“Ke Rata Kamoo ba Tobang ’Nete”
Ke se ileng sa ngoloa ke ’mali oa Peru, Amerika Boroa ka bahatisi ba makasine ea Molula-Qhooa. A bolela hore o ananela tsela e tobileng eo Molula-Qhooa o buang ka mathata a lelapa, a hlalosa:
“Ke ea ’nete ka sebele. Bonneteng, ke ikutloa hore ho joalo ka lintho tsohle (tse ling e le tse fanang ka tšepo, tse ling li bontša hore tšepo ha e-eo) tse hlalosoang ho eona. Ke feela hore ke ne ke thatafalloa ke ho lumela hore nka bala tsena ho Molula-Qhooa. Ke ne ke fositse. Ke ne ke sa nahane hore Lipaki tsa Jehova li ka ngola ka tsela ena. Empa ke rata kamoo li tobang ’nete, li sebelisa mantsoe a nepahetseng. Ke ’nete kaofela! . . . Ha ke ntse ke bala Molula-Qhooa ka inahana, ‘Ha e le hantle qetellong u fumane e mong ea tšepahalang ka ho lekaneng ho u bolella lintho kamoo li leng kateng, a sa qobe taba.’”
Haeba u batla thuso le khothatso ho talimana le mathata a bophelo kajeno, re ikutloa hore le uena u tla ananela “Molula-Qhooa.” Ka R4,00 feela u ka romelloa tse 24 lapeng ka likhoeli tse latelang tse 12. U ka beeletsa ka puo leha e le efe ea tse thathamisitsoeng leqepheng la bobeli.
Ka kōpo nthomelleng Molula-Qhooa. Bakeng sa litokollo tsa habeli ka khoeli ke kenya R4,00; bakeng sa litokollo tsa hang ka khoeli, R2,25.
[’Mapa o leqepheng la 32]
Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AMERIKA BOROA
PERU