Ho “Tsoaloa Bocha”—Karolo ea Motho le Karolo ea Molimo
“E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe, kahobane peo ea oona e lutse ho eena; ’me o sitoa ho etsa sebe, kahobane o tsoetsoe ke Molimo”—1 Johanne 3:9.
1, 2. Re ithutile eng (a) ka liphello tsa ba bolokiloeng? (b) Ka morero oa Jehova ka hore ba bang ba “tsoaloe bocha”?
SEHLOOHONG se fetileng re hlokometse hore ba bangata ba limillione ba ipolelang hore ke Bakreste ba ipolela hore ba ‘tsoetsoe bocha.’ Hape, re bone ka Mangolo hore le hoja poloko e le ’ngoe—e theiloe tumelong ho sehlabelo sa topollo sa Kreste—ho na le liphello tse peli tse sa tšoaneng tse tla thabeloa ke lihlopha tsena tse peli tse bolokiloeng, phello ea leholimo le ea lefatšeng.
2 Hape re bone hore Jesu Kreste o tsoetsoe bocha kamorao ho ho kolobetsoa Jordane. Joale Jehova Molimo a etsa hore moea o halalelang o theohele ho Jesu ka sebopeho sa leeba, e leng nako eo ka eona Molimo o ileng oa amohela Jesu hore ke mora oa hae ea tsoetsoeng ka moea. Hape re bone hore na morero oa Molimo e ne e le ofe ka hore Jesu a tsoaloe bocha, e leng, hore ka ho shoa ha hae le ho tsoha e ka ba Morena ea khanyang le ea matla oa ’muso oa Molimo. Hape re ithutile hore ke thato ea Jehova hore Jesu Kreste a be le metsoalle e busang le eena le hore bana, le bona, ba tlameha ho ‘tsoaloa bocha.’—Mattheu 3:13-17; Johanne 1:12; 3:3; Ba-Heberu 10:5-10; Tšenolo 20:6.
3. Ba tla busa hammoho le Jesu ’Musong ba fapana joang le eena ha ho fihloa ho ‘tsoaloeng bocha’ ha bona?
3 Ho thoe’ng ka bana ba latetseng Jesu Kreste ba hatang moo a hatileng? Ba ‘tsoaloa bocha’ neng? Ke mehato efe eo ba lokelang ho e nka pele Jehova a nka bohato lebitsong la bona, a ba hlahisa e le bara ba moea? Kaha Molimo e e ne e le Ntate oa hae, Jesu o tsoetsoe e le motho ea phethahetseng. Lilemo tse mashome a mararo hamorao Ntate oa hae a mo hlahisa e le Mora oa moea, a etsa hore a “tsoaloe bocha.” Empa bana bohle ba Adama ke baetsalibe tsoalong, ‘e le basele ’me e le lira tsa Molimo hobane mehopolo ea bona e mesebetsing e mebe.’ Ba le joalo ha ba boemong bofe kapa bofe ba hore Jehova a sebetsane le bona le ho ba hlahisa e le bara ba moea.—Pesaleme ea 51:5; Ba-Kolose 1:21.
KAROLO EA MOTHO: MEHATO E TŠELETSENG EA PELE
4, 5. (a) Pele Molimo o ka nahana ka bao e tla ba barutuoa bakeng sa ho ba bara ba moea, bana ba lokela ho nka mehato e mekae, ’me ena e hlokoa le ho bo-mang hape? (b) Bohato ba pele ke bofe?
4 Ke mehato efe e hlokoang ka lehlakoreng la barutuoa ba lebelletsoeng pele Jehova a ka ba nahanela ho ba bara ba moea? Ho na le mehato e tšeletseng e totobetseng eo bana ba e nkang. Empa ho ke ho hlokomeloe hore Molimo o hloka lintho tsona tsena ho bohle bao e tla ba Bakreste ba ’nete ’me ba bolokehe, le haeba qetello ea moputso oa bona ke ea leholimo kapa ea lefatšeng.
5 Sa pele, batho ba joalo ba tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo, ’Mōpi oa bona le Monei-bophelo, le ka Mora oa hae, Jesu Kreste, ’Moloki le Molopolli oa bona. (Pesaleme ea 36:9; 100:3; Mattheu 20:28; Ba-Roma 10:13-15) Ka thapelo ea Jesu ho Molimo bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng e le motho, a hatisa bohlokoa ba bohato bona, a re: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
6. Ke bohato bofe ba bobeli boo bana ba lokelang ho bo nka?
6 Leha ho le joalo, tsebo e tsotseng feela ha e-ea lekana. Motho o tlameha ho lumela, joalokaha re bala: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” E, joalokaha moapostola Pauluse a bontša ka ho hlakileng, “tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang.” Tumelo ena e nka litšepiso tsa Molimo e le tsa sebele, e le tsa molemo joalokaha eka li se li phethahetse. Ke ho fetang ho lumela feela, hobane re hopotsoa ke morutuoa Jakobo hore le bona bademona baa lumela empa leha ho le joalo baa thothomela, le hore “tumelo, ha e se na mesebetsi e shoele.”—Johanne 3:16; Ba-Heberu 11:1, 6; Jakobo 2:19, 26.
7. Ke mosebetsi ofe oa pele o hlokoang e le bopaki ba motho ea nang le tumelo?
7 Mosebetsi oa pele o hlokoang e le bopaki ba tumelo ea motho ke oa pako. E, motho o tlameha ho bakela tsela ea hae e fosahetseng ’me a ithaopele ho tlohela ho fetola sebe tloaelo ea hae. Ha Jesu a qala ho bolela, o itse: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:17) Hore motho a bakele tsela ea hae e mpe, o tlameha ho e tlohela. O tlameha ho ikutloa a ikoahlaea ka matla, a soabile, a le lihlong ka eona. Ha e le hantle, ke tlamo ho bohle ba tla fumana bophelo lefatšeng la paradeise hore le bona ba etse joalo, hobane “[Molimo] o felisa ba babe kaofela.”—Pesaleme ea 145:20.
8. Ho bakela libe tsa motho ho lokela ho lateloa ke bohato bofe?
8 Leha ho le joalo, ho khaotsa feela ho etsa se sebe ha hoa lekana. Motho o tlameha ho nka bohato ba tšokoloho. Ke hore, o tlameha ho sokoloha ’me a tsoele pele tseleng e fapaneng. O tlameha ho ela hloko keletso eo Petrose a e fileng Bajode mehleng ea hae: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe libe tsa lōna li tle li hlakoloe.” E, ‘le etse mesebetsi e tšoanelang pako.’ (Liketso 3:19; 26:20) Hore bohato bona boa hlokahala le ho bohle ba nang le tšepo ea ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng ho hlakisoa ke mantsoe a fumanoang ho Liproverbia 2:20, 21.
9. (a) Ke mehato efe e tsoelang pele e ’meli e hlokoang ho bana, ha e le hantle, e hlokoang ho bohle bao e tla ba balateli ba Jesu Kreste? (b) Kolobetso ea Jesu e ne e le tšoantšetso ea eng?
9 Joale, joalokaha Jesu a ile a itlhahisa Jordane ho etsa thato ea Ntate oa hae, kahoo bohato bo latelang bo hlokahalang ho bohle ba lakatsang ho fetoha balateli ba Jesu Kreste, ho sa tsotellehe tšepo ea bona, ke hore ba itlhahise ho Molimo, hona ho akarelletsa ho ineela ho Jehova Molimo, hoo kamor’a hona ba tlamehang ho latela mehatong ea Mora oa hae, Jesu.a (Luka 9:23) Ho feta moo, e le bohato ba botšelela ba tlameha ho tšoantšetsa boineelo bona ’me ba ipolele pontšeng ea hona ka ho feta tlas’a kolobetso joalokaha ho entse Jesu.—Mattheu 28:19; bapisa Liketso 2:41.
KAROLO EA BOHLOKOA-KAHOHLE EA JEHOVA MOLIMO
10. ’Nete ea hore ho hlokahala ho fetang karolo ea motho ho ‘tsoaloa bocha’ ho ka bonoa ka papiso efe?
10 Ho fumana tsebo ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, ho lumela, ho baka, ho sokoloha, ho ineela le ho kolobetsoa—na mehato ena ka ho itlisang e fella ka hore motho a “tsoaloe bocha”? Le hanyenyane! Hape u ke ke ua ‘tsoaloa bocha’ moeeng ka baka la boiteko boo e leng ba hao joalokaha u ne u ke ke ua tsoaloa ka lekhetlo la pele ka baka la boiteko ba hao. Joalokaha ho tsoaloa nameng ho hloka karolo e mafolo-folo ka lehlakoreng la batsoali ba batho, kahoo tsoalo ena ea moea, ho ‘tsoaloa bocha’ hona ho hloka karolo e mafolo-folo ka lehlakoreng la Motsoali ea halalelang, Jehova Molimo, le phutheho ea hae ea leholimo, kapa “mosali.” (Esaia 54:1, 5) Sohle se ka etsoang ke motho ea nkang mehato e ka holimo ke ho ipea moleng oa ho ‘tsoaloa bocha,’ haeba hoo e le thato ea Molimo.
11. Haeba ke thato ea Molimo, ke bohato bofe boo o bo nkang ho ba phethileng karolo ea bona?
11 Ka lebaka la ho se phethahale hoo motho a ho futsitseng, joale Molimo o nka bohato lebitsong la batho bao o khahloang ke ho ba biletsa ’musong oa leholimo. Ke ka baka leo re balang: “Re beiloe ba lokileng ka tumelo.” Tumelo ho eng? Tumelo sehlabelong sa Kreste, hobane ho boletsoe: “Re beiloe ba lokileng ka mali a hae.” (Ba-Roma 5:1, 9) Hlokomela hore ke Molimo e seng motho ka boeena ea ka bolelang haeba motho a lokile. Hoo ho mo nea sebaka se fapaneng le sa “tse bōpiloeng,” batho ka kakaretso ba tlamehang ho emela “ponahalo ea bana ba Molimo [ba moea]” pele ba ka ‘lokolloa bohlankeng ba tšenyeho ’me ba be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo [ba lefatšeng].’ (Ba-Roma 8:19-22) Bao Molimo o ba bolelang ba lokile kahoo ba na le tokelo ea ho kena bophelong bo phethahetseng ba botho ba bo neoa. Ka baka la sena, Jehova Molimo joale a ka sebetsa ka ho otloloha ho bona ka moea oa hae.—Ba-Roma 8:33.
12. Ho ‘tsoaloa bocha’ ho ile ha tsamaea le phetoho efe tabeng ea Jesu le barutuoa ba pele, ’me ea fela ka lebaka lefe?
12 Bao Molimo o ba bolelang ba lokile joale o ba hlahisa e le bana ba hae ba moea. Joang? Ka moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang a etsang hore o be mafolo-folo lebitsong la bona, ho fella ka hore ba “tsoaloe bocha.” Tabeng ea Jesu hammoho le barutuoa ba hae ba neng ba bokane ka letsatsi la Pentekonta, Molimo oa bontša ho ba hlahisa ha hae e le bana ba moea ka phetheho e phahametseng tlhaho. Leha ho le joalo, hang ha bopaki ba Bokreste ba ’nete bo theiloe ka ho tiileng, ho ne ho se ho sa hlokahale lipontšo tse joalo tse tsoetseng pele, ’me tsena tsa ‘felisoa.’—Mattheu 3:16; Liketso 2:3; 10:44-48; 1 Ba-Korinthe 13:8-10
13. “Metsi” le “moea” li bua ka eng? (Johanne 3:5)
13 Tokisetso ena ea ho tsoaloa bocha moeeng ke sona seo Jesu a neng a bua ka sona ho ’musisi oa Mojode Nikodema, a re: “Kannete-nete, kea u bolella, ha motho a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, a ke ke a kena ’Musong oa Molimo. Se tsoetsoeng ke nama ke nama, se tsoetsoeng ke Moea ke moea. U se ke ua makala ha ke itse ho uena: E ka khona le tsoaloe bocha.” (Johanne 3:1, 5-7, phet. e ncha) Metsi ao ho boleloang ka oona mona ntle ho pelaelo ke metsi ao re a tsebang a kolobetso. Moea oona? Ke moea o halalelang oa Jehova o sebetsang ho motho ka mong.
14. ‘Ho bitsoa’ le ho ‘khethoa’ li entsoe ka eng, ’me ke ka morero ofe Bakreste bana ba tlotsitsoeng le ho rongoa?
14 Mangolo a bua ka ba ‘tsoetsoeng bocha’ e le ba bitsitsoeng pele. Ho bitsoa hona ha bona ke memo ea Molimo ka booona hore ba kopanele le Jesu Kreste. Ba nkang bohato ka pitso baa ‘khethoa.’ (Tšenolo 17:14) Ba fetoha karolo ea “moloko o khethiloeng” o rōmiloeng ho “bolela lithoko” tsa Jehova Molimo. (1 Petrose 2:9) Bakreste bana ba ‘tsoetsoeng bocha’ ba tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo ho bolela joalokaha ho entse Jesu. Kahoo rea bala: “Ea re tiisang le lōna ho Kreste, ea re tlotsitseng, ke Molimo.”—Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-21; 2 Ba-Korinthe 1:21.
15. Moea o pakela hore motho o ‘tsoetsoe bocha’ joang, ’me kholiseho eo e tiisoa ka eng?
15 Ka ‘bakhethoa,’ bana, moapostola Pauluse a tiisa: “Le oona Moea o emelana le moea oa rōna, hore re bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:16) Moea o halalelang oa Molimo o etsa sena joang? Ka ho kenya ka ho Bakreste bana tšepo ea leholimong. “Ka boholo ba mohau oa oona [Molimo] o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste, bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong.” (1 Petrose 1:3, 4) Ha bana ba boloka kamano e ntle le Ntate oa bona oa leholimo, o ba tiisa kholisehong ea hore ruri ke Bakreste ba ‘tsoetsoeng bocha.’
MOTHO A KA TIISA JOANG HORE HO JOALO?
16. Ke ho tloha neng “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a ileng a hatisa ka tšepo ea lefatšeng, ’me hona ho tlisa qetong efe?
16 Ba nkileng karolo ho boleleng litaba tsena tse molemo tsa ’muso mehleng ea kajeno ba kholisehile hore Jehova Molimo o etella pele bahlanka ba hae ba ineetseng ka phutheho ea hae e bonahalang e tsoetsoeng ka moea, “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Ke tlas’a eona moo ho ileng ha hlahisoa tšepo ea leholimo, ea hlakisoa le ho hatisoa ho tla fihlela selemong sa 1935. Eare ha ’leseli le ntse le khanya ho ea pele ho senola ka ho hlakileng ho tsebahala ha “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9, ha qala ho hatisoa ka tšepo ea lefatšeng. (Pesaleme ea 97:11) Ka baka leo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ka nako eo palo e feletseng ea 144 000 e ne e tla be e le haufi le ho phethahala. Koana, batho leha e le bafe ka bomong ba neng ba tla ipaka ba sa tšepahale ho ne ho tla hlokahala hore ba nkeloe sebaka. Empa, ka ho utloahalang, bana ba ne ba tla fokola ka palo. ’Me baa ba ne ba tla nkeloa sebaka ka bafe? Hape ho bonahala ho utloahala ho fihlela qeto ea hore haholo-holo tšepo ena ea leholimo e ne e tla fetisetsoa ho ba bang ba neng ba ile ba mamella ka botšepehi, ba neng ba tšoarelletse boineelong ba bona ka lilemo, ho e-na le hore e fetisetsoe ho ba s’o fumane bopaki ba ineetseng bocha. (Bapisa Luka 22:28-30) Leha ho le joalo, ka litlaleho tse teng ho bonahala eka le Bakreste ba bang ba ineetseng bocha ba ’nile ba inka e le ba ‘tsoetsoeng bocha.’
17. Ke boikutlo ba mofuta ofe bo etsang hore ba bang ka phoso ba nahane hore Molimo o ba neile tšepo ea leholimong?
17 Leha e le bafe bao ha ho bapisoa ba sa tsoa ineela bocha ’me ba kolobetsoa ’me ba inka ba ‘tsoetsoe bocha’ ke hantle ha ba ka khutlisetsoa maikutlo morao ka botebo ka lipotso tse latelang: Ke maikutlo afe ao u nang le oona a hore Jehova Molimo o kentse tšepo ee ka ho uena? Na ho ka etsahala hore ebe boikutlo ba hao ba botho ke bo batlang bo salletse tumelong e fosahetseng eo u neng u e-na le eona pele ea ha u sa le ho Babylona e Moholo hore leholimo ke qetello ea batho bohle ba lokileng? Kapa ekaba hore u ikutloa ka tsela ena ka baka la hore u ile ua tšoenyeha haholo ka hare ho uena, hore ka lekhetlo la pele u ile ua loana le maikutlo ’me a qetella a hlōtse? Empa na a ile a hlōla hobane u ne u batla ha ho le joalo, mohlomong ka ho se ikelelloe? Ho loana joalo ka bohona hase bopaki ba hore u ‘tsoetsoe bocha.’
18. Ke hobane’ng ha ho ananela ka botebo litaba tsa moea ka bohona e ke ke ea e-ba bopaki ba hore motho o ‘tsoetsoe bocha’?
18 Kapa na u ikutloa hore u khethiloe ke Molimo hore u be e mong oa ba 144 000 ba tlotsitsoeng ka baka la kananelo ea hao e matla ea lintho tsa moea, ka baka la ho rata ha hao linnete tse tebileng tsa moea? Joale hlokomela hore ke ba bangata haholo ba sa ipolelang hore ke ba ‘tsoetsoeng bocha’ bao e leng ‘banna ba moea’ ka kutloisiso e feletseng ea lentsoe. (1 Ba-Korinthe 2:14, 15) ’Me ha ho pelaelo ka matla a moea a banna le basali ba tumelo ba thathamisitsoeng ho Ba-Heberu khaolo ea 11. Ha ho lea mong ho bao ea neng a ‘tsoetsoe bocha.’ Kaofela ba ne ba lebelletse ‘tsoho e molemo [bophelong tlas’a ’muso oa Molimo]’ hona mona lefatšeng lena.—Ba-Heberu 11:35.
19. (a) Ke hobane’ng ha cheseho e khōlō e sa hlokahale ho paka hore Molimo o neile motho tšepo ea leholimong? (b) Ke ketsahalo efe eo ho bonahalang e bontša hore ho ba bang ho ipolela hore ba na le tšepo ea leholimo ho ka ’na ha e-ba ka lebaka la ho haelloa ke boitekanelo?
19 Kapa na ebe ekaba u ikutloa ka tsela eo u ikutloang ka eona hobane u bontša cheseho e fetang Bakreste ba heno? Empa hoo ka bohona e ke ke ea e-ba lebaka le etsang qeto, hobane moapostola Pauluse nako le nako o ile a ho fumana ho hlokahala ho eletsa Bakreste ba tlotsitsoeng tabeng ea hore ba nke ka botebo litlameho tsa bona tsa moea. (1 Ba-Korinthe 11:20-22; Ba-Galata 4:9-11) Kapa na ho ipolela ha hao hore u-ua mohlatsoana ke ka baka la ho haelloa ke boitekanelo? Ho na le ba bang ba sa tsoa ipolela hore ke ba batlotsuoa empa bao, ho e-na le ho haha kopano ka phuthehong, ba bileng le boikutlo ba hore ba tlameha ho ba le sehlopha sa bona sa thuto ea Bibele. Ho fapana le moo, Bakreste ba ‘tsoetsoeng bocha’ ba hōlileng tsebong ba lutse haufi le phutheho ea sebaka seo ba leng ho sona le hoja boholo ba eona e entsoe ka “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Leha ho le joalo, ho ‘tsoaloa bocha’ ha motho ke taba ea botho pakeng tsa Molimo le Mokreste ka mong. Ho se be motho ea ahlolang e mong tabeng ena.—Ba-Roma 14:10.
20. Ka baka la seo ho fetiloeng ho sona re fihlela qeto efe ka ho ‘tsoaloa bocha’?
20 Ka sena sohle seo re fetileng ho sona re fihlela qeto ea eng? Hore Jehova Molimo o na le toka o lokile, o bohlale o lerato. O na le tokelo ea ho abela libopuoa tse bohlale tsa hae likarolo tsa bona ka ho latellana—tse ling ho sebeletsa morero oa hae maholimong, tse ling ho etsa joalo mona lefatšeng. Ha ho joalokaha eka moputso oa leholimo ke ntho e ka fumanoang ka boikhethelo ba botho le boiteko, kapa e ka lakatsoang ka boithati. Ke ntho e khethehileng hoo ho seng sebopuoa se motho se ka bapallang ho eona. Ruri ke mosa o sa tšoanelang hore Jehova Molimo o beile ho libopuoa tse seng kae tsa hae, ho ntšetsa pele merero ea hae e bohlale le e lerato, empa e seng ka baka la tlotla leha e le efe e khethehileng ka lehlakoreng la bona. Ho ‘tsoaloa bocha’ ho lekanyelitsoe ho bana. (Ba-Roma 3:23, 24; 11:33-36) Hape, bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise ke sepheo se seholo seo batho ba sekametseng ho lokeng ba se hahamallang. (Tšenolo 21:1, 3, 4) Sohle ke mosa o sa tšoanelang. Ho se be lea mong ea ka bang makōkō hoo a ka reng ho Jehova, “U ’nile ua etsa joang?”—Daniele 4:35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Jesu e ne e se ntse e le setho sa sechaba se ineetseng, ho tla ha hae ho Jehova le ho kolobetsoa e ne e se tšoantšetso ea ho ineela, empa, ho e-na le hoo, ea ho itlhahisa ha hae ho Jehova ho qala mosebetsi o khethehileng oo Molimo o neng o e-na le oona bakeng sa hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Joaloka na ho tsoaloa na ngoana ho hloka tlhokomelo ea batsoali, le ho “tsoaloa bocha” ho hloka tlhokomelo ea Ntate le “mosali” oa hae oa leholimo
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Babylona e Moholo o rutile batho hore bohle ba lokileng ba ea leholimong