Lipale Tse Tsoelang Pele—Kamoo li ka U Amang
MOSALI e mong oa Mokreste o tlalehile hore: “Ha ke qala ho shebella lipale tse tsoelang pele (soap operas) tsa thelevishene, ka phakisa ka haptjoa ke bophelo ba batšoantšisi. Ka fetoha karolo ea malapa a bona. Kamorao ho nako pelo ea ka ea holehana le batšoantšisi ka tsela e tšoanang le ea litho tsa phutheho ea Bokreste.”
Ho tloaelehile hore ba shebellang ba amehe joalo ka lipale tse tsoelang pele. Ke ka lebaka lena makasine ea Time e ileng ea li bitsa “boithabiso bo matla ka ho fetisisa thelevisheneng kapa tsela e ’ngoe,” ’me ea eketsa, “ha ho baesekopo kapa papali e laelang batho halelele hakana; ha ho pontšo e ’ngoe ea TV e hapang ba bangata hakana ka mehla.” Ho na le lipale tse ’nè tse tsoelang pele tse nkileng lilemo tse fetang 25 ho la United States!
Lipale tsena tse tsoelang pele li ngoletsoe hore li ame pelo ea hao. William Bell, e mong oa ba ngolang lipale tsena o hlalosa hore: “Ke batla lintho tse amang bophelo ba batho. Ke utloa bohloko haeba lipale tsa ka li sa etsa hore batho ba lle hararo ka beke.” Basali le banna ba lilemo tse sa tšoaneng, merabe le semelo ke seoelo ba fosoang ke pale. Hona ho akarelletsa batho feela hammoho le barui ba phahameng, har’a bona moahloli e moholo oa Lekhotla le Phahameng la United States le eo e kileng ea e-ba ’musisi. Brazil telenovelas (lipale tse tsoelang pele tsa thelevishene) ke tšusumetso e laolang ka lihora tsa mantsiboea. United States ke batho ba limillione tse 30 ho isa ho ba limillione tse 70 ba ka ’nang ba shebella lipale tsena.
Ke lintlha life tseo u lokelang ho li nahanela mabapi le mananeo ana haeba pelo ea hao e neetsoe Jehova Molimo? Na lipale tse joalo e mpa e le feela boithabiso bo seng kotsi, mokhoa oa ho ikhatholla le oa ho itebatsa litsietsi tsa letsatsi? Hopola, Bibele e phehella hore: “Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.” (Liproverbia 4:23) Kaha pelo e mano ebile e susumetsoa habonolo, Mokreste o lokela ho alosa ka linako tsohle hore na e fepuoa ka eng. (Jeremia 17:9; Liproverbia 28:26) Empa ke eng e hlileng e etsang hore lipale li ipiletse hakaale?
Moshebelli e mong ea lilemo li 32 o ile a lumela hore: “U sebeletsa ho tloaelana le motšoantšisi pontšong hobane u mo bona hoo e ka bang tsatsi le leng le le leng. Ha ke ithuta eena haholoanyane ke batla le ho mo tseba haholoanyane. E ne e le ntho e itlelang feela ka tlhaho.” Lipontšo li sebelisa takatso ena ea tlhaho. Elaine Carrington ea neng a ngola lipale nakong e fetileng, o boletse hore hang ha batšoantšisi ba “kene ka botebo lipelong tsa bamameli” bashebelli “ba se ba lumellana le bona ho ea ka hore na ba ikutloa joang ka bona.”
Batšoantšisi ba fetoha ba sebele ho uena ’me u ba utloela bohloko. Bashebelli ba bang ba be ba “bue le ‘screen’” ka boiteko ba ho eletsa batšoantšisi bao ba ba ratang! Ho joalokaha ngaka e ’ngoe e ile ea re, ruri batšoantšisi ba fetoha “letoto la metsoalle!” Na tšobotsi ee e thetsang maikutlo ke kotsi e bolotsana? Liphuputso le lietsahala li bontšitse eng?