Lebaka leo u Lokelang ho ba Teng Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso”
Lenaneo la matsatsi a mane le thabisang la taeo ea Bibele le u emetse Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso” ea Lipaki tsa Jehova. Ka lipontšo tsa bohlokoa, litšoantšiso le lipuo tse laeang ho tla fanoa ka tataiso ea bohlokoa ea Bibele. Hape, u tla amohela ntho e ’ngoe e tla ba le tšusumetso e matla mosebetsing oo Bakreste ba tla beng ba o etsa matsatsing a tlang.
U be teng Labone thapama ka 1:20, ha lenaneo la kopano le qaleha. Hoa hlokahala hore u talimane ka ho toba le potso ea puo ea sehlooho: “U Eme Kae Tsekong ea ’Muso?” Ntle ho pelaelo u tla ananela haholo seo u se amohelang hoo u tla susumeletseha hore u se abelane le ba bang motseng.
Lenaneo la Moqebelo le tletse ka thuto ea bohlokoa bakeng sa ho phela lefatšeng la kajeno la boikhabi le boitšoaro bo bobe. U tla utloa lipuo tse kang “Ho Latela Metheo ea Bibele ho Hlola Moea oa ho Lumella Ntho e ’ngoe le e ’ngoe” le “Hlokomela ’Mino o Nyonyehang.” Ka mekhoa eohle, u se ke ua fosoa ke neelano eo lenaneo la Moqebelo le fellang ka eona—e tla bontša boitsebiso bo tla ba le Iiphello tse sa feleng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng lohle.
Pontšo ea tšoantšiso e aparetsoeng ea Sontaha, “’Moleli ea Sebete oa Molaetsa o sa Rateheng” e tla u susumelletsa hore u tšoane le moprofeta oa Molimo Jeremia. Joale u ke ke ua rata ho fosoa ke puo ea phatlalatsa “’Nete e ka u Lokollang.”