Tataiso e Thusang Bacha
Buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona e abuoe ka bongata bo fihlang ho tse limillione tse leshome le metso e robeli ka lilemo tse fetileng tse tšeletseng. Hobane’ng? Litlhaloso tsa e mong oa babali ba eona li fana ka leseli. O ngolile:
“Ho totobetse ho rōna ba bangata hore bacha ba na le meleko e mengata le liqeto tse boima tseo ba talimaneng le tsona. Hangata le batsoali ba ferekane haholo ka karolo ea bona ’me ba haelloa ke taba e ka ba tataisang. Ke sa tsoa bala buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho bona, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, e nang le keletso e ngata e molemo bakeng sa batho ba litumelo tsohle. . . . Ha ke ‘phatlalatse’ bolumeli boo ka ho feletseng, empa ha ba e-na le ho hong ho hotle hoo ba fanang ka hona, ke lumela hore ke bohlale ho iphumantša molemo ka hona.”
U ka fumana buka ena e thusang ea tataiso, Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona, ka ho tlatsa le ho rōmela setlankane sena se tlase.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192, Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse lisente tse 90.