Ipoloke u le Mokreste ea Tsitsitseng
KE MANG ea s’o bone ha ba bang ba oa kapa a oa ka boeena? Ka baka la ho haelloa ke tsebo le ho se sebelisane ha linama, bana ba banyenyane ba oa habonolo. Batho ba baholo ba ka ikutloa ba fokola haholo ho tsitsa moo ho thellang kapa moo ho theosetsang. Ho oa ho ka ’na ha etsahala ka lebaka la ho sitoa ho itlhokomela hantle kapa ho tella maemo a kotsi. E, motho a ka felloa ke ho tsitsa ha ’mele ’me a oa ka tšohanyetso a bile a sa lebella. Ka ho tšoanang, Bakreste ba ka lahleheloa ke botsitso ba bona ba moea joalo.
Har’a mabaka a ka kenellang ho ema ha motho moeeng ke ho hloka thahasello, boitšoaro bo bobe, le boithabiso bo tlōtseng pakane le ho kenella ka ho sa hlokahaleng mosebetsing oa boipheliso. Na e ’ngoe ea lintho tsee e senya botsitso ba hao ba Bokreste kapa ba lelapa leo u leng ho lona?
Ho Qoba ho Hloka Thahasello
Ho hloka thahasello ho tloaelehile haholo kajeno. Banna ba ka ’na ba iphapanyetsa seo basali ba bona le bana ba se hlokang maikutlong le moeeng. Basali ba ka ’na ba bontša kameho e fokolang ha banna ba retelehela ho bona bakeng sa kutloisiso, ho tšehetsoa le lerato le sebetsang. Bahiri ba hlasetsoe ke basebeletsi ba sa reng letho hakaalo ka ho ba le lipheo tsa ho etsa lintho hamolemo le katleho ea feme le ho e thahasella. Kaha Mokreste o talimane le ho iphapanya ho tletseng hohle tabeng ea boikarabelo le litšoanelo, ho hlokahala hore a ikalose hore a se ke a tšoaetsoa ke moea o joalo oa ho hloka thahasello linthong.
Ho qoba ho ineela ho hlokeng thahasello, ke hantle ha re hopola keletso e latelang e bululetsoeng: “Seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa.” (Ba-Kolosse 3:23, 24) Ha re amehile kannete ka ho khahlisa ’Mōpi oa rōna le Mora oa hae, hona ho tla bonahala ha re etsa mosebetsi o motle hape re sa senye le nako.
Itšireletse Boitšoarong bo Bobe ka Matla
Ho se tsotelle melao ea Bibele ea boitšoaro ho atileng ho ka ’na ha hlahisa kotsi ea sebele tabeng ea hore Mokreste a ipoloke a tsitsitse moeeng. Moapostola Pauluse a eletsa Bakreste bahabo Korinthe hore: “Re se ke ra etsa bootsoa, joale ka ba bang har’a bona [Baiseraele] ba kileng ba ineela jona, ’me ka tsatsi le le leng ha oa ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro.” (1 Ba-Korinthe 10:8) Moapostola o ne a supa ketsahalo ea ha Baiseraele ba emisitse mahoatateng a Moabe pelenyana ba kena Lefatšeng la Pallo. Ka nako eo ba huleloa molekong ka ho amohela limemo tsa ho ithabisa moketeng le basali ba batle ba rapelang litšoantšo. (Numere 25:1-9) Liphello li hatisa ka matla hakaakang kotsi ea ho itsoakanya le batho ba sa hlompheng thato ea Molimo!
Kahoo, ho boloka bohloeki, ka bohlale “re phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.” (2 Timothea 2:22) Ho qoba ha rōna litloaelano tse mpe ho tla akarelletsa ho qoba libuka tse buang feela ka botona le botšehali, libaesekopo le mananeo a thelevishene a ka tsosang litakatso tse mpe. Ho phaella moo, ke hantle ha re sireletsa ka matla likelello tsa rōna ka ho li tlatsa ka mehopolo e hahang e tsoang Lentsoeng la Molimo.—Ba-Filippi 4:8.
Laola Boithabiso
Mora oa Molimo o bontšitse hore “menyaka ea bophelo bona” e ka bupetsa kananelo bakeng sa lintho tsa moea. (Luka 8:14) Ke ka lebaka leo Bakreste ba ’nete ba loanelang hore ba falimehele hore boithabiso e se be ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba bona. Ha boa lokela ho lumelloa ho khathatsana ntle ho mabaka le nako e sebelisetsoang ho bala le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo, ho bolela ‘litaba tse molemo,’ ho nka bohato ka se hlokoang ke ba bang le ho bōkana hammoho le batho ba tumelo e le ’ngoe ea bohlokoa.
Leha li le tumellanong le metheo e lokileng, liketso tsa boithabiso ha li khotsofatse ha li etsoa ka mokhoa o tlōlisang. Menyaka e ipiletsang kutloisisong e tšoana haholo le letsoai lijong. Ha li laoloa ka tekanyo e nepahetseng, ho khelohela nthong e ’ngoe, ho ikhatholla le boithabiso li ka nyakallisa. Empa ka tekanyo e tlōtseng lia kulisa, hobane li sia motho a ikutloa a le feela ka hore ha ho letho le tšoanelehang kannete leo a le finyelletseng.
Ho feta moo, boithabisong ke hantle ha Mokreste a hopola hore taba ea pele le e ka sehloohong ke hore ke mohlanka oa Molimo. Hona ho ka mo thusa ho qoba ho bontša moea oa tlhōlisano le ho nka lipapali ka matla a tlōtseng, mohlomong le ho fihla ntlheng ea ho intša kotsi ka boeena kapa ba bang.—Ba-Galata 5:26.
Ho Tsitsa Mosebetsing oa Boipheliso
Le mosebetsing oa boipheliso ho hlokahala botsitso. Hoa hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba sebetse e le hore ba iphelise hammoho le baratuoa ba bona, “se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.” (2 Ba-Korinthe 8:21) Ka ho sebetsa ka botšepehi, Mokreste a ka tšehetsa boiteko ba hae ba ho thusa ba bang moeeng le nameng. Ha mosebetsi oa boipheliso o mo imela hoo a se nang nako e lekaneng le matla tse sallang ho lokisetsa ba bang mofuthu oa moea, ke hantle ha a lokisa litaba tsa hae ka bohlale.
Ruri ke ho khothatsang ho bona batho ka bomong ba fokotsa mosebetsi oa bona oa boipheliso hore ba be le nako e eketsehileng bakeng sa mesebetsi ea bohlokoa haholo ea moea. Ka mohlala, lelapeng le leng, barali ba babeli ba arolelana mosebetsi oa nako e tletseng oa boipheliso ofising, e mong le e mong a sebetsa matsatsi a mabeli le sekoto sa letsatsi ka beke ho fapana le matsatsi a mahlano. Hona ha ba nolofaletsa hore ka bobeli e mong le e mong a neele lihora tse 100 ka khoeli boitekong ba ho thusa batho ba motseng oa habo bona ka hore ba ba fumantše tsebo ea Bibele.
Joalokaha ho oa ka ’mele ho ka thibeloa, ho lahleheloa ke botsitso moeeng ho ka qojoa ka ho ikaha moeeng ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le botsoalle le balumeli ba bang. Hape, ha re itela ho kopaneleng Bibele le ba bang, re utloa thabo e khōlō e tlang ka ho fana ’me re thusoa ho boloka mahlo a rōna linthong tsa bohlokoa kannete bophelong. (Liketso 20:35) Ka ho tsitsa joalo moeeng, re ka lebella nako e tlang ka kholiseho hobane “Molimo ha o khopo o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.”—Ba-Heberu 6:10.