!
HO FANOA KA BASEBETSI BA TŠOANELEHANG
Boholo ba mosebetsi Towers Hotel bo ne bo hloka liqapi tse nang le tsebo—ba sebetsang ka tšepe, motlakase, libetli, baferefi le ba lilang. Mosebetsi o no o le moholo. Ferefe le seretse sa ho lila, ka mohlala, li ne li tlameha ho sebelisoa sebakeng se ka lekanang le mabala a 60 a bolo e rahuoang. Ebe basebetsi ba tšoanelehang ba ne ba tla fumanoa hokae?
Ka moea oa hae, Jehova Molimo a fana ka basebetsi bakeng sa ntlo ea hae. Lipaki tse nang le tsebo tse tsoang hohle Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika tsa ithaopela ho sebeletsa Bethele le ho thusa mohahong. Ea nang le tsebo ea ho rulela a tla a tsoa Michigan, ea tsebang ho rulela ka lithaele, a tsoa Connecticut, mokontraka ea ferefang a tsoa Florida, le ba bang ba bangata. Litsebi tsena tse fapa-fapaneng ka mamello tsa ruta ba lelapa la Bethele ba banyenyane mosebetsi, e leng ba ileng ba itšebelisa hantle ’me ba ithuta ka potlako hoo litsebi tsena tse etileng li ileng tsa makala.
Thuto e tsoelang pele joalo ke tšobotsi ea ka mehla meahong ea Bethele. Haufinyane, molebeli oa mohaho oa Bethele o ile a fumana lengolo le tsoang ho bahlanka ba “New York City Board of Education.” Monna enoa o ne a ile a etela mohaho oa Bethele ha ho ne ho sebetsoa “Towers’’ hape le mehahong ea moraonyana. A ngola, “Ke bile le tokelo ea ho buisana le batho ba lona ka mokhoa o qaqileng ke sa ba rerisa.” “Ke ile ka hlolloa ho fumana hore bahlankana ba neng ba e-na le tsebo e fokolang kapa ba se na eona ho hang ea mosebetsi, kamorao ho nako e khutšoanyane ea ho sebetsa tlas’a balebeli ba nang le tsebo le kutloisiso, ba bile le hona ho etsa mosebetsi o motle oo ba neng ba ithuta oona. Ka phakisa ka hlakeloa hore e mong le e mong o na le tsebo, boikutlo ba boikarabelo le boikemisetso hore a ka etsa hamolemo mesebetsi eo a e khethetsoeng.”
Na hona ho lokela ho makatsa? Che, hobane Jehova Molimo na ha a ka kenya moea oa hae ho Betsaleele le Oholiabe, ba ileng ba thusa ka ho haha “ntlo” ea Hae lefelleng? (Exoda 35:30-35) Hona ho ka boleloa sefe ka ba neng ba sebetsa tlas’a bona? Bibele e re: “Eaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba khanniloeng ke pelo ho tla etsa mosebetsi.” (Exoda 36:2) Ka ho tšoanang kajeno, “bohlale” ba baithaopi ba bacha ba sebetsang ntlong ea Jehova bo tsoa ho Eena.
Hoba e phethoe ka 1978, Towers Hotel e fetohile sebaka seo ho sona ho robalang batho ba fetang 1 000. Hape ho kentsoe thepa ea ho hlatsoa, hammoho le libaka tseo ho teoang ho tsona, phaposi eo ho rokoang ho eona, phaposi eo ho lokisoang moriri ho eona le sebaka se seholo moo ba kulang ba eang teng. Ba sebeletsang ‘ntlong ea Molimo’ ba leboha lithuso tsena tse ntle haholo.
HO HLOKAHALA SEBAKA SA OFISI
Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ke mokhatlo oa bolumeli o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ho tsamaisa tšebeletso ea tsona Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Ka lilemo-lemo liofisi tse sa tšoaneng tsa mokhatlo ona li ne li hasane meahong e fapa-fapaneng Bethele le khatisong. Hoo e ka bang qetellong ea bo1970 meaho ena ea bonahala e se e le menyenyane haholo bakeng mosebetsi o etsoang.
Ka ho bonela lintho pele Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova sa etsa qeto ea ho fetola ntlo e kholo ea polokelo ho e fetola moaho oa tsamaiso o nong o tla ba le liofisi tsena kaofela. E ne e se feela hore sebaka sena seo e neng e le ofisi se ne se tla fumaneha bakeng sa bolulo, empa hape mokhoa oa puisano o no o tla ntlafala bakeng sa liofisi tse fapa-fapaneng ka ho re li be tlas’a marulelo a le mang. Hape ho no ho e-na le lebaka le leng la bohlokoa la ho tloha sebakeng seo.
Li-computer li fetohile tsa bohlokoa haholo litšobotsing tse ngata tsa mosebetsi oa Mokhatlo. Empa ho fetohela tšebetsong ea li-computer ho thata ntle leha licomputer li beiloe sebakeng se haufi le liofisi tse li sebeletsang. Tokisetso e ncha ea liofisi e nolofatsa hona.
Moaho o ileng oa khethoa hore o ka fetoleloa liofisi e ne e le moaho o mekato e 13 o ileng oa rekoa ho Squibb Pharmaceutical Company ka Pulungoana 1969. Ho ho ho e-na le likarolo tse nyenyane tse tšeletseng tse hokahaneng le oona, boholo ba tsona li hahiloe ka maplanka, ka mekato e sa latellanang ka mokhoa o motle. Meaho ena e neng e tsofetse ’me e sa ema ka mokhoa o motle e ile heletsoa ho hleka tsela bakeng sa katoloso ea moaho o moholo oa mekato e 11.
Ho fetola ntlo ea fektri ea polokelo e etsoa moaho o moholo oa liofisi hase mosebetsi o monyenyane. Lifenstere tse nelang li ile tsa tlosoa ’me ha kenngoa tse ncha le tse tšoarang mofuthu. Lifenstere tse ncha li thulamiselitsoe kahare ho mahaho. Hona ho entse hore letsatsi le chesang la lehlabula le se ke la kenella habonolo kahare, empa ho lumella letsatsi la mariha kahare. Mabone le moea liofising tse ncha li laoloa ke li-computer, hoo mabone a ka salang ka phoso kamorao ho mosebetsi a itimang ka boona pele a senya motlakase. Ba sebetsang bosiu ka linako tse ling ba iphumana ba le lefifing ntle ho morero, empa, bonnneteng ba taba, mabone ao ba a hlokang ba ka a bonesa habonolo hape.
HO BOLOKA MATLA LE CHELETE
Motsamaisi oa li-computer o bontša hore, “molao oa motse oa New York o laolang mollo o matla hoo o hlokang hore ho be le lintho tse ngata tse itšebetsang tse amanang le mollo hoo leha ho le joalo ho nong ho ntse ho hlokahala li-computer.” “Ka ho fumana mokhoa o matlanyana oo re o sebelisang, re ka ba le hona ho laola tšebeliso ea rona ea motlakase hora ka hora. Haeba computer e bona hore ho sebelisoa motlakase o mongata haholo, eona ka boeona e tima mabone a hlileng a sa hlokahaleng haholo le lintho tse ling hore li lule li loketse. Ka likhoeli tse peli feela re bolokile $4 000 ka ho sebelisa licomputer, ’me hona ke qaleho ea litaba feela!”
Mokato oa bo12 oa mohaho o no o e-na le lebala le limethara tse 3 ho o potoloha. E le hore ho ka sebelisetsoa sebaka liofisi, lebota le kantle le ile la heletsoa ’me marulelo a atolosoa ka ho sebelisa lesenke le kenyang mocheso le kang galase. Hoo batho ba shebelletseng ba le thoko ba neng ba bona e ka ke ntlo ea galase!
Karolo e ka hare ea mohaho o nchafalitsoeng ea lokisoa ka mokhoa o bohehang le o ka sebelisoang hamolemo. Ba sebetsang liofising tsa mokhatlo ba ile ba thaba haholo ka lebaka la sebaka se atolositsoeng le molemo o teng ha ba qala ho kena likarolong tsa bona tse ncha qetellong ea 1980.
TLHOHONOLOFATSO EA JEHOVA KATOLOSONG E NCHA
Ho sa le joalo, katoloso e kholo ea mohaho oa ofisi e ne e tsoela pele ka potlako haholo. Tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing e ne e totobetse. Molebeli oa mohaho a re: “Ntho e ’ngoe le ’ngoe ea ema sebakeng sa eona.” E ’ngoe ea lifeme tse kholo tsa mohaho lefatšeng ea lumela ho haha lerako le ka ntle la katoloso ’me ea tlohela lebotho la rona hore le qetelle mosebetsi o kahare. Hona ke ho tsotehang ka bohona hobane ho hong ho ne ho sa hlokahale hore re khathatsane le bona! Ntle ho moo, hangata bo-’ralikontraka ba rata ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe mosebetsing empa e bile ba utloisisang hore ba etse lintho kamoo re ratang ’me ba re thusa haholo.
“Lebaka le leng e ne e le boemo ba leholimo. Re ile ra qala mosebetsi oa ho heletsa ka Mphalane 1979 ’me re sebetsa mariha ’ohle, re tšela konkreite bakeng sa motheo ka January 1980. Ho hang re ne re sitoa ho emisa ka lebaka la boemo bo bobe ba leholimo, ’me, bonneteng ba taba, boemo ba leholimo e bile bo botle haholo kamor’a lilemo tse telele, Ka makhetlo a seng makae ba neng ba tšela konkreite ba ile ba re bolella hore e tlamehile ebe ho na le ho hong hoo re ho tsebang ka E mong ea laolang boemo ba leholimo.
“Ha ho fihloa tabeng ea litumello tsa ho haha, Jehova o bonahetse a re fokolelitse litaba. Tabeng e ’ngoe re ne re le sebokeng le mokontraka oa rona ’me ra bolelloa hore ho tla re nka libeke tse peli pele re ka fumana litumello tse hlokahalang. Nahana ka ho makala ha bona ha e mong oa baena ba rona a ea me a khutla “City Hall” le litumello tse hlokahalang pele seboka se fela!
“Ha ho qala katoloso e ncha, e mong eo re ahisaneng le eena o ile a re isa lekhotleng ho emisa mosebetsi oa rona oa ho haha. Hoo eka bang nako eo mohlahlobi oa tsa mollo a re tsebisa hore mokontraka ea neng a etsa mosebetsi oa litšepe o ne a hlokomolohile pompo e kotsi bakeng sa ho sireletsa mollo. E ne e le Labohlano ’me mohlahlobi a re bolella hore o tla re fa lengolo le neng le tla emisa mosebetsi ’ohle o ntseng o etsoa, haeba pompo e sa kenngoa Mantaha hoseng.
Ho emisoa ho joalo ho ne ho ka ’na ha nea eo re ahisaneng le eena monyetla oo a neng a o batla oa ho emisa mosebetsi oa rona ka ho feletseng! Ho ile ha hlokahala boiteko bo matla ho kenya pompo eo ka nako, empa baena ba bahlano ba rona ba sebetsa motšehare le bosiu mafelong a beke ho thusa mong’a kontraka ho kenya pompo eo. Mantaha hoseng mohlahlobi oa mollo o ile oa tsota ha a bona mosebetsi o entsoeng, ’me a lumella mosebetsi oa rona hore o tsoele pele.
“Leha re ke ke ra ho bolela, boiteko ba eo re ahisaneng le eena ea se nang botsoalle ba ho leka hore ka molao a emise mosebetsi oa rona ha boa ka ba tsoella.”
HO KENA KA SEBAKENG SE SECHA
Ka Tšitoe 1981 basebeletsi ba liofisi ba qala ho kena ka mohahong o mocha. Licomputer tse sebelisoang, makala a boqapi, le ho ngola, le oona a kena ka mohahong ka eona nako eo ho tloha moo a neng a ntse a le teng ka nakoana ka fektring, hoo e ka bang hole ka limethara tse 0,8, ho ea mohahong o ekelitsoeng bocha. Kakaretso ea basebeletsi ba fektri ba 93 ea kenyeletsoa ho keneng mohahong o mocha. Litokisetso tsohle tsa pele tsa khatiso ea limakasine, ho akareletsa ho ngola, litokiso, litlhahlobo haesita le ho ngoloa ha lihlooho, joale ho ama li-computer. Ka hoo ho tla boloka nako le ho ntlafatsa mokhoa oa tšebetso hore ebe makala ana a neng a le libakeng tse fapaneng a tlas’a marulelo a le mang, haufi le li-computer tse a sebeletsang.
Ho qala ka litokollo tsa Senyesemane tsa January 1982 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisoa ka mokhoa oa lifoto ke li-computer ho hang. Molebeli oa fektri o tlaleha hore “Re se re bolokile nako e ngata ka ho sebelisa li-computer. Hlahlobo ea liphoso ka mohlala, e fokolitsoe ka karolo ea 50 lekholong!” Ha ba bangata ho bangoli ba mokhatlo ba qala hore ba kene ka ho toba mokhoeng oa li-computer, nako ea bongoli e tla bolokoa haholo ’me mokhoa oa ho hlophisoa ha maqephe o sebelisang computer o tla nea ba hlophisang ho tenyetseha ho feta pele. E ’ngoe ea thepa ea mokhatlo ea li-computer mokhatlo o iketselitse eona—e kopangoa le ho hlophisoa ke Lipaki tse sebetsang lipolasing tsa Watchtower. Tsa pele ho Lipaki tsena—li fihlile Brooklyn likhoeling tse seng kae nakong e fetileng.
Watchtower Society e ananela haholo meneelo e fanoang ke Lipaki tsa Jehova hohle lefatšeng e thusang hore mosebetsi ona oa ho haha o tsoele pele. Chelete ena e sebelisoa ka mokhoa o e bolokang ka moo ho ka khonehang, joale ka ho hahuoeng ha ofisi e ncha, e hlophiselitsoeng ho boloka liranta tse likete-kete selemo le selemo tšenyehelong ea motlakase. Thepa e ncha e sebelisoang e entsoe lehaeng la Bethele la Brooklyn e thusa “lelapa” le leholo le moo hore le etse mosebetsi oa bohlokoa haholo oa ho fana ka lijo tsa moea le tataiso ho batho ba Jehova lefatšeng ka bophara. E se eka tlhohonolofatso ea Jehova e ka tsoela pele boitekong ba bona le boitekong ba batho bohle ba oona, ho mo sebeletsa ka moea ’ohle ‘mehleng ena ea qetello’!—Mattheu 22:36-38; 2 Timothea 3:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Mohaho oa “Tower”
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Mohaho o mocha oa Watchtower le liofisi tsa ntlo kholo