Lipontšo Tsa Mehla—Li u Lemosa Eng?
“Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha . . . ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:25, 28.
1. Jesu o arabetse kōpo ea Bajode ka “pontšo e tsoang leholimong” joang?
HO EA qetellong ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba mo phephetsa hore a fane ka “pontšo e tsoang leholimong.” Ha a ba khalemela, Jesu a re: “Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontšo, o mpa o ke ke oa neoa pontšo, ha e se pontšo ea moprofeta Jonase.” Hona ho bontša hore ba ne ba sa lemohe lipontšo tsa mehla, ho seng joalo ba ne ba li hlokomoloha.—Mattheu 16:1, 4.
2. Ke hobane’ng ha lipontšo tsa mehla e le tsa bohlokoa kajeno?
2 Na lipontšo tsa mehla li re lemosa ho hong kajeno? E, ho joalo! ’Me ha re nka bohato ka seo re se lemosoang ke lipontšo tsena, re ka pholosoa tlokotsing e khōlō ho feta e kileng ea etsoa ke boemo bo bobe ka ho fetisisa ba leholimo. A re ke re hlahlobeng lipontšo tsena he.
3. Ke ka tsela efe liketsahalo tsa mehleng ea Bibele li ntseng li re lemosa le hona joale?
3 Se boletsoeng pele ke boprofeta ka Bibeleng e Halalelang se re nea boitsebiso ka lipontšo tsa mehla. Ka mohlala, re bolelloa hore liketsahalo tse etsahetseng bophelong ba batho Iseraeleng ea boholo-holo e ne e se tsa molemo oa pale feela empa hore “li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” (1 Ba-Korinthe 10:11) Kahoo rōna kajeno re hlokomelisoa pele ho nako ka liketsahalo tse tlang. Ka ho lemoha liketsahalo tsa bohlokoa tsa kajeno, re tla khona ho sebetsa ka tsela eo re tla qoba tlokotsi e talimaneng le “moloko o lonya, o mofebi” o lefatšeng hona joale. Kahoo re ke ke ra tšoana le baeta-pele bao ba Bajode ba lekholong la pele bao Jesu a bontšitseng hore ha baa ka ba lemoha lipontšo tsa mehla.—Mattheu 16:4; Liketso 2:40.
4. Jesu o fane ka “pontšo” efe e entsoeng ka lintho tse ngata, hona e ne e akarelletsa eng?
4 Moprofeta e Moholo Jesu Kreste, o fane ka “pontšo e entsoeng ka lintho tse ngata e neng e sa tlo tšoaea feela ho fela ha tsamaiso ea lintho ea Sejode lekholong la pele la lilemo empa le ho fela ha tsamaiso ea lintho ea lefatše lohle kajeno. Ntle ho ho lemosa ka “lintoa le melumo ea lintoa,” a hla a bolela khohlano e khōlō e neng e tla tuka eo ho eona ‘sechaba se seng se neng se tla tsohela sechaba se seng matla ’muso o mong o loantše ’muso o mong.’ Hape, ‘litlala li ne li tla ba teng le litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata.’—Mattheu 24:3-8.
5. Baprofeta ba bohata ba ne ba tla nka “pontšo” ee joang?
5 Jesu a boela a bolela hore ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata, ba tla hlaha ka lebitso la hae ’me ba tla thetsa ba bangata ka ho hlokomoloha bohlokoa ba “pontšo” e neng e tla tšoaea hore o teng matleng a ’Muso. Ba ne ba sa tl’o bona letho ‘pontšong’ e entsoeng ka lintho tse ngata e fanoeng ke Jesu, joalokaha e tlalehiloe ho Mattheu likhaolo 24 le 25, leha e le lipontšong tse ling tse neng li tla tšoaea nako ea rōna ea bohlokoa, tse kang ho silafala ho akaretsang ha tsamaiso le ho senngoa ha lefatše. Empa na ha rea lemoha liketsahalo tse Joalo lekholong lee la bo20 la lilemo?
6. (a) Ho sa tsotellehe ho phahama ha likhathatso ho tloha ka 1914, baetapele ba bolumeli ba phea khang ka hore’ng? (b) Empa maemo a lefatše a fetoha joang?
6 Morusu o moholo oa likhathatso o ileng oa qhoma ka tšohanyetso har’a batho ho tloha ka selemo sa 1914 C.E., ka Ntoa ea I ea Lefatše ea ona le ho tsoela pele ho kenella Ntoa ea II ea Lefatše, ha o-oa khaotsa ho tla fihlela nakong ea hona joale. Ho tjena ho sa tsotellehe ’nete ea hore baeta-pele ba bolumeli ba tšehelitse merero e joaloka Selekane sa Lichaba se shoeleng le Machaba a Kopaneng a hona joale, ’me ba phea khang hore seo re se hlokang hona joale ke batho ba nepahetseng lipolotiking ho tiisa hore ho khutleloa ho Molimo bakeng sa tlhohonolofatso ea oona. Empa hohle re pota-potiloe ke bopaki ba hore bophelo bo pheloang lefatšeng bo ntse bo theoha, le hore maemo a ntse a senyeha ho ea pele, hore tšabo, pelaellano, tlōlo ea molao le pefo ke oona molao oa kajeno lilemong tsena tse qetellang lekholo la bo20 la lilemo.
Se Boleloang ke Baeta-pele ba Lefatše
7. Baeta-pele ba lefatše ba itlhalosa joang?
7 Na hona ho utloahala e le ho hloka tšepo? Bonneteng batho ba lipolotiki ba hlokomela kannete tlokotsi e teng. Ka mohlala, Thomas J. Watson, eo e neng e le moemeli oa Amerika Soviet Union, o sa tsoa bolela tjena ha a botsoa: “Ke lemoha lefatše le le kotsi ho feta neng kapa neng paleng ea lona.” Hape, ho seithuti sa Leswiss sa kahisano le moruo seo ka nako e telele se neng se e-na le tšepo Gunner Myrdal, ho hlaha polelo ena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e-ea sisimosa. . . Re ne re lumela tokisong, thutong. Joale re talimane le lefatše leo ho leng thata ho ba le tšepo ho lona.”
8. (a) Ke eng e tšoenyang e hlokomelehang joale? (b) Ke litaba life tse hlileng tsa boleloa ho Tšenolo khaolo ea 6 tseo e leng karolo ea lipontšo tsa mehla?
8 Na baeta-pele ba tsebisahalang ba lefatše ha ba na mabaka a lekaneng a ho hloka tšepo ho joalo? Ho bokelloa ho tšosang ho hoholo ha lihlomo tsa ntoa ho tsoelang pele hona joale har’a lichaba tsa lefatše ha ho ho tšoanang le hona paleng. Hona ka bohona hoa tšosa. Litšenyehelo tsa tlhōlisano e joalo ea lihlomo li phaella ho phahameng ha theko ho sisimosang ho tšosang moruo oa lichaba le ho phahamisa theko bakeng sa thepa ea mefuta eohle le litšebeletso. Ha e hlalosa ho palama ha banna ba lipere ba Tšenolo ba emelang ntoa, tlala le maloetse, tlaleho ea Bibele ea Tšenolo e hlokomelisa pele ho nako hore theko ea lijo e ne e tla phahama ho isa moo khala ea koro e tla rekoa ka denare, kapa moputso oa letsatsi. Hona ke ’nete hakaakang likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno! Liphetoho tse mpe joalo, tse amang tsela eo re phelang ka eona, kaofela ke karolo ea lipontšo tsa mehla.—Tšenolo 6:3-8.
Se Hlileng sa Boleloa ke Jesu Kreste
9. (a) Ke bohlale bofe bo bonahalang bo felile? (b) Ke boprofeta bofe ba Jesu boo joale bo sebetsang ka matla?
9 Ho bonahala hore bohlale ba batho ba bohlale ba lipolotiki le mesebetsi e meholo bo felile. (Esaia 29:14) Ha ho setsebi le se seng sa puso se nang le pheko e susumetsang ho rarolla mathata a lefatše kapa ona a sechaba se le seng. Ho e-na le hoo, ho tšajoa nako e tlang, joalokaha Jesu a hlile a bolela: “Lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.”—Luka 21:25, 26.
10. (a) Leoatle le “luma” joang? (b) “Tse matla tsa leholimo” li sisinyehile joang?
10 Ka pokello ea lihlomo e potlakileng ho feta kamoo lichaba li ka e laolang, leoatle la sebele ka bolona le tletse thepa ea ntoa ka likepe le likepe tse tsamaeang ka tlase ho metsi tse nkileng lihlomo tsa ntoa tse bolaeang tse ka fielang batho ba limillione ka sebetsa se le seng feela. Ka sebele, leoatle lea “luma” ’me le ferekane. Ho thoe’ng ka leholimo la sebaka se ka holim’a rōna? Bonneteng ba mantsoe a Jesu, ‘tse matla tsa leholimo lia sisinyeha’ ka hore lifofane tsa ntoa, liqhomane le libetsa le tse joalo, li ka haola sepaka-pakeng, tsa haola maoatleng le mafatšeng a maholo ho otla lira.
11. Mecha ea litaba e tiisa joang hore lichaba ‘li tsielehile’?
11 Mecha ea litaba e tiisa ka matla ho phethahala ha boprofeta ba hore lichaba ‘li tsielehile’ ke mathata a tsona. Ka mohlala, hlokomela tlhaloso e latelang e tlalehong e maqephe a 300 e eang ho Machaba a Kopaneng ea moifo o neng o etelletsoe pele ke eo e neng e le mongoli e moholo oa Jeremane Bophirima, Willy Brandt, joalokaha e tlalehiloe ho Toronto Star ea la 31 Motšeanong, 1980: “Bonneteng, [tlaleho] e bolela hore moruo oa lefatše o-oa oa ’me ho tsoela pele ha mekhoa e mecha ea kajeno ho tla isa ho oeng ha puso ea lefatše. . . . Menyako e koaloang habeli, balebeli ba hlometseng le ho tšaba ho koeteloa le ho bolaoa ke meputso e finyelletsoeng bocha hoo e ka bang hohle.” ’Me, kenyelletso eo a e entseng ka boeena tlalehong, Brandt o re: “Kamehla ho nahanoa ka ntoa kutloisisong ea khohlano ea mabotho kapa pheliso. Empa ho ntse ho hlokomeleha haholo hore kotsi e lekanang le eo e ka ’na ea e-ba ho oa ha puso ka baka la tlala e akaretsang, tlokotsi ea moruo, likoluoa tsa kahisano le boferekanyi.”
12. Mantsoe a Jeremia a sebetsa joang kajeno?
12 O kae, he, monahano o tsoetseng pele le tokisetso tse lokelang ho hlaha ho baeta pele ba lipolotiki le ba mesebetsi e meholo linakong tsee tse thata? Joalokaha moprofeta oa Molimo a ile a bontša ka baeta pele ba lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., ho joalo le mehleng ea rōna: “Bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” (Jeremia 8:9) Bo bonyenyane haholo!
13. Ke liphetoho life lefatšeng tse supang maemo a senyehang ho ea pele a tlala, ’me e le phethahatsong ea boprofeta bofe?
13 Ba tlameha ho tseba hore baahi ba ntseng ba eketseha le phepelo ea lijo e ntseng e theoha li bolela TLALA, empa ha re bone bohato bo tšepisang kapa tokisetso e tiileng lefatšeng lohle ho khahlametsa boemo bona bo seng bo tebile. Tlaleho e kaholimo e eang ho Machaba a Kopaneng e tsoela pele e bolela ka keketseho e sisimosang ea baahi ba lefatše—ka ba bang ba fetang millione kamor’a matsatsi a mang le a mang a mahlano, ho hakanngoa hore keketseho e tla ba haufi le batho ba libillione tse peli lilemong tse mashome a mabeli tse tlang. Ho sa le joalo, lijo tse hlokahalang li ntse li haella ho ea pele, le hoja matla a linaha tse lemang lijo-thollo a belaetsa hore na li ka fana ka tse ngata haholo tse hlokahalang haholo hona joale. “Litlala li tla ba teng, . . . ka nqa tse ngata,” kamoo Jesu a hlileng a bolela bakeng sa mehla ena e qetellang tsamaiso ea lefatše lena.—Mattheu 24:7.
14. Jesu o hlile a bolela bobe bo bong ba kajeno ka mantsoe afe?
14 Hape u nahane ka tlōlo ea molao e etsoang ka mabifi e ntseng e phahama lichabeng tsohle tse tsoetseng pele. Jesu o ile a boela a profeta ka ‘ngatafalo ena ea bokhopo.’ (Mattheu 24:12) Na ka ’nete re lumela hore pheko e tla fanoa ke hore moahi e mong le e mong a be le sethunya ’me a rupeloe hore na a se sebelise joang? Ka ho totobetseng ke kamoo baeta-pele ba bangata ba lefatše ba nahanang kateng, ha ba tsitlella ho bokella lihlomo tsa ntoa ka tšepo ea ho fumana khotso. Ho sa le joalo, ho hakanngoa hore batho ba kang rōna ba makholo a limillione baa lapa le ho haelloa ke lijo, ha limillione tse ling e le babolauoa ba “malaria” le bofofu ba linōka—maloetse a neng a ka fokotsoa ka karolo e nyenyane haholo ea lichelete tse senngoang ka lihlomo. Tsena kaofela ke karolo ea lipontšo tsa mehla tse hlileng tsa boleloa ke Jesu.—Luka 21:10, 11.
Nako ea ho ‘Tloseletsa Palehong’
15. Ka boprofeta ba Jesu, ba lemohang ba lokela ho nka bohato neng, hona joang?
15 Moprofeta e Moholo ho bohle oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a supa litšobotsi tse qaqileng hape tsa pontšo e entsoeng ka lintho tse ngata tse lokelang ho eloa hloko ke ba batlang ho pholoha timetso. Ke life? O itse: “Etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang,—ea balang a lemohe! mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng. Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohang ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng.”—Mattheu 24:3, 15, 16, 21.
16. Ke phethahatso efe ea pele eo Mattheu 24:15, 16 e nang le eona?
16 Boprofeta boo bo phethahetse ka lekhetlo la pele ha makhotla a Baroma a futuhela Judea le Jerusalema ka 66 C.E., a boetse a khutla ho etsa tsamaiso ea Sejode lesupi ka 70 C.E. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a na le molaetsa o mobe ho feta eohle bakeng sa rōna bohle ba phelang ka bo-1980. Re tseba joang?
17. Ke hobane’ng ha Mattheu 24:21 e lokela ho ba le phethahatso e phahameng haholo ea kajeno?
17 Ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Ha hoa feta hohle paleng. Ho ’nile ha e-ba le likoluoa tse mpe ho feta moo pele le ho tloha ka nako eo, tse amang mahlomola le lefu ho ba bangata haholo. Empa boprofeta bona bo bua ka mahlomola ao ho seng a lekanang le oona. Ha e le hantle ke a ho qetela, mahlomola a phahametseng ’ohle, hobane mahlomola a joalo ‘a ke ke a etsahala hape.’ Joale “manyala ke eng? Re bolelloa hore re a shebe a “eme nqalong e halalelang.” Na re bona phethahatso ea kajeno?
18. (a) Kajeno, “manyala” ke eng? (b) A eme joang hona joale “nqalong e halalelang”? (c) Qetello ea bolumeli ba Bojakane e tla ba efe? (d) Ho ea ka Tšenolo, tšenyeho ea bolumeli e tla ba khōlō hakae, pele ho qetello efe ea ho qetela?
18 Mehleng ea kajeno “manyala” a hanyetsanang le ’muso oa Molimo le a matla haholo ho feta Roma ea Bohatelli a eme “nqalong e halalelang.” Ke Machaba a Kopaneng, a entsoeng ka lichaba tse 157 hona joale ho akarelletsa le mebuso e matla e nang le lihlomo tse lekaneng tse kotsi tse ka qhomisang lefatše ka makhetlo a mangata-ngata. Mohlahlami enoa oa Selekane sa Lichaba ke “manyala” ho Jehova Molimo le Jesu Kreste le barutuoa ba hae hobane o inka a eme sebakeng sa ’muso oa Molimo matsohong a Morena oa hae ea beiloeng teroneng maholimong Jesu Kreste. (Mattheu 5:35; Mareka 13:14) Empa Bojakane le bona bo ipolela hore bo na le ‘nqalo e halalelang.’ Ke sebaka seo bo sebetsang ho sona seo karolong e khōlō se seng se nkiloe ke litho tsa mekha e nang le maikutlo a boitseko tsa Machaba a Kopaneng. Haufinyane tsamaiso tsa bolumeli ba Bojakane, le boipolelo leha e le bofe boo bo bo etsang hore ke ‘nqalo e halalelang,’ bo tla felisoa ho hang joalokaha ho bile joalo ka tsamaiso ea Sejode eo e seng ea Bokreste ka 70 C.E.a Joalokaha Tšenolo 17:5, 16, 17 e bontša, likarolo tsohle tsa bolumeli ba bohata lefatšeng ka bophara—“Babylona e moholo”—li tla haroloa ka nako e le ’ngoe pele ho ntoa ea Harmagedone, karolo e qetellang ea ‘mahlomola a maholo.’—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21.
19. (a) Ke mosebetsi ofe, o hlileng oa boleloa ke Jesu, oo baruti ba Bojakane ba sitiloeng ho kopanela ho oona, hona hobane’ng? (b) Ke bo-mang ba jereng boikarabelo bona, hona ka phello efe?
19 Jesu a boela a bolela pele ho nako hore, har’a maemo ana a ntseng a senyeha ho ea pele a lefatše, ho tla ntšetsoa pele letšolo le matla la lefatše lohle la ho bolela le tla etsoa ke balateli ba hae ba tšepahalang. Hopola mantsoe a hae: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Ha ho mosebetsi o joalo oa lefatšeng lohle o etsoang ke baruti ba Bojakane, hobane ke metsoalle ea tsamaiso ea lintho ea lefatše lena. (Jakobo 4:4) Taelo ee joale e phethahatsoa ke bo-mang? Na balateli ba tšepahalang ba Jesu ba lefatšeng bao e seng karolo ea lefatše, ha baa tšoareha ho bolela litaba tseo tsa ’Muso pontšeng le ka ntlo le ntlo ka lilemo tse fetang 60 joale, ba itsebahatsa e le lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1931. (Esaia 43:10, 12) Hona na ha baa koahela lefatše ka lingoliloeng tse libillione tse nang le ‘litaba tse molemo’ hore haufinyane ’Muso, kapa puso, eo ho eona ho busang Kreste a le leholimong e tla nkela lipuso tsohle tsa batho tse sa phethahalang le tsa boithati sebaka? Tšebetso ea tsona ha e-ea tlisetsa batho litaba tse molemo feela ka ho totoba tsa se boleloang ke lipontšo tsa mehla empa hape e sebelelitse e le temoso ea bomolimo ea letsatsi la liphetetso tsa Molimo.—Esaia 61:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa July 1, 1972, maqephe 291-307, le May 1, 1976, maqephe 195-198; hape “Thato ea Hao E Etsoe Lefatšeng,” maqephe 277-284.
Na u hopola hore na ke joang litšobotsi tse latelang tsa ‘mehla ea bofelo’ li hlalositsoeng boprofeteng ba Bibele?
□ Lintoa tsa lefatše tse kopetseng lichaba
□ Tlala ea lefatše, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a akaretsang
□ Keketseho ea botlokotsebe, tlōlo ea molao, pherekano
□ Ho hlaha ha baetapele ba bangata ba bohata ba bolumeli
□ Ho tsieleha ho se nang ho kang hona ha lichaba
□ Leoatle le luma ke lihlomo tsa likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi
□ Maholimo a tšoenngoa ke lihlomo tsa ntoa
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba phephetsa Jesu hore a ba bontše pontšo, a etsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joalokaha mabotho a Baroma a ile a tšosa ’nqalo e halalelang’ ea Bajode, le lichaba tse nang le maikutlo a boitseko li tšosa sebaka seo Bojakane bo ipolelang hore bo sebetsa ho sona kajeno. Nako e potlaketse paleho!