Ho Tsoma Letlotlo le Lakatsehang Haholo la Alaska
ALASKA ke setereke se seholo ho tsohle tsa United States, empa baahi ba sona ba fokola haholo ka palo. Lebitso la eona le bolela “naha e sabaletseng.” Lebitso ka bolona feela le tsosa thahasello. Ke naha ea meeka. Boholo ba eona ke 1 517 733 km2 ’me e na le litšobotsi tse ngata tsa boithuto ba lefatše.
Karolong e ka leboea ho eona ke moo ho melang limela mona le mane e le lihlahla, menokotšoai, moriri oa mekhoabo le moriri oa matlapa. Ho na le lithaba tse telele tseo ka bongata li nyibokollang seretse se chesang le sebaka se leqhoa sa 51 800 km2. ’Me ho qetella ka kou e telele e nang le meru e meholo e neloang ke pula. Setereke kaofela se na le matša a 3 000 000. Ho lula teng meloko e meraro—Maeskimo, Maindia le Makhooa.
Naha ena e sabaletseng ke mohloli oa sebele oa leruo. Pele, bahoebi ba pele ba ne ba batla boea ba bohlokoa ba libere. Eaba batho ba tla ba batla letlotlo la gauda, tlhapi le lepolanka. Morao tjena ho tsongoa oli.
Empa ho sa na le letlotlo le leng le tsongoang Alaska. Ka Bibeleng letlotlo lena le hlalosoa e le “tse lakatsehang tsa lichaba.” (Haggai 2:7) “Tse lakatsehang” tsena ke batho ba bokelleloang borapeling ba ’nete ba Molimo. Ho tsoma kapa ho batla letlotlo lena ho etsoa ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
Qaleho ea ho Tsoma
Hoo e ka bang ka 1910, Captain Beams, setsomi sa marua-rua, a tlisa molaetsa oa ’muso oa Molimo ka lekhetlo la pele Alaska. A buisana le batho bao a teanang le bona ’me a tsamaisa libuka tsa Bibele tse hatisoang ke Watchtower Society.
Ka bo-1920 le bo-1930, moahi e mong oa Seattle, Washington, Frank Day, a nka maeto a ’maloa a boromuoa ho ea metseng le metsaneng ea Alaska. O ne a phela ka ho rekisa ligalase tsa mahlo. Le hoja Day a ne a kentse leoto la maiketsetso, a tsamaea Alaska kaofela, a hloma lipeo tsa ’nete ea Bibele ’me a sia le libuka tse buang ka Bibele. Ha eteloa libaka ho tloha Ketchikan ho ea Nome, sebaka se arohaneng ka 2 044 km ka leeto la moeeng.
Ho ea qetellong ea bo-1930, Karl Liebau a tlisetsa ba phelang pakeng tsa Anchorage, motse o moholo oa Alaska, le motse oa kou ea likepe oa Seward molaetsa oa ’Muso. Motse oa Anchorage o ile oa theoa ka 1915 ho boloka thepa ha ho etsoa Seporo sa Alaska se tlohang Hloahloeng ea Alaska Seward, lik’hilomithara tse 785 ho elella ka leboea se fihla motseng o bohareng oa Fairbanks. Liebau a tsamaea lik’hilomithara tse 290 ho tloha Anchorage ho ea Seward le ho khutla, a bua ka Lentsoe la Molimo le batho ba phelang matlong a basebeletsi ba seporo ba arohaneng ka lik’hilomithara tse 42.
Ka boiteko bo boima ba baena ba joalo, ha raloa motheo bakeng sa liithuti tse neng li tla tla tsa sekolo sa boromuoa sa Gileade. Ka 1944 baromuoa ba robeli, baena ba masooa ba tšeletseng le banyalani ba babeli, ba fihla Alaska ho qala mosebetsi Anchorage, Juneau le Ketchikan.
Kamorao ho nako ba saballa le libaka tse ling tse nang le baahi ho elella hare ho naha, mabopong a leoatle le lihlekehleke tse ling tse haufi le leoatle. Ruri ba fetile har’a mathata, ka linako tse ling ba tsamaea ka terene, empa hangata ka likepe, chelete ea ho tsamaea ba e fumana ka ho laolla le ho laela likepe. Hape ba ne ba tsamaea ka liketsoana tseo ba neng ba li reka kapa ba li kalima, hangata ba thulana le likotsi leoatleng.
Ba robala kae kapa kae moo ba ka fumanang tšireletso. Ba ne ba sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe oa nakoana hore ba tsebe ho lefella maeto a bona tšimong ena e nammeng. Ruri ba hapa tlhompho ea batho ba neng ba sa tloaela ho bona baruti ba bolumeli ba sebetsa ka thata joalo. Kannete baromuoa bana ba nako e tletseng ba entse ho hongata ho atolosa boboleli ba ‘litaba tse molemo’ Alaska, kahoo ba thusa ho thea liphutheho tse ngata seterekeng seo.
Ho Bolela ho sa Tsotellehe Boemo bo Bobe ba Leholimo
Hase feela hore sebopeho sa Alaska se hlahisa maemo a thata a ho sebetsa, empa boemo ba leholimo le bona boa fetella. Mosali e mong oa lelapa, ea phetseng karolong e ka boroa bo ka bochabela ea Alaska ho tloha ka 1948, o hlalosa mariha a hae a pele Juneau tjena: “Ke ile ka utloa hore hoa bata, lehloa le khetheha haholo. Boholo ba nako moea o bitsoang ‘Taku,’ o ne o foka. Ho bonahala o fokela hohle. Ke hopola ha ke bona o ntša lifenstere ’me ka lekhetlo le leng o ketola mosali-moholo e mong seterateng. Ka lekhetlo le leng oa fefola mohaho o mong moo ho kenngoang lijo ka makoti-koting oa o lahlela ka har’a kotopo ea Gastineau. Oa ba oa tšoasa sefofane se senyenyane oa se tsekollela ka hare ho kotopo e ka pel’a ntlo ea rōna.”
Fairbanks, ho elella hare ho naha, mohatsela le mofuthu li ka ba pakeng tsa 38°C le ho feta lehlabula ho ea ho –57°C har’a maruru a mariha. Banyalani ba leshome ba Bakreste ba tsoang karolong e ka tlase ea United States ba ile ba fallela hona tikolohong ena ho ea thusa ka mosebetsi oa boboleli. Ka nako eo, ka 1959, ho ne ho e-na le Liholo tsa ’Muso tse peli feela Alaska. E ’ngoe e ne e le Anchorage ’me e ’ngoe e le mohaho o ka thōko oa sesole o monyenyane, Fairbanks. E mong oa Lipaki tseo tse sa tsoa fihla, ea neng a sebeletsa e le molebeli ea okamelang, o ne a tseba mehaho. A etella pele ho hlophisa mohaho oa Holo ea ’Muso e ncha Fairbanks, e ka nkang batho ba lutseng ba 200. Mohaho ona oa neeloa ka Loetse 1961, libeke tse robong hoba o qaloe, ’me ho tla fihlela kajeno o phetha se hlokoang ke liphutheho tse peli.
Molebeli enoa o bile le karolo ea ho haha kapa ho nchafatsa bonyane Liholo tsa ’Muso tse 11 le mehaho e meng ea puso ea Molimo Alaska eohle. Kajeno, tšimong ea Alaska, ho na le Liholo tsa ’Muso tse tsoetseng pele tse 14. Hape, ho na le mohaho o lokiselitsoeng basebeletsi ba bang ba nako e tletseng le ofisi ea lekala e laolang liphutheho le mosebetsi oa ho bolela Alaska.
Ho Hlōla Mathata a ho ba Mong
U ne u tla etsa joang haeba u arohane le phutheho ea batho ba Jehova ka lilemo tse 14? Ho bile joalo ka mosali oa Mokreste le ’mè ea ileng a tsamaea le monna oa hae ho ea sebakeng seo ho tsamaisoang lifate tse remiloeng ho sona ka 1954. Se ne se le ka boroa ho sehlekehleke sa Admiralty Lekhalong le bitsoang Inside. Ka lilemo tsena tsohle Paki ena e tšepahalang le barali ba eona ba bararo ba banyenyane ba ne ba tšoara liboka tsohle tsa Bokreste tse tloaelehileng liphuthehong. Ba tsoela pele “ho tsoma” ka ho abelana ‘litaba tse molemo’ ka mangolo le ka ho pakela baeti ba tlang ka seoelo moo lehaeng la bona le “phaphamalang” holim’a metsi. Batho ba bangata ba phelang metseng e thoko ea Alaska ba fumana mangolo a bahlanka bana ba ineetseng ba Molimo, ’me ba bangata ba ananela ho amohela mangolo, letlotlo la Lentsoe la Molimo ba le fetola la bona.
Kajeno ’mè o phela motseng o ka boroa haholo oa Alaska oa Ketchikan ’me o thabetse tšebeletso ea ho bolela ka nako e tletseng ka lilemo tse fetileng tse 12. Barali ba bararo ba tsoela pele tseleng e tšepahalang ea ’mè oa bona. E mong o nyetsoe ke moholo oa Anchorage ’me e monyenyane o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele Jeremane.
Ho Bolela Hole-hole ka Leboea
Li ikemiselitse ho isa mosebetsi oa boboleli motsaneng o mong le o mong o thoko tšimong ea tsona, liphutheho tse tharo tsa Fairbanks karolong ea Tšiea e ka Leboea tsa lokisetsa ho sebelisa lifofane tse ’nè tsa Lipaki. Ka lilemo tse peli liphutheho tsena tsa etsa moneelo oa $14 000 ho koala litšenyehelo tsa lifofane tsena ha li haola libakeng tsena tse sabaletseng tsa lithaba tsa Alaska. Leeto le leng le le leng le ne le nka banna ba ka bang 14 boitekong ba ho koahela sebaka se seng le seng, ba akaretsa 844 340 km2. Ho ile ha eteloa metse e fetang 200 ka likhoeli tse khutšoanyane tsa lehlabula ka lilemo tse peli.
Lebopong le ka bophirima, baahi ba Maeskimo ba amohela Lipaki boholo ba nako, ba chesehela ho utloa molaetsa oa ’Muso. Motsaneng oa Shaktoolik, maqhekoana a mabeli, la monna le la mosali a Maeskimo, ha a utloa ka tšepiso ea Bibele ea “tsamaiso e ncha,” a ithapella ka meokho, “Rapelang Jehova le mo kōpe hore le rōna a mpe a re lumelle ho kena tsamaisong eo e ncha hle.”
Liphello tsa ho Tsoma
Na u ka bala litsomi tse ’nileng tsa tlala-tlala le Alaska li batla gauda, kapa oa bala hore na likharafu li phethotse mobu hakae, kapa ua metha metsi a sebelisitsoeng ho sefa majoe a nang le gauda? Che, motho a ka noha feela boiteko bo entsoeng ho fumana letlotlo le bonahalang le mpileng la tholoa ke ba ’maloa feela. Ka ho tšoanang, bahoeletsi ba ‘litaba tse molemo’ ba ‘tsomme’ haholo hore ba fumane “tse lakatsehang tsa lichaba.” ’Me katleho ‘e bile teng,’ ka linako tse ling libakeng tseo ho neng ho sa lebelloa ebile e le ka boiteko bo bonyenyane haholo. Hlokomela phihlelo e latelang:
“‘Na le monna oa ka re ne re e-na le morafo hole ka 645 km ka boroa ho Thaba ea Susitna. Mathoasong a ’Mesa ra etela ngoan’eso oa ngoanana le monna oa hae Wisconsin. Kaha re ile ra ema ka lihora tse peli Anchorage, ra ea bona ngoane’so e mong oa ngoanana ea phelang moo. Ha re le moo, ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba fihla monyako ka seo ba itseng ke ‘mosebetsi oa boboleli oa Bokreste.’ Ke ne ke qala ho utloa Lipaki tsa Jehova eaba ke mamela seo li se buang. Re ile ra bua ka metsotso e fokolang haholo, empa ka rata seo ke se utloileng eaba ke nka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le buka ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng. E ne e le buka e ntle haholo eo nkileng ka e bala! Monna oa ka o e balile ’me le eena o ikutloa joaloka ’na ka eona.” Ba kolobetsoa ka Mphalane 1980.
Ho batloa ha ba lakatsehang mahlong a Molimo Alaska e bile mosebetsi o putsang. 1940 Yearbook of Jehovah’s Witnesses ha e bontše hore ho ne ho e-na le lipaki tsa Jehova Alaska. Ka 1970 ho ne ho e-na le ba 814 ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela. Ka lilemo tse fetileng tse 11 palo ea ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela ea eketseha ka 57 lekholong e fihla ho 1 290. Ka ’Mesa 1981 ho bile le ba 3 282 Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ka sebele, mona litebello li molemo bakeng sa ho bokella joaloka libakeng tse ling tse ngata tsa lefatše.