Sepheo se Setle ha Sea Lekana!
RURI sepheo sa lingaka se ne se le setle. Ha e le hantle, mokuli oa tsona e ne e le moahi ea hlokomelehang ka ho fetisisa oa naha e ncha ea habo tsona. Ka hloko e kholo, lingaka tsa latela mekhoa ea pheko ea mehleng ea tsona—ho ntša mali. Empa ho e-na le ho phekola, tsa hla tsa potlakisa lefu la mokuli oa tsona ea hlokomelehang oa Amerika, George Washington.
Lingaka tsa mehleng eo li ne li rata ho ntša mali joalokaha lingaka tse ngata tsa kajeno li laela litšelo tsa mali, tseo bongata ba tsona bo fellang ka kotsi ho bakuli. Hona hohle ho hatisa hakaakang bonnete ba polelo e reng: ‘Sepheo se setle ha sea lekana!’
Empa ha re ke re tloheleng pale ea lefatše re eeng paleng e halalelang. Tlalehong ea hae ea molaetsa moapostola Mattheu o tlaleha ketsahalo eo ho ka thoeng e hlalosa ntho e tšoanang.
Jesu Kreste o ne a botsitse baapostola ba hae hore na ba nka hore ke mang. Ka sebete Petrose a tla ka polelo e reng: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.” Jesu a babatsa Petrose ka polelo ena. Empa eare ha Kreste a bolella barutuoa ba hae hore o tla utloisoa bohloko ka lintho tse ngata a be a bolaeloe Jerusalema, hona ha tšosa hoo Petrose a ileng a nka Jesu lekunutu, ’me a mo khalemela, a re: “Morena, u ikutloele bohloko: tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Jesu a mo arabela ka mantsoe ana: “Tloha ho ’na, Satane, u khopiso ho ’na, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.” (Mattheu 16:13-23) Ka ho totobetseng, Petrose o ne a haelloa ke tsebo le kutloisiso. Sepheo sa hae se ne se le setle, empa hoo ho ne ho sa lekana.
Kutloisiso le Boitekanelo Lia Hlokahala
Sepheo se setle ha sea lekana. Hape re tlameha ho ba le tsebo, leseli la litaba le kutloisiso. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste bahabo ba Filippi hore: “Seo ke se kōpang, ke hore lerato la lōna le ’ne le eketsehe ka mehla, ka tsebo le ka kelello eohle; le tle le tsebe ho lemoha litaba tse fetisang ka molemo, le ’ne le hloeke, ’me le se ke la khopjoa.”—Ba-Filippi 1:9-11.
E, haeba kannete re tla etsa ba bang hamolemo, haholo baratuoa ba rōna, ha rea lokela ho ba le sepheo se setle feela empa hape ho hlokahala lerato la rōna e be le leka-lekaneng le nang le bohlale le kahlolo e ntle. Hona ke habohlokoa haholo ho bo-ntate le bo-’mè.
Hangata batsoali ba atisa ho lumella lerato le sefofu le mosa e be tsona tse laolang tsela eo ba tšoarang bana ba bona ka eona, ba sa nahane ka ho lekaneng hore na hona ho tla ama bana bana joang. Lerato le sefofu le entse hore batsoali ba bangata ba se ke ba khalemela bana ba bona, ba ba lumelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba hlile ba ba senya. Batsoali ba ka lumella bana ba bona ho ikela ka tsela ea bona kapa ba ba nea bolokolohi boo ho seng bohlale ho ba nea bona. Ke ’nete hore batsoali ba joalo ba nahana hore ba thabisa bana ba bona. Empa hangata hona ho fella ka ho tsielehisa bana ba bona, hape ho ba kenya likhathatsong ha ba ntse ba hōla le ho ba le thato ea bona.
Leha ho le joalo, haeba batsoali ba hlile ba rata bana ba bona, ba tla hlalefela ho lekalekanya lerato leo le tieo, hammoho le khalemelo. Kaha “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana,” ho na le linako tseo ho mo rata ho bolelang ho mo khalemela. “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” (Liproverbia 22:15; 13:24) Le be le bone hore motheo ona o sebetsa ho bara le barali ka ho tšoanang.
Ha e le hantle, na ee hase eona tsela eo Molimo o sebetsanang le bana ba oona ba sa phethahalang ba lefatšeng? “Morena o ee a laee eo a mo ratang, ’me a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.” (Ba-Heberu 12:5, 6) Jehova o re khalemela hobane a tseba hore rea ho hloka, le hore e molemo haholo ho rōna. Koana, khalemelo ka boeona ha e monate. “Taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.”—Ba-Heberu 12:11.
Hore ho ba le sepheo se setle ha hoa lekana ke motheo o sebetsang le kamanong ea banna le basali. Seithuti sa phepo e nepahetseng se kile sa hlokomela hore monna ea nyalang seapehi o kotsing ea bophelo ba hae. Hobane’ng? Hobane maloetse a mangata a bakoa ke ho ja haholo, kapa ho ja lijo tse enneng haholo. Kahoo ho khothalletsa monna ea thabelang lijo hore a ’ne a je ho ka ’na ha etsoa ka sepheo se setle. Empa na ke bohlale?
Tabeng ea banna, sepheo sa bona se setle se ka ba ka sebopeho se fapaneng. Banna ba bang ba tšoenyehile haholo ka mosebetsi oa bona hoo ba salloang ke nako e nyenyane haholo le matla bakeng sa malapa a bona. Kapa monna oa Mokreste a ka chesehela ho thusa ba bang ka phuthehong hoo a hlokomolohang lelapa la hae, a sa le hlokomele joalokaha a hlokomela ba bang ba hlokang. Ho ba le sepheo se setle ha hoa lekana. Monna a leka-lekanye se mo tlammeng ka ba bang le se amang lelapa la hae.
Mehlala ee e hatisa eng? Bohlokoa ba ho leka-lekana. ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo o-oa leka-lekana. Ka linako tsohle liketso tsa hae li lumellana ka ho phethahetseng le litšoaneleho tsa hae tse ’ne tse ka sehloohong tsa bohlale, toka, matla le lerato. Ka mohlala, hona ho bonoa tlhalosong eo Molimo o faneng ka eona ka booona ha mohlanka oa oona Moshe a kōpa ho bona khanya ea Oona. Hoba o mo bolelle hore ha ho ea ka O bonang a ba a phela, Moshe a utloa lentsoe le hlalosang Molimo ka tsela e latelang: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe.” Empa na Jehova o ile a tlohella litaba li felle moo? Che, hobane ba bang ba ne ba ka ’na ba bapala ka mohau le mosa o lerato tsa Jehova. Ka nepo; Moshe a utloa mantsoe ana a leka-lekanyang litaba: “[Molimo] o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.”—Exoda 34:6, 7.
Motheo oona ona o sebetsa liketsong tsohle tsa rōna re le Bakreste. Hore re etse molemo o moholo, re se ke ra ba le sepheo se setle feela, re e-na le lerato le mosa ka mokhoa o se nang boikhabi, empa litšoaneleho tse joalo li tsamaisoe ke bohlale le toka. Hona ke habohlokoa hobane ho ba le sepheo se setle feela ha hoa lekana.