O ne a Bebofatsa “Liphahlo Tse Boima”
JESU o buile tjena ka bangoli le Bafarisi: “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4) E le bopaki ba hore na hoo e bile ’nete hakaakang, re bala se latelang ho A Dictionary of the Bible, e hlophisitsoeng ke James Hastings:
“Bangoli e ne e se bahlalefi; e ne e le batoloki ba Molao o halalelang. . . . Lefapha le leng le le leng la bophelo le ne le tsamaisoa ka oona. . . . Taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e ne e potiloe ke letoto la melaoana e sa reng letho. Ho ne ho sa lumelloe sebaka sa ho fetola maemo; kutlo e feletseng Molaong ka lintlha tsohle tsa oona e ne e hlokoa ntle ho phephi ho Mojode e mong le e mong. Khopolong ea Molao o Ngotsoeng ho ne ho ekelitsoe ea ‘Halakha’ kapa Molao oa Neano, o neng o fanoe e le letlotlo le halalelang melokong le melokong, ’me qetellong e kenyellelitsoe ho Talmud. . . . Kahoo ho ne ho entsoe boiteko ba ho kenya taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka hopoloang Molaong, ’me e le ka maikutlo a se nang mohau a ho laola boitšoaro bohle ba motho ka molao o thata o ngotsoeng. Lintlha tsa molao tsa atisoa ho fihlela ha bolumeli bo fetoha mosebetsi, ’me bophelo e e-ba phahlo e boima bo ke keng ba mamelloa. Batho ba fetoloa mechine e latelang litaelo ntle ho potso. Ha bupetsoa lentsoe la letsoalo; matla a phelang a lentsoe la Bomolimo a hlapolloa le ho kokobetsoa tlas’a moraha oa melao e sa feleng. Ke kahoo Morena oa rōna a ileng a tsekisa Bafarisi hore ka lineano tsa bona ba entse Molao lefeela.”
Ke ho khothatsang hakaakang ho batho ba ikokobelitseng le ba tiileng hore e be ba ile ba ithuta hore Mora oa Molimo o ne a sa talime borapeli ka tsela eo! Ba tlameha ba be ba fumane mantsoe a hae e le a thabisang hakaakang: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”—Mattheu 11:28-30.