Ho Etsahetse Joang ka Kananelo?
MOSHEMANE ea lilemo li leshome le metso e ’meli o ne a ntse a hlakola lijana, empa a sa rate. Ka tšohanyetso, poleiti e kholo ea thella menoaneng ea hae ’me ea bjaramana fatše. Motsotso oa khutso o ileng oa latela oa bonahala o sa khaotse. Joale ’m’ae a re: “Ua tseba ke’ng, Robert, har’a makhetlo oohle ao u ntlhakoletseng lijana, ke lekhetlo la pele u liha se seng. Ke nahana hore u entse tlaleho ea mofuta o mong.”
Ponahalo ea masoabi ea furalla sefahleho sa moshemane ‘me a bososela ka lerato ho ‘m’ae. Mantsoe a hae a fokolang a kananelo ka nako e tšoanelehang a bolokile khotso ea letsatsi leo bakeng sa hae le mor’a hae. Mantsoe a monna ea bohlale Salomone ke ’nete hakaakang! “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joale ka liapole tsa gauda pitsaneng ea silevera.”—Liproverbia 25:1, 11.
‘Ho Hloka Teboho ka ho Feletseng’
Kannete ho thabisa pelo ho amohela mantsoe a seng makae a pabatso kapa teboho. Empa ho etsahetse’ng ka kananelo? Lefatšeng la lintho tse bonahalang la kajeno lipolelo tsa sebele tsa kananelo lia nyamela! Teboho e nketsoe sebaka ke maikutlo a “’na pele.” Mantsoe a haellang ho ba bangata ke “ke u leboha haholo!” Boemo bona ke phethahatso ea mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: “Empa u tlameha ho hlokomela hore mehleng ea qetello linako li tla be li tletse kotsi. Batho e tla ba baithati ka ho feletseng . . . Ba tla hloka teboho ka ho feletseng.”—2 Timothea 3:1-5, Phillips.
Ka nako e tšoanang, hangata kananelo e nkeloa sebaka ke boeki. Lipolelo tsa kananelo li etsoa ho tsoa pelong ntle le monahano oa ho ikhapela molemo. Leha ho le joalo, boeki, boo ka tloaelo bo sa tšepahaleng ’me ebile bo rorisa ho feta tekanyo, bo hlaha boikutlong bo feteletseng ba ho iketeletsa pele kapa ho fumana melemo e itseng ea botho. (Juda 16) Ke mang ea ratang ho amohela boeki bo sa tšepahaleng? Empa kananelo ea ’nete—che, eona e fapane!
Mongoli Mark Twain ka khetlo le leng a re: “Nka phela ka likhoeli tse peli holim’a litakaletso tse mofuthu tse ntle.” Boholo ba rōna re ikutloa hamolemo ha e mong ka botšepehi a re lakaletsa botle ka mofuthu. Haele hantle, ho babatsa kapa ho amohela mantsoe a kananelo ea ’nete ho ka re susumeletsa ho ’na re etsa ho molemohali ’me hape le ho babatsa kapa ho leboha ba bang ha re e-na le monyetla oa ho etsa joalo.
Teboho e joalo e tlohang botebong ba pelo ke tšoaneleho ea bomolimo e totobetseng lipolelong tse ngata ka Bibeleng. Ka mohlala, lipesaleme tse ngata li na le lipolelo tsa teboho. Ho etsa mohlala: Mopesaleme Davida a rapela hore e ke a ka lula ka tlung ea Jehova Molimo ea borapeli bophelo bohle ba hae ’me a lekolisise tempele ea ‘Molimo ka kananelo.’ (Pesaleme ea 27:4) Asafe, mopesaleme e mong, o boletse: “Rea u roka, Molimo, rea u roka.” (Pesaleme ea 75:1) Ka hona hoa lokela hore e be rea etsisa tabeng ena ea ho bontša kananelo.
Empa, re ka bontša kananelo ho ba bang joang? ’Me ho thoe’ng ka ho bontša teboho ho Ea entseng lintho tsohle?