Batsoali ba Chesehang ba Hlahisa Baromuoa
LILEMONG tse fetileng tse fetang likete tse tharo Anna ea se nang ngoana, mosali ea tšepahalang oa Moiseraele, a tšepisa hore mora oa hae oa letsibolo o tla sebeletsa Jehova haeba a ka neoa ngoana. Jehova a arabela lithapelo tsa hae tse tiileng ’me Anna a phethahatsa tšepiso ea hae. Mora oa hae Samuele ea e-ba mohlanka oa nako e tletseng oa Molimo le mongoli oa Bibele.—1 Samuele 1:4-28.
Batsoali ba bangata ba Bakreste mehleng ea joale e bile mehlala ho bana ba bona tšebeletsong ea Jehova ’me ba ba khothallelitse ho ba bahlanka ba nako e tletseng joaloka Samuele, ho e-na le ho lokisetsa tšebetso ea lefatše. Ntlha ena e ile ea hlakisoa ka matla ka la 7 Tlhakubele ho fanoeng ha mangolo ho sehlopha sa bo-72 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Brooklyn, New York. Liithuti tse 42 li ne li rupetsoe ka matla ka likhoeli tse hlano bakeng sa mosebetsi oa boromuoa linaheng lisele. Ke eng se ileng sa hohella ba bangata ho bona tšebeletsong ea nako e tletseng? Banana ba bararo ba motho ba ka arabela potso eo—Brenda, Rhonda le JoDene Rittenbach:
“Re hōletse lelapeng le thabileng la puso ea leholimo moo batsoali ba rōna ba ileng ba re thusa ho rata le ho phelela ’nete. Ba bea mohlala. Ka linako tse sa tšoaneng, kamoo maemo a neng a lumela, ba ne ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusag (lihora tse 60 ka khoeli tšebeletsong ea Bokreste) le rōna, haholo nakong ea phomolo,” kamoo ho hlalosang Brenda.
JoDene a eketsa ka hore, “hape ba ne ba re ruta hore re talime tšebeletso ea bopula-maliboho ka mokhoa o sebetsang, ka ho lula le rōna ’me re hlahloba boikarabelo ba rōna ka lapeng le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ba re thusa ho lokisetsa lintho ka mokhoa oa sebele ho e-na le ho iphoufaletsa mathata.”
Ha bana ba bona ba tšeletseng ba le lilemong joale, boemo ke bofe ka lapeng la Rittenbach? Barali ba bararo haufi ba tla sebeletsa Colombia. Bara ba bararo ba nyetseng (le basali ba bona) le bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Joale ’mè le ntate ba etsa joang? Ba sebeletsa ka nako e tletseng mapolasing a Watchtower a Naheng ea New York!
Ha ho pelaelo ea hore Janice Peterson oa Ontario, Canada, o ile a susumetsoa ke batsoali ba hae ho nkela tšebeletso ea nako e tletseng. “Ntate e ne e le mosebeletsi oa pula-maliboho pele a nyala. Hang hoba a nyale ’me a be le bana, sepheo sa hae e bile ho bula-maliboho le lelapa le ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō. Takatso ea hae ea phethahala ka 1969 ha rōna kaofela, ho akarelletsa ’mè ea holofetseng, re fallela Nicaragua. E bile thabo e kaakang ha ’na le ntate re khona ho sebeletsa hammoho moo re le bo-pula-maliboho ba khethehileng! Joale ’na le monna oa ka haufi re tla be re sebeletsa Amerika Boroa.
Mabakeng a mang bophelo ba liithuti tsena bo ile ba susumetsoa ke batsoali ba batsoali. Ross Miller o ne a e-na le nkhono oa pula maliboho qalehong ea lekholo la lilemo ’me cheseho ea hae e susumelitse meloko e ’meli. Mora oa hae, ntate oa Ross, o kile a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng le Bethele ea Brooklyn ntlo-kholo ea Mokhatlo oa Watchtower. ’Mè oa Ross le eena e kile ea e-ba pulamaliboho. O na le rangoane le rakhali ba sebeletsang tšimong ea Mexico. Ntle ho pelaelo batsoali ba chesehang le seng ba ka susumetsa meloko e latelang.
Ba bang ba bangata sehlopheng sena ba leboha mehlala e metle le khothatso e fumanoeng ho batsoali ba bona, bao bongata ba bona ba neng ba le teng ha ho fanoa ka mangolo.
Bohle ba 2 044 ba bileng teng ba ile ba thabela lenaneo le monate le neng le akarelletsa lipuo tse hahang tsa baholo ba Bethele hammoho le liphihlelo tse ngata tse sa tšoaneng, ’mino le tšoantšiso ea Bibele e neng e etsoa ke liithuti. E mong le e mong a ananela haholo puo e matla ea mookameli oa Watch Tower Society, F. W. Franz ea lilemo li 88, ka taba e reng: “Le Etse ka Senna.” A hatisa hore Bakreste bohle, ba batšehali hammoho le ba batona, ba tlameha ho sebeletsa ka sebete, haholo mehleng ena e kotsi ea pele ho Harmagedone.—1 Ba-Korinthe 16:13; Pesaleme ea 68:11.
Liithuti tse 42 tse tsoang linaheng tse fapaneng tse 5 li abetsoe ho ea sebeletsa linaheng tse 18 mafetšeng a 4. Tšebeletso ea bona ea boromuoa ntle ho pelaelo e tla ba tlatsetso e ntle katolosong ea ’Muso.