Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/15 leq. 9
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsoalo Kapa Mesebetsi
  • Mopapa ‘O tla Pholosa Lefatše?’
  • Mookameli oa U.S. Ka Harmagedone
  • Armageddone—Seo e Seng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Armageddone—Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Kereke e Tla Etsa se Boletsoeng ke Mopapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/15 leq. 9

Ho Nyarela ka Litabeng

Letsoalo Kapa Mesebetsi

Haufinyane basebetsi ba Maroma K’hatholike ba 500 ba mokhatlo o kopanyang hammoho lihlomo tsa “nuclear” oa Amarillo, Texas, ba ile ba talimana le khang e matla ea letsoalo. Mobishopo Leroy T. Matthiesen a phehella basebetsi bohle ba 2 400 ba mokhatlo hore ba itokolle ka ho ipelaetsa ka qeto ea Amerika ea ho bokella liqhomane tsa “neutron.” Joalokaha ho tlalehiloe ho National Catholic Reporter, modiakone e mong oa kereke ea sebetsang mokhatlong oo o itse: “Ua tseba hore na u ne u tla ba boemong bofe bothong haeba e ne e le uena ea thunyang, empa ha hoa hlaka hantle ha e le uena ea kopanyang likarolo. . . . Haeba kereke e nahana hore mosebetsi oa ka ha o na botho, ke hobane’ng ha ho sa ka ha boleloa letho lilemong tse supileng tse fetileng ha ke kōpa ho ba lenaneong la badiakone?”

Le hoja mohoo ofe kapa ofe o etsoang khahlanong le lihlomo tsa ntoa o babatseha, potso ea modiakone e bontša hore thapeli ea mobishopo oa hae e ne e tsoaloa haholo ke lipolotiki tsa liqhomane tsa “neutron” ho feta ho lōma ha letsoalo la ho etsa lihlomo. Ho e-na le ho tsekelisa letsoalo la motho joalo, Bibele e hlile ea bolela ka ho hlakileng hore ho ka lebelloa eng ho ba lekang kannete ho sebeletsa Molimo “mehleng ea qetello.” Ka moprofeta Esaia, Molimo oa fana ka tlhase ea mehla ea rōna ha “lichaba tse ngata” li ne li ‘tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele (ho e-na le ho bokella lihlomo tsa ntoa)’ ‘sechaba se seng se ke ke sa hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ba ke ke ba hlola ba ithuta ho loana.’—Esaia 2:1-4.

Mopapa ‘O tla Pholosa Lefatše?’

“Kelello ea thōmo ea bomolimo e kentse Mopapa ho feta leha e le neng ka ho teba lipolotiking tsa Poland,” kamoo ho boletseng sehlooho sa haufi tjena sa Newsweek se reng “Likarohano tsa Mopapa.” Sehlooho se hlokomela hore “ha a khutlela Poland ka lekhetlo la pele o boletse hore Moea o Halalelang o rerile hore ‘Mopapa enoa oa Poland ka tlhaho, Mopapa enoa oa Moslav ka nako ena e loketseng haholo a bontše moea oa kopano bakeng sa Europe e ka bochabela.” ’Me haufinyane ha a ne a buisana le baruti ba tsebo ea bolumeli ba Europe, mopapa a fihlela hore “bothata bo re potileng ke hore ruri re pholose Europe le lefatše koluoeng ea ho qetela.”

Tumellanong le sepheo sena, Newsweek e hlokomela hore, mopapa o bile le nako e ngata haholo le batho ba lipolotiki, ho akarelletsa “e ’ngoe ea lipuisano tse telele haholo e kileng ea lumelloa mohlanka oa naha esele”—letona la litaba tsa kantle la Poland. Empa na kannete ketso e likolohang lipolotiking joalo ke ‘’pitso ea Molimo” ho ‘pholosa lefatše koluoeng ea ho qetela’? Na ka sebele e tumellanong le morero oa Molimo oa ho ‘pholosa lefatše’ kamoo re o tsebang? “Mohalaleli” Petrose eo mopapa a bolelang hore o nkile matla a boapostola ho eena, o arabela ka Che. Petrose o bolela hore joalokaha ‘lefatše la pele ho moroallo oa Noe le ile la koaheloa ka metsi, le ile la timela,’ ho joalo le ka, ‘maholimo a joale le lefatše la joale, ka polelo eona eo li boloketsoe’ kahlolo e tukang ea Molimo ea “banyefoli.”—2 Petrose 3:6, 7.

Mookameli oa U.S. Ka Harmagedone

Joalokaha ho tlalehiloe ho New York Times, kamorao ho puisano ea haufi le Mookameli Reagan, Mosenatore oa Alabama Howell Heflin o ile a bolella batho ba likoranta hore: “Re ile ra fapohela Bibeleng hangata. Re ne re bua ka ntlha ea hore Bochabela bo Hare, ho ea ka Bibele, e tla ba sebaka seo Harmagedone e tla qala ho sona. . . . O hlalosa Bibele le Harmagedone e bolela hore Russia e tla ameha ho eona.”

Hoa babatseha hore bahlanka ba phahameng joalo ba sechaba ha ba bebofatse seo Bibele e se buang ka Harmagedone. Leha ho le joalo, na Harmagedone e hlile ke koluoa ea ho qetela ea ntoa pakeng tsa lichaba joalokaha bahlanka baa ho bonahala ba lumela? Ho bua ha Bibele ka Harmagedone ha ho akarelletse feela lehlakore le ka bochabela la lichaba, empa hape le lehlakore le ka Bophirimela ha e bua ka “marena a lefatše le a linaha tsohle” kaofela a bokelloa ka lehlakoreng le le leng la ntoa e khōlō. Ka lehlakoreng le leng ke makhotla a Molimo ka booona, kaha khohlano e bitsoa ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’ Kahoo, ntoa e khōlō e sebakeng se “Bitsoang Harmagedone ka seheberu” ka tšoantšetso e ke ke ea e-ba ntoa ea libetsa tse chefu pakeng tsa lichaba. Ho e-na le hoo, ke ntoa e khethang eo ho eona Molimo o tla sebelisa matla a oona ho hloekisa lefatše bokhopo.—Tšenolo 16:14, 16; bapisa Tšenolo 19:1-19.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela