Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Tabeng ea ho ‘khetha’ motho ea sa eeng ka molao ka phuthehong, na hona nka ho etsa neng kapa neng ha ke utloa hore hoa hlokahala, kapa na ke tlameha ho ema ho fihlela ha baholo ba fana ka puo e amanang le bothata boo?
Ho ‘khetha’ Mokreste e mong ha se ntho e lokeloang hore e nkuoe habobebe. U tlameha hore u lekanyetse hore na ke neng hona ho ka etsoang. Empa mabakeng a mangata ho ‘khetha’ ho lokela hore ho latele boiteko ba baholo ho thusa ea fosang ho akareletsa hore qetellong ba neelane ka puo phuthehong ka bothata bo a fosang ho bona.
Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Ba-Thessalonika ka ho ‘khetha’ litho tsa phutheho eo, o ne a khalemela batho ba itseng ba moo ba neng ba tlohile keletsong ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo ba neng ba ‘sa tsamaee ka molao . . . ba sa sebetse, ’me ba kena litabeng tse eseng tsa bona.’ (2 Ba-Thessalonika 3:6, 10-12) Ho sa tsotellehe keletso ea Mangolo e hananang le botsoa, batho bana ba sa eeng ka molao ba ne sa sebetse ’me ka hoo ba iphetola mojaro oa ba bang. (Liproverbia 6:6-11; 10:4, 5; 12:11, 24, 27; 24:30-34; 26:13-16) Ka ho pepenene Pauluse a eletsa khahlanong le tsela e joalo. Ho feta moo, a eletsa bohle hore haeba ba sa arabele keletsong ena e tiileng e fanoeng ka pel’a phutheho eohle, ba ‘khethoe’ ’me ba qojoe, ka ho totobetseng litabeng tsa boithabiso.
Batho ba bang kajeno ba ’nile ba ipotsa hore na ba ka ‘khetha’ motho ea hananang le keletso ea Bomolimo le hoja baholo ba e-so fane ka puo ea mangolo ka phoso. Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a hlahang seoelo moo ho ka bang joalo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 5:1, 2.) Empa ho na le mabaka ao boholong ba litaba ho leng molemo ho emela hore ho ‘khetha’ e be bohato ba tobileng bo nkoang ke baholo ho akareletsa ho fana ka puo phuthehong.
Pele, re le batho ba sa phethahalang ba nang le litšekamelo tsa rona re ka ‘na ra sebelisa hampe ho ‘khetha’ ho ho sebelisa e le mokhoa oa kotlo mabapi le likhopiso tse sa reng letho kapa ho se tšoane ha botho. Phuthehong e ’ngoe ho ka ’na ha e-ba le khaitseli ea nang le botho bo khopisang. O ‘tena’ ba bang, ho le thata ho sebelisana le eena. Ka hoo bokhaitseli ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho ‘khetha’ eo ’me ba mo qobe. Hoo ruri e ka ba ho seng tumellanong le keletso e lerato ea Jesu ea hore re lokela ho hauhela bana ba bo rona, re hlokomoloha mefokolo ea bona le liphoso tse nyenyane. Hopola, ka mohlala, seo a ileng a se ruta thapelong ea mohlala ka hore na Molimo o tla tšoarela litlolo le liphoso tsa rona ha ho le joang. ’Me Jesu a phehella hore re potlakele ho leka ho lokisa lipelaelo tsa rona ka ba bang. (Mattheu 5:23-25; 6:12) Ka hoo e ka ba phoso ho ‘khetha’ moena ka ho hloka kutloano ho itseng kapa phapang ea botho.
Sa bobeli, ha Pauluse a ngola ka ho ‘khetha’ ba itseng e ne e se ka lebaka la hobane ba ne ba le molato oa phapang e itseng e amang botho, tatso ea botho kapa maikutlo a botho. Baholo ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ba leke ho ikenya kapa ho eletsa linthong tse joalo. Empa, ho tšoana le Pauluse, ba lokela ho falimehela batho bao ka ho totobetseng ba tlolang metheo ea Bibele (le hoja liphoso e se sebe se feteletseng seo ba ka se khaoleloang). Baholo ka lekunutu ba lokela ho eletsa bana ba fosang kapa ba sa eeng ka molao. Joaloka ha re bala ho Ba-Galata 6:1: “Ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa.”
Haeba boiteko bo phethoa-phetoang ba baholo ho thusa ea joalo lekunutung bo sa bee litholoana, ba ka ’na ba buisana ka taba ’me ba etse qeto ea hore e mong oa bona a fane ka puo e tobileng ea Mangolo ka taba eo phuthehong. Le hoja, joalo ka Pauluse, ba ke ke ba qolla bao ka ho tebileng ba tlolang keletso ea Molimo, ba tla hlokomelisa ka monahano o fosahetseng kapa tsela. Ka tsela ena phutheho e tla hlasimolloa maikutlong ka monahano oa Molimo ’me e falimehisetsoe hore e ka e tebela khahlanong le ho se silafatsoe kapa ho khelosoa. Joale, kamoo Pauluse a ngotseng, Bakreste ka bo mong ba ka ‘khetha’ motho ea sa eeng ka molao ’me ba se ke ba kopanela le eena. ’Me, ka ha baholo ba fane ka keletso ka bothata, ea fositseng o tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bang ka phuthehong ba hana ha a ba memela libokeng tsa boithabiso.—2 Ba-Thessalonika 3:13-15.
Ka hoo, hangata ho bohlale ho se ‘khethe’ e mong ntle le ha taba e se ile ea sebetsoa pepeneneng ke baholo, joaloka ha Pauluse a ile a eletsa pepeneneng ka taba e tebileng ’me kamorao ho moo batho ba ka sebelisa keletso ea hae ka ho ‘khetha.’ Ka ho talima taba ka tsela ena re tla qoba kotsi ea ho sebelisa hampe ho ‘khetha’ ka liphoso tse sa reng letho, litaba tsa khetho ea botho le ho se tšoane. Hape, ho bontša ho hlonepha baholo joalo ka balisa ba lerato ba hlokometseng se hlokoang ke mohlape.—1 Petrose 5:2.