Pakane ea Hao ke Efe Bophelong?
LETSATSI le leng le le leng Kenichi o ne a hopotse ntho e le ’ngoe feela: ‘Ha nka fumana gauda e hokaekae maralleng ana.’ Ka lilemo tse 35 a batla a sa khaotse maralleng a ka thōko ho motse oa habo oa Japane. O ne a ee a re: “Ha ke na nako ea mosali kapa metsoalle.” Ea e-ba pulumo ea mo-ema-osi, a khannoa ke ho batla gauda e thetsang.
Ha a le lilemo li 65 Kenichi a qetella a fumane seo a neng a se batla. Qetellong gauda ea bohlokoa ea e-ba ea hae! O ile a itšoara joang ha a fumane seo e neng e le pakane ea hae bophelong? A busa menahano: “Qalong ke ne ke batla ho rua. Empa hona joale gauda ha e sa re letho hakaalo.”
Mohlomong u utloisisa hore na ke hobane’ng ha Kenichi a ile a ikutloa tjena. Ke ’nete, e ne e le morui. Empa o ile a batla ka lilemo tsa bohlokoa haholo tsa bophelo ba hae—lilemo tse 35 tseo a neng a ke ke a hlola a li bona le khale. Monna enoa ea se nang motsoalle a fumana hore ho finyella pakane ea hae ho ne ho sa tšoanelehe ho hang. Na bophelong ba hao ho na le lipakane tseo u sebelitseng ka thata ho li finyella e le hore feela u fumane hore ha li khotsofatse? Hoba a ithute ka bophelo ba ba bang “ba finyelletseng litoro tsa bona,” Daniel Levinson, seithuti sa kelello o tlaleha hore hangata bana ba qala ho ipotsa, ‘Na ke phetho ho teng? Na ho lokeloa ke sohle seo ke ileng ka itelisa sona?’”
Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u har’a ba boneng lefeela la ho phehella lipakane tsa lintho tse bonahalang ’me, ka lebaka leo, u-ua tsila-tsila ka tsa hao. Ho hloka pakane e hlakileng bophelong ho ka ba kotsi joaloka e se nang molemo. Dr. Bennett Leventhal, ngaka ea bana ea mafu a kelello, o lumela hore mathata a boitšoaro a bana ba bangata ba tsoetseng pele a bakoa ke hore batsoali ba bona ha baa ba nea “lipakane tse ling ntle ho katleho ea lintho tse bonahalang.” Mathōkong a Chicago, moo Dr. Leventhal a sebeletsang teng, ke moo ho ipolaea ho atileng haholo har’a libaka tse ling tsa United States—haholo har’a bacha. Ho latela sehlooho sa mohlophisi koranteng e hlomphehang ea Majeremane Frankfurter Allgemeine (ea la 12 Loetse, 1981), sesosa se seholo sa keketseho e khōlō ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, botlokotsebe ba bana, ho tepella le bonokoane bo se nang kelello har’a bacha “ke kelello e ntseng e phahama ea ho hloka sepheo.” E, ha ba na pakane ea molao bophelong.
Pakane e Tšoanelehang ke Efe?
Pakane ea ba bangata ke hore ba fumane bohobe ba letsatsi le letsatsi. Phuputso e tsoa etsoa har’a bacha ba Amerika ba 1 000 ba tsoang merabeng e sa tšoaneng le boemo ba lichelete e fumane hore “ho fumana mosebetsi oo ke o thabelang” ho thathamisitsoe e le pakane ea bona e khōlō. Empa, mohlomong u se u hlokometse hore hangata pakane e joalo e-ea tsielehisa ebile ha e khotsofatse. Ho ntse ho le joalo, thahasello e matla ea ho fumana lijo, liaparo le ntlo ke sona sepheo sa sebele feela sa ba bangata.
Moruti e moholo ho bohle ba kileng ba tsamaea lefatšeng o ile a supa pakane esele. A re: “Se sebeletseng lijo tse felang, empa le sebeletse lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng.” A phehella hore batho ba phahamise pono ea bona ’me ba finyelle litokisetso tse ka ba tlisetsang bophelo bo sa feleng. Ke batho ba mofuta ofe ba tla neoa moputso o joalo? Ka Jesu, ke bao Molimo ‘o ba tšoaileng.’ (Johanne 6:27) Ho sebeletsa ho amoheloa kapa ho tšoauoa ke Molimo ’me kahoo ho amohela bophelo bo sa feleng thabong, ke pakane eo Jesu a e beileng ka pel’a barutuoa ba hae.—2 Petrose 3:13.
Phapang e Etsoang ke Pakane
Balateli ba Jesu ba fetola mokhoa oo ba neng ba phela ka oona haholo ka baka la hore lipelo tsa bona li ile tsa tsitsa pakaneng ena e bohlokoa kahohle. E mong ho bona, moapostola Pauluse, ka ho totobetseng o ne a tsoetsoe ke batsoali ba ruileng motseng o hlomphehang oa Bochabela bo Hare. O ne a fumane thuto e phahameng ho moruti ea hlomphuoang oa Mojode le moahloli ’me o ne a tsoetse pele haholo tšebetsong e hlokomelehang ho feta thaka tsa hae. Empa kaha o ne a “titimela moo ho lekanntsoeng teng, e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo,” a nka lintho tsena e le “lithole” ’me a neela bophelo ba hae ho etseng lintho tse amoheloang ke Molimo. Joalokaha e ne e le ’nete ka Bakreste ba bang, boineelo ba Pauluse le morero o le mong li ne li totobetse ho ba shebelletseng.—Liketso 22:1-3; Ba-Galata 1:14; Ba-Filippi 3:5-8, 14.
Cheseho e joalo le bonngoe ba morero kajeno li hlokomeloa ho Bakreste ba ’nete. Hoba a hlokomele kopano ea Lipaki tsa Jehova, moqolotsi oa litaba oa koranta ea Canada a tlaleha hore lebaka le leholo la keketseho ea tsona ke “kelello eo ho leng thata ho e lumela ea boitlamo le boineelo e bontšoang ke Lipaki.” Ba bangata ho bona ba fumane thabo ea ’nete ka ho batla pakane ea bophelo ho e-na le ho phehella lintho tse ling.
Ka mohlala, Mark ea lilemo li 19 o ne a finyelletse pakane ea hae ea ho ba e mong oa ba beisang lithuthuthu hantle haholo seterekeng sa California (U.S.A.). Mark o re: “Ho ne ho fihlile moo ke hlōlang lipeisong tse ngata. Ke ne ke tumile, ke na le chelete eohle eo ke e batlang le lerato la ngoanana ofe kapa ofe motseng. Empa hoba ke siee peisong e khōlō ka ipotsa, ‘Na ke phetho? Ke ’na enoa sehlohlolong sa bophelo ba ka empa boikutlo bola bo boholo ba hore ke finyelletse ho hong bo kae?’” Ba bang ba ne ba shebelletse haufi mosebetsi oa hae o tumileng oa ho beisa ’me ba fetola tsela eo a phelang ka eona pakane ea bona. “Ba ne ba leka ho fumana seo ke nang le sona, empa ntho eohle e ne e qabola. Ke ne ke se na letho empa ke moo ba ne ba ho batla!” Kamorao ho nako Mark a ithuta Bibele ka botebo le Lipaki tsa Jehova ’me a bona bohlokoa ba ho batla pakane e tšoanelehang. Hoba e be e mong oa Lipaki, a neela bophelo ba hae ho batla kamohelo ea Molimo le ho thusa ba bang moeeng. Ha a busa mehopolo ka bophelo ba hae ho tloha ka nako eo, Mark ea Lilemo li 27 hona joale, o itse: “Ka fumana metsoalle ea ’nete le thabo ea hore ka ’nete ke thuse ba bang moeeng. Qetellong ka utloa hore bophelo ba ka bo phetha ho hong ha bohlokoa ba ka ho sa feleng ho batho.”
Empa patlo ea pakane e ama bophelo ba Mokreste ho isa kae? Mokreste o hlile o hloka boiteko bo bokae hore a fumane pakane e joalo? Hona ke ka litsela life ho batla pakane e nepahetseng ho khotsofatsang? Motho o tlameha ho sebeletsa lipakane life tse qalang ka nakoana ha a ntse a loanela pakane ea ho qetela ea bophelo bo sa feleng? Ho tla buisanoa ka lipotso tse joalo sehloohong se latelang.