Ho “Tsoaloa Bocha” Hoa Ata
HO “TSOALOA BOCHA HOA ATA.” Ke kamoo ho ileng ha beoa sehlooho sa taba sa Los Angeles se neng se hlahile ho New York Post ea la 19 Motšeanong, 1980. Taba ea tsoela pele e re: “Hoo e ka bang karolo e fetang halofo ea Maamerika ’ohle a lilemong a bile le phihlelo e tšoarellang ea ‘ho tsoaloa bocha’ ea bolumeli ba Bokreste, kamoo ho tlalehang phuputso ea Gallup. Boitsebiso . . . bo bontša hore Maamerika a lilemong a limillione tse 84 a na le boitlamo ba botho ho Jesu Kreste boo ha ntseng ba bo nka bo sa loketse.” Nakoana pele ho sena phuputso e ile ea tlaleha hore hoo e ka bang halofo ea bacha ba Maamerika ba bile le “liphihlelo tsa ho ‘tsoaloa bocha’” Parade e tsoang ka beke le beke ea la 6 Phupu, 1980, e boletse hore bohle ba neng ba kenetse ho khetheloa bookameli ba Amerika ka boraro ba bona ka nako eo, Carter, Reagan le Anderson, ba ile ba ipolela hore ke Bakreste ba ‘tsoetsoeng bocha.’
Bakreste ba ‘tsoetsoeng bocha’ ka linako tse ling ba bolela hore ho atleha ha bona khoebong ho tlile ka baka la hore ba tsoetsoe bocha. E mong ea phahameng haholo katlehong oa New York ho boleloa a ile a re: “U iphetlela Morena ’me Morena o-oa u thusa. Ka nako e ’ngoe, ha ke ne ke tlameha ho reka ‘Bonwit Teller,’ ke ne ke haelloa ke lidolara tse 2,5 tsa limillione ’me ke sa tsebe hore na nka e fumana joang. E bile mohlolo oa sebele. ’Me ha etsahala ka tsela eona eo ha ke reka ‘Tiffany’ ’me ke haelloa ke lidolara tse millione o le mong.” Tabeng e neng e re: “libapali tsa Bolo tse ‘Tsoetsoeng bocha,’ lia Ata,” taba e hlahang San Francisco ea bolela ka libapali tse eketsehileng tsa ‘‘baseball” tse ipolelang hore li tsoetsoe bocha ’me ea qotsa libapali tse ngata tse neng li bolela hore katleho ea tsona e tlile ka baka la ho tsoaloa bocha. E mong oa tsona a re: “Hase hangata ho buisanoang le ’na, kahoo ke rata ho sebelisa monyetla ona ho tlotlisa Jesu Kreste. Ke eena oa pele bophelong ba ka.” E mong a bolela hore ‘‘ho bonolo haholo ho bapala ‘baseball,’ hammoho le papali ea bophelo, ha Molimo e le molekane oa hao.”
Joale hape, tlaleho ea katleho ea lichelete ea “The Electric Church” ea re: “Ho Hasa Bolumeli Moeeng ho Fetoha Khoebo e Khōlō, E Tlalang Hohle U.S. Bakreste ba Tsoetsoeng Bocha ba Lefella Boholo ba Melato bakeng sa Lipontšo: Katleho ea Jerry Falwell. Sepheo: ‘Lipelo le Chelete ka Pokothong.”—The Wall Street Journal.
Leha ho le joalo, hase balumeli bohle ba Bojakane ba thabetseng phetoho ena. Ke kahoo New York Times e boletseng hore ‘Mapresbitheriane a ile a aroha likoto karolong ea boevangeli le hore tšusumetso ea Bakreste ba “tsoetsoeng bocha” ho ntse ho buisanoa ka eona ke sehlopha sa bona.’ Ba bang ba bolela hore phetoho ena ke ntho e tsoaloang haholo ke boikutlo ba botho, ’me setsebi se seng sa seminari sa ipelaetsa hore “liithuti tse ngata haholo ho hang ha li rutehe” ka baka la boikutlo ba bona ba ho ‘tsoaloa bocha.’ Seminaring e ’ngoe hoo e kang karolo e bohareng ea liithuti ea ipolela hore e tsoetsoe bocha.
Ka maikutlo a akaretsang ho bonahala hore ho ‘tsoaloa bocha’ ho tšoana le hore motho a ‘itlame’ hore o tla sebeletsa Molimo le Kreste, e leng tsela eo ka eona baboleli ba evangeli ba tsebisahalang ba hlahisang taba kateng. Hona ho hlahisa lipotso tse itseng: Jesu o boletse hore tsela e isang bophelong e tšesaane hape e boima le hore ba tla e fumana ha ba bangata. (Mattheu 7:13, 14) Hape ka mokhoa o pheta-phetang a bolela hore balateli ba hae hase karolo ea lefatše. (Joh. 15:19; 17:16) Mantsoe aa a hae a ka lumellana joang le boipolelo ba hore hoo e ka bang karolo e fetang halofo ea Maamerika a lilemong e na le phihlelo ea ‘ho tsoaloa bocha’? Leha e le hore hoo ke phetho. Haeba halofo ea baahi ba lilemong ba naha e le Bakreste ba ‘tsoetsoeng bocha,’ ke hobane’ng ha tlōlo ea molao e atile hakaale, bonokoane bo le bongata hakaale, ho baleha lekhetho ka bolotsana ho le hongata hakaale, ho hloka boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali ho le hongata hakaale, ho silafala lipolotiking ho le hongata hakaale, ho rata lintho tse bonahalang ho le hongata haakale, boikutlo ba “’na pele” bo le bongata hakaale? Na Bibele e tšepisa katleho boitekong ba khoebo ho ba ‘tsoetsoeng bocha’? Na Molimo le Kreste ba fetoha balekane ba ba bapalang “baseball,” ba ba thusa hore ba hlōle lipapaling?
Jesu o ile a re ho ’musisi oa Mojode, Mofarisi Nikodema: “Kannete-nete, kea u bolella, ha motho a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, a ke ke a kena ’Musong oa Molimo. U se ua makala ha ke itse ho uena: E ka khona le tsoaloe bocha.” (Joh. 3:5, 7, phet. e ncha) Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe aa? Morero oa Jehova Molimo ka hore ba bang ba tsoaloe bocha ba tlamiloeng ke eng? Pele lipotso tsena li ka arabeloa ka mokhoa o khotsofatsang, hoa hlokahala ho tiisa linnete tse itseng tsa motheo ka melao ea motheo ea Jehova Molimo le merero ea hae ka lefatše le motho.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Jesu a re ho Nikodema: ‘E ka khona le tsoaloe bocha’
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
‘Ke ba seng bakae ba fumanang tsela e isang bophelong’