Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 12/1 leq. 32
  • E ka Fetola Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E ka Fetola Bophelo ba Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 12/1 leq. 32

E ka Fetola Bophelo ba Hao

Ho na le buka e hlileng ea fetola bophelo ba bacha ba bangata. Ka letsatsi le leng ngoanana a nka buka ena ha a ea sekolong ho ea e bala ka nako eo a lokolohileng. E mong oa bao a balang le bona a tla ’me a e phamola ho eena, ka ho soma a re: “Ke eng eona ee eo u e balang?” Ka bokhutšoanyane a hlalosa se ka hare ho buka Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. A mo hlokomelisa ka khaolo “Liaparo tsa Hao le Ponahalo—Lia u Hlalosa.” A tšeha eaba o-oa tsamaea, empa buka eona a ea le eona. Bekeng e latelang ba boela ba kopana ka sehlopheng empa ponahalo ea motsoalle e ne e fetohile haholo. Moriri oa hae o molelele o ne o fokolitsoe a beotse le litelu. A ba teng lihlopheng kamehla. Ba bang bao a balang le bona, ha ba hlokomela phetoho ena e totobetseng ho motsoalle oa bona e monyenyane, ba botsa Paki ka buka ena e ikarabellang. Ka baka leo Paki ea tsamaisa libuka tse ling tse hlano ho bona.

Le uena, u ka iphumanela buka ena e susumetsang. Tlatsa u be u rōmele setlankane sena se tlase mona.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192, Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse lisente tse 90.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela