Litsela Tse Ncha Tsa ho Tlatsa Matlotlo
LIPUO tsa ho kōpa chelete sefalaneng hase letho le lecha. Empa ho bonahala mehla ea ho theoha ha matla a chelete le ho ba thata ha batho ho ntša lichelete ka lipacheng ho otla likereke ka matla hoo hohle baruti ba batlang litsela tse ncha tsa ho tlatsa matlotlo. Tse ling tse seng kae tsa tse ncha ke tsena.
E imetsoe ke mosebetsi le litšenyehelo tsa ho rōmela liphutheloana tsa ho kōpa tse 1 600 beke le beke, kereke ea K’hatholike ea Dubuque, lowa, joale e lokiselitse mokhoa oo ka oona batho ba pharishe ba ka etsang hore libanka tseo ba bolokang chelete ho tsona li rōmele lichelete ka ho toba kerekeng lebitsong la bona. Bakeng sa ba ikutloang hore mohlomong ba ka ba lihlong ke hore e ke ha baa koleka nakong ea litšebeletso, kereke e lokiselitse likarete tsa “plastic” tse bolelang hore koleke e ntšitsoe ka banka. Joale ba ka akhela tsona ka mokotlaneng oa koleke.
Moruti oa Phoenix, Arizona, o romella lengolo lena le hohelang ho motho e mong le e mong eo a nang le aterese ea hae: “Na Diabolose o khathatsana le uena kapa le e mong oa baratuoa ba hao? Molimo o mpontšitse hore na ke thibele diabolose joang hore a se ke a u khathatsa. Ke lokiselitse pontšo e reng U Se Ke Ua Khathatsa e ngotsoeng Pesaleme ea 91 hore u sebelise eona ho itšireletsa khathatsong ea diabolose. Paka Molimo HONA JOALE ka moneelo oa bonyane $20” Ho nolofatsa lintho, litaelo li re: “Tlatsa thapelo e kenyellelitsoeng mona e reng U Se Ke Ua Khathatsa ’me u e rōmele hona kajeno le pontšo ena. . . . Ke tla e fanyeha monyako oa Serapa sa ka sa Thapelo ea Mohlolo ka matsatsi a 7 le masiu a 7. Joale ke tla e busetsa ho uena e le khopotso ea hore diabolose o hlōtsoe ’me a ke ke a u tšoenya. Se ke ua senya nako . . . ka moneelo oa hao oa $20.”
Kereke e hlomphehang ea Baptiste ea Dallas, Texas, e litlokotsing tsa chelete tse boima. E na le molato oa limillione tse $10,3 tsa mehaho e mene ea eona motseng. “Ho lopolla kereke tsoala ea selemo le selemo eo re e lefang ea $1,4 ea limillione,” moruti a phehella hore litho li thuse ho lefa molato oa sebaka seo ho emisoang makoloi ho sona sa makoloi a 1 100 oa $7,5 ea limillione. Moruti a bolela hore “Sebaka sa ho emisa makoloi se hlokahala haholo, a bua ka moea oa boipiletso boikutlong ba botho le o lopollang.” “Mohaho ona ke tlhohonolofatso ea Molimo. . . . Nkang sebaka sa ho emisa makoloi sa $7 000 ’me le se lefelle. Ba bang ba tla nka se sengata, ba bang se seng sekae. Fana ka eng kapa eng e le hore ke sehlabelo.”
Nairobi, Kenya, litho tsa kereke ea Chache li ile tsa sisimoha ha moruti oa tsona a li bolella hore moneelo oa chelete ea koporo ha o sa amoheleha. A hatella ho ea silevera. Polelong ea hae moruti a tsebisa phutheho hore ho fihletsoe qeto ea hore ha ho Mokreste oa ’nete ea ka fanang ka chelete ea koporo ho Molimo.—Bapisa Luka 21:1-4.
Mano ana a sa tšoaneng a ho bokella chelete ke a fapaneng hakaakang le seo moapostola Pauluse a ileng a se bolella phutheho ea Bakreste ea Korinthe Greece. “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa;” a re, “hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 Ba-Korinthe 9:7.