Ho Nyarela ka Litabeng
O Thetsehile ’me O Thetsitse ba Bang
Ka lilemo tse 20 Hans Nestius o ile a etella pele “bolokolohi ba likamano tsa botona le botšehali” Sweden. Joale oa lumela: “Ke ne ke fositse. Ke ne ke hloka tsebo, seo ke neng ke se nahanne se senyehile ho hang.” Nestius, molula-setulo oa Mokhatlo oa Thuto ea Likamano tsa Botona le Botšehali o tšehelitsoeng ke ’muso oa Sweden, o boetse o lumela hape hore: “Re tlameha ho khutlisa melao e meng hape . . . hobane ha se lerato le jalehileng, empa ho fetella likamanong tsa botona le botšehali le ho silafala.” Ha e hlalosa ka ho nyahama ha hae ka “phetoho ea likamano tsa botona le botšehali,” London “Daily Mail,” tlas’a sehloho “Ke ne ke fositse hakaakang!” E bolela hore Nestius “e ne e le mosusumetsi ea ka sehlohong ho etseng Sweden sebaka sa phetoho ea boitšoaro lefatšeng, le bakeng sa bolokolohi bo feletseng likamanong tsa botona le botšehali. . . . Moo Nestius le Sweden e ileng ea leba teng ke hona moo lefatše la Bophirimela le ileng la latela. . . . Ho tšoana le ’moleli e mong oa boipolelo bo se nang moeli Dr. Spock, Nestius o sibollotse nako e se e ile hore o khelositse moloko.
Ba furallang melao e phahameng ea boitšoaro ea Bibele ruri ba tla thetseha ’me ba thetse ba bang. Empa ba khomarelang haufi le Lentsoe la Molimo ba qoba ho thetsoa.—Pesaleme 119:104, 105.
Mofumahali oa Sheba na e ne e Se Mofumahali?
Haeba moprista oa Roma e K’hatholike le moepolli oa mesaletsa ea tsa boholo-holo a nka lintho ka tsela ea hae, mofumahali oa Sheba o tla lahleheloa ke tlotla le sebaka historing. Albert Jamme oa University ea K’hatholike Washington, D.C., o ne a tla be a mo tlose le naheng ea hahabo. Ke ka lebaka la’ng ha a e-na le maikutlo aa? O bolela hore Ethiopia o bitsoa mofumahali Maqweda. Khopolo ea hae ke hore hona ke “phetolelo e fosahetseng ea lentsoe la Seheberu maqtuwiat” ’me ha se “lebitso la botho, empa tlotla e bolelang ‘mofumahali.’” Ho latelang, a itšetlehile ka libuka tsa litlaleho tse itseng tsa Assyria, o nka hore batho ba Sheba (Masabea) a ne a e-na le setsi sa khoebo haufi le moeli oa Assyria, hoo “mofumahali” a neng e hlile e le mofumahali setsing sena e seng Sheba ka boeona, e neng e le Boroa bo ka bophirimela ho Arabia.
Baepolli ba bang ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba belaela tlaleho ea Bibele le bona ba ikutloa hore leeto le tlohang Arabia ho ea Jerusalema le ne le le lelelele haholo bakeng sa mehla eo. Empa na ebe ba lebetse hore Abrahama melokong ea pelenyana o ne a ile a nka leeto le lelelele haholo? (Genese 11:31; 12:1-5) Leha e le mofumahali oa Sheba kapa Abrahama maikutlo a bona a ne a sa nkela bohato bo eang pele hakalo joalo ka baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo.
Ho hlalosa hore na ke ka lebaka la’ng ha tlaleho e le ka Bibeleng, Jamme o re: “Salomone e ne e le morena e monyenyane haholo. Babuelii ba Testamente ea Khale ba ile ba feteletsa bophahamo ba Sheba e le ho phahamisa botumo ba Salomone.” Kapa, na ebe ke taba ea hore moepolli oa mesaletsa ea tsa boholo-holo ka boeena o nyelisa bohlokoa ba Salomone e le hore a phahamise mosebetsi oa hae oa khopolo taba? Haeba Jesu Kreste a sa ka a tsila-tsila ho amohela mofumahali oa Sheba hore ke oa ’nete, ke ka lebaka la’ng ha ea ipolelang hore ke molateli oa Kreste a ka etsa joalo? Jesu o bile a lumela le leeto la hae le neng le le lelelele ka polelo e reng: “O na a tlohe pheletsong ea lefatše.” Uena u nahana joang?—Mattheu 12:42.
Karolo ea Bohlokoa ea Mosali oa Lelapa
Ka thuso ea ba moruo le mekha ea mekhatlo ea mesebetsi, muelli oa molao oa hlalano Michael Minton o sa tsoa hakanyetsa bohlokoa ba litšebeletso tse etsoang ke mosali oa lelapa. Ha bo lekanngoa ka chelete bo ile ba fihla ho $46 000 (U.S.) ka selemo. Har’a mesebetsi e 22 e thathamisitsoeng ke Minton chateng e bontšang bohlokoa ba bona ba beke le beke ebile e latelang: hlokomelo ea bana, ho ruta, ho reka lijo, booki, ho fepa, ho roka liaparo, ho hlatsoa, ho hlatsoa lijana, ho hlokomela serapa sa meroho, ho lokisa lintho tse senyehileng, le mosali ea hloekisang, mohlokomeli oa lelapa, ’moloki oa libuka, ea phehang, morumuoa, ea hlokomelang lijo tse jeoang, mongoli, mohlanka le ea khabisang ntlo kahare. “Ke lumela hore chate ena e na le monyetla o moholo oa ho khaotsa tlhalano,” kamoo Minton a ileng a bolela ha a botsoa. Ha o nahana ka bohlokoa bo boholo ba mosali oa lelapa, “banna ha ba lokela hore ba nke basali ba bona ka tloaelo.”
Nakong eo ka eona batho ba bangata ba tellang basali, Bibele e fane ka maikutlo a nepahetseng, e bea khatiso e kholo ho “mosali ea masene.” E bua ka mokhoa o phahameng ka litšoanelo tsa hae le mahlahahlaha ho Liproverbia 31:10-31. Ho ithuta litemana tsena ho bontša kamoo a etsang litšoanelo tse ngata kateng tse thathamisitsoeng chateng e seng e boletsoe. “Ke ea bohlokoa ho fetisa liperela,” kamoo ho bolelang Lentsoe la Molimo.