Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 11/15 leq. 29
  • Tumelo ea hae e ne e sa Sisinyehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo ea hae e ne e sa Sisinyehe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 Kōpa Thuso
    Tsoha!—2012
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
  • “Ke Bolokile Tumelo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bacha ba Nang le “Matla a Fetang a Tloaelehileng”
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 11/15 leq. 29

Tumelo ea hae e ne e sa Sisinyehe

Ka lilemo tse peli Renata ea lilemo li 14 oa Brazil o ne a tšoenngoa ke kankere ea masapo ka lengoleng le letšehali la hae. Ho khaoloa leoto le thuso ea ho chesa ka mahlaseli li mpile tsa liehisa lefu la hae feela. Letsoalo la Renata la Bokreste le ne le mo hanela ho amohela tšelo ea mali, ho sa tsotellehe ho phehella ha ngaka hore a ho amohele. Pele a kena sepetlele ka lekhetlo la ho qetela, ngaka ea tsamaea le mooki ho ea lapeng habo Renata ho ea mo bona.

Renata a re: “Ke utloisisa ho khutlela sepetlele haeba Dr.—— a ntšepisa hore a ke ke a hlola a bua ka ho tšeloa mali hape. Ke khathetse ke ho hanyetsana le hoo.

Ngaka ea lumela ea ba ea phaella ka hore, le hoja mohlomong Renata a phela metsotso ea ho qetela, tumelo ea hae e ne e sa sisinyehe.

Ka likhoeli tsa ho qetela tse robeli Renata o ne a sitoa ho robala ka baka la bohloko bo otlang pelong. Eare ha ho fihla nako ea kopano ea Lipaki tsa Jehova, a bokolla ’me a re: “Hoja e be nka bua le bohle, ke ne ke tla re, ‘Le sebelise maoto a lona haholo kamoo le ka khonang. Mohlomong hosesane le tla sitoa ho tsamaea le ho sebeletsa Jehova. Le se ke la fosoa ke likopano tsa lona!’”

Renata o ne a rapela nako le nako. Ka letsatsi le leng ’mè oa hae a mo utloa a rapela: “Jehova, kea tseba hore nke ke ka hlola ke ikutloa hamolemo hape. Lingaka li ke ke tsa mphekola, empa Uena u ka ho etsa. Empa kea tseba hore nako ea hoo ha e-s’o fihle; ke feela Taolong e Ncha. Empa kea u kopa u thibele borurusi bona; ho seng joalo, ’mè o tla sitoa ho nkisa ka bateng.”

Haeba batho ba bang, ho akarelletsa ’mè oa hae ba ne ba lla moo a leng teng, Renata o ne a ba khothatsa hore ba be matla tumelong. ’Mè oa hae o-oa ngola: “Empa ke hopola hore ka letsatsi le leng hoba a khaoloe leoto, mooki a re ho Renata. ‘Ke hobane’ng ha u ne u tletse bophelo hakaale tafoleng eo ho bueloang ho eona? Ho hotle hore u tla fumana leoto la maiketsetso, na ha ho joalo?’ Renata a arabela, ‘Che, ke lebelletse la nama le mali, leo Jehova Molimo a tla ’nea lona Taolong e Ncha.’”

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 29]

Ha e le sepetlele, Renata a re: “Le se ke ua fosoa ke likopano tsa lona!”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela